Selelekela sa Karolo ea 7
Karolong ena re tla bua ka histori ea Morena Saule le Morena Davida, e qetileng lilemo tse ka bang 80. Qalong, Saule o ne a ikokobelitse ebile a mamela Jehova empa ha nako e ntse e ea, a fetoha eaba ha a sa mamela Jehova. Eaba Jehova o re Samuele a tlotse Davida hore e be morena e mocha oa Iseraele. Saule o ne a le mona, kahoo a leka ka makhetlo ho bolaea Davida empa Davida ha aa ka a iphetetsa. Mora oa Saule ea bitsoang Jonathane o ne a rata Davida hobane a tseba hore Davida o khethiloe ke Jehova. Davida o ile a etsa libe tse tebileng empa ha aa ka a koata ha Jehova a mo khalemela. Haeba u motsoali, thusa ngoana hore a bone bohlokoa ba ho mamela Jehova.
KAROLONG ENA
THUTO EA 39
Morena oa Pele oa Iseraele
Molimo o ne a khethile baahloli hore ba etelle Baiseraele pele empa Baiseraele bona ba re ba batla morena. Samuele o tlotsa Saule hore e be morena oa pele empa hamorao Jehova o lahla Saule. Hobane’ng?
THUTO EA 40
Davida le Goliathe
Jehova o khetha Davida hore e be eena morena ea hlahlamang Saule, ’me Davida oa bontša hore na ke hobane’ng ha a khethuoe.
THUTO EA 41
Davida le Saule
Ke hobane’ng ha e mong oa banna baa a hloile e mong, hona ea hloiloeng o ikutloa joang?
THUTO EA 42
Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala
Mora oa morena e ne e le motsoalle oa hlooho ea khomo le Davida.

