Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 136

Jesu o Lebopong la Leoatle la Galilea

Jesu o Lebopong la Leoatle la Galilea

JOHANNE 21:​1-25

  • JESU O LEBOPONG LA LEOATLE LA GALILEA

  • PETROSE LE BA BANG BA LOKELA HO FEPA LINKU

Bosiung ba ho qetela boo Jesu a bo qetileng a e-na le baapostola ba hae, o ile a re ho bona: “Ka mor’a hore ke tsosoe, ke tla le etella pele ho kena Galilea.” (Matheu 26:​32; 28:​7, 10) Kahoo, balateli ba hae ba bangata ba ea Galilea, empa ba lokela ho etsa’ng ha ba le moo?

Ha ba le moo, Petrose o re ho baapostola ba tšeletseng: “Ke il’o tšoasa litlhapi.” Kaofela ba mo araba ka ho re: “Le rona re ea le uena.” (Johanne 21:3) Leha ho le joalo, ba qeta bosiu bohle ba sa tšoase letho. Ha mafube a hlaha, Jesu o hlaha lebopong empa ha ba elelloe hore ke eena. Jesu oa ba hoeletsa o re: “Bana ba banyenyane, na ha le na letho le jeoang?” Ba mo araba ka ho re: “Che!” Joale Jesu o re ho bona: “Lahlelang letlooa ka lehlakoreng le letona la sekepe ’me le tla li fumana.” (Johanne 21:​5, 6) Ba tšoasa litlhapi tse ngata hoo ba sitoang ho hulela letlooa ka sekepeng.

Johanne o joetsa Petrose o re: “Ke Morena!” (Johanne 21:7) Kaha Petrose o ne a hlobotse seaparo sa hae sa ka holimo ha ba ntse ba tšoasa litlhapi, o itlama ka sona ka potlako. O ikakhela ka leoatleng ’me o sesa bolelele ba limithara tse ka bang 90 ho ea lebopong. Ba bang ba setseng sekepeng ba tla butle ba ntse ba hula letlooa le tletseng litlhapi.

Ha ba fihla lebopong, ba bona “mashala a patsi ’me litlhapi li le holim’a oona le bohobe.” Jesu o re ho bona: “Tlisang tse ling tsa litlhapi tseo le sa tsoa li tšoasa hona joale.” Kahoo Petrose o hulela letlooa lebopong ’me le tšetse litlhapi tse kholo tse 153! Jesu o re ho bona: “Tloong, le je lijo tsa lona tsa hoseng.” Ha ho le ea mong oa bona ea ikutloang a le sebete ho lekana hore a mo botse a re, “U mang?” hobane baa elelloa hore ke Jesu. (Johanne 21:​10-12) Lena ke lekhetlo la boraro Jesu a hlaha ka pel’a barutuoa ba hae e le sehlopha.

Joale Jesu o fa e mong le e mong oa bona bohobe le tlhapi hore ba je. Joale, mohlomong a shebile litlhapi tseo ba li tšoasitseng, oa botsa o re: “Simone mora oa Johanne, na u nthata ho feta tsee?” Na Petrose o rata khoebo ea ho tšoasa litlhapi ho feta mosebetsi oo Jesu a batlang hore a o etse? Petrose o araba ka ho re: “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.” Kahoo o re ho eena: “Fepa likonyana tsa ka.”​—Johanne 21:15.

Jesu o mo botsa hape o re: “Simone mora oa Johanne, na ua nthata?” Mohlomong Petrose o makaletse potso ena, kahoo o re: “E, Morena, ua tseba hore kea u rata.” Jesu o mo fa karabo e tšoanang o re: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.”​—Johanne 21:16.

Ka lekhetlo la boraro, Jesu oa botsa o re: “Simone mora oa Johanne, na ua nthata?” E ka ’na eaba joale Petrose oa ipotsa hore na ebe Jesu o belaella botšepehi ba hae. Kahoo oa mo tiisetsa o re: “Morena, u tseba lintho tsohle, ua hlokomela hore kea u rata.” Jesu o boetse o mo joetsa seo a lokelang ho se etsa o re: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.” (Johanne 21:​17) Bohle ba etellang pele ba lokela ho sebeletsa bohle ba huletsoeng lesakeng la Molimo la linku.

Jesu o ile a tlangoa ’me a bolaoa hobane a ne a etsa mosebetsi oo Molimo a mo fileng oona. Joale o bolella Petrose hore o tla etsahalloa ke ntho e tšoanang. O re: “Ha u ne u le monyenyane, u ne u itlama ’me u tsamaea hohle moo u batlang teng. Empa ha u tsofala u tla otlolla matsoho ’me motho e mong o tla u tlama a u ise moo u sa lakatseng.” Leha ho le joalo, Jesu o khothalletsa Petrose o re: “Tsoela pele u ntatela.”​—Johanne 21:​18, 19.

Joale, Petrose o botsa ka moapostola Johanne o re: “Morena, monna enoa o tla etsa’ng?” O batla ho tseba hore na ho tla etsahala’ng ka moapostola enoa eo Jesu a mo ratang ka ho khethehileng. Jesu o mo araba ka ho re: “Haeba ke thato ea ka hore a sale ho fihlela ke tla, hoo ho u ama ka eng?” (Johanne 21:​21-23) Petrose o lokela ho latela Jesu ’me a se ke a tšoenyeha ka hore na ba bang ba etsa’ng. Leha ho le joalo, seo Jesu a se buang se bontša hore Johanne o tla phela nako e telele ho feta baapostola ba bang bohle ’me o tla bona pono ea ha Jesu a tla ka matla a ’Muso.

Ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Jesu a li entseng, ’me li ke ke tsa fella esita le ka har’a meqolo e mengata.