Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 135

Batho ba Bangata ba Bona Jesu a se a Phela

Batho ba Bangata ba Bona Jesu a se a Phela

LUKA 24:​13-49 JOHANNE 20:​19-29

  • JESU OA HLAHA TSELENG E EANG EMMAUSE

  • O HLALOSETSA BARUTUOA BA HAE MANGOLO KA HO PHETA-PHETA

  • THOMASE O KHAOTSA HO BELAELA

Ke Sontaha sa la 16 Nisane, ’me barutuoa ba oele moea. Ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha lebitla la Jesu le sa tšela. (Matheu 28:​9, 10; Luka 24:​11) Hamorao, Cleopase le morutuoa e mong ba nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 11 ho tloha Jerusalema ba ea Emmause.

Ha ba le tseleng, ba buisana ka se etsahetseng. Joale motho eo ba sa mo tsebeng oa hlaha ’me o kenella puisanong ea bona. Oa ba botsa o re: “Litaba tsee tseo le phehisanang ka tsona ha le ntse le tsamaea ke life?” Cleopase o re ho eena: “Na u lula u le mojaki u le mong Jerusalema ’me kahoo ha u tsebe lintho tse etsahetseng teng matsatsing aa?” Monna eo oa ba botsa o re: “Lintho life?”​—Luka 24:​17-19.

Ba re ho eena: “Lintho tse malebana le Jesu Monazaretha. . . . Re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele.”​—Luka 24:​19-21.

Cleopase le mphato’a hae ba mo phetela lintho tse etsahetseng letsatsing lona leo. Baa mo bolella hore basali ba bang ba neng ba ile lebitleng la Jesu ba fumane le sa tšela le hore basali bana ba bone mangeloi ’me a itse Jesu o tsositsoe bafung. Ba boetse baa mo bolella hore ba bang ba ile ba ea lebitleng ’me ba fumana hore ha le na letho “feela joalokaha basali bao ba ne ba boletse.”​—Luka 24:24.

Ho hlakile hore barutuoa bana ba babeli ba eme lihlooho ka lebaka la sena se etsahetseng. Kahoo monna enoa o ba soaea mohlahare e le ho lokisa menahano ea bona e fosahetseng e ba sitisang ho lumela hore Jesu o tsositsoe. O re ho bona: “Lona ba se nang kelello le ba lipelo li liehang ho lumela linthong tsohle tseo baprofeta ba ileng ba li bua! Na ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a utloisoe bohloko ke lintho tsee le hore a kene khanyeng ea hae?” (Luka 24:​25, 26) Joale o ba hlalosetsa Mangolo a mangata a buang ka Kreste.

Qetellong, banna bana ba bararo ba fihla haufi le Emmause. Barutuoa bana ba babeli ba batla hore monna enoa a ba hlalosetse ho ea pele, kahoo ba re ho eena: “Lula le rona, hobane e se e tla ba shoalane ’me letsatsi le se le sekame.” Oa lumela ’me ba teka tafole. Ha monna enoa oa moeti a etsa thapelo, a qhetsola bohobe ’me a ba fa bona, baa elelloa hore na ha e le hantle ke mang, empa joale oa nyamela. (Luka 24:​29-31) Sena sea ba kholisa hore kannete Jesu oa phela!

Banna bana ba buisana ba thabile ka se qetang ho ba etsahalla, ba re: “Na lipelo tsa rona li ne li sa chese ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?” (Luka 24:​32) Joale ba khutlela Jerusalema ka potlako ’me ba fumana baapostola ba e-na le batho ba bang. Le pele Cleopase le mphato’a hae ba ka pheta pale ea bona, barutuoa ba bang ba re: “Kannete Morena o tsositsoe ’me o bonahetse ho Simone!” (Luka 24:​34) Joale banna bana ba babeli le bona ba ba phetela kamoo ba boneng Jesu kateng.

Ha ba re mahlo tloha, ba bona ntho e ba makatsang. Jesu o na le bona ka tlung! Ha ba kholoe seo ba se bonang kaha ba inotleletse ka tlung hobane ba tšaba Bajuda. Ntho e ba makatsang ke hore na Jesu o kene le hokae. O bua ka bonolo o re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso.” Leha ho le joalo, ba tšohile ’me le lekhetlong lena ba nahana hore ba bona lipono.​—Luka 24:​36, 37; Matheu 14:​25-27.

Jesu o ba bontša matsoho le maoto a hae e le hore ba ka kholoa hore ha ba bone lipono empa ba bona eena hantle a le ’meleng oa nama. O re: “Ke hobane’ng ha le khathatsehile, ’me ke hobane’ng ha lipelaelo li hlaha ka lipelong tsa lona? Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke ’na. Nkameng ’me le bone, hobane moea ha o na nama le masapo feela joalokaha le bona hore ’na ke na le tsona.” (Luka 24:​36-39) Ba nyakaletse ebile ba hloletsoe empa ba ntse ba batla ba sa kholiseha.

E le ho ba kholisa ka ho feletseng hore ehlile ha ba lore kapa hona ho bona lipono, oa ba botsa o re: “Na le na le ho jeoang moo?” Ba mo fa bohobe le tlhapi e besitsoeng ’me oa li ja. Joale o re ho bona: “Ana ke mantsoe a ka ao ke ileng ka le bolella ’ona ha ke sa ntse ke e-na le lona [pele ke shoa], hore lintho tsohle tse ngotsoeng Molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng mabapi le ’na li tla phethahala.”​—Luka 24:​41-44.

Joalokaha Jesu a ile a thusa Cleopase le mphato’a hae hore ba utloisise Mangolo, o etsa se tšoanang ho bohle ba bokaneng mona, o re: “Ka tsela ena ho ngoliloe hore Kreste o ne a tla utloa bohloko le ho tsoha har’a bafu ka letsatsi la boraro, ’me ka lebitso la hae pako bakeng sa tšoarelo ea libe e ne e tla boleloa lichabeng tsohle ho qala Jerusalema. Le tla ba lipaki tsa lintho tsena.”​—Luka 24:​46-48.

Thomase ha a eo mona ha tsena tsohle li etsahala. Matsatsing a latelang, ba bang ba mo bolella ba thabile ba re: “Re bone Morena!” Thomase o ba araba ka ho re: “Ntle le hore ke bone masoba a lipekere matsohong a hae ’me ke kenye monoana masobeng a lipekere le ho kenya letsoho lehlakoreng la hae, ka sebele nke ke ka lumela.”​—Johanne 20:25.

Matsatsi a robeli hamorao, baapostola ba boetse ba bokane ka tlung e notletsoeng ’me Thomase o na le bona. Jesu o hlaha har’a bona a le ’meleng oa nama ’me oa ba lumelisa o re: “E se eka le ka ba le khotso.” Ka mor’a moo o re ho Thomase: “Kenya monoana oa hao mona, u bone matsoho a ka, ’me u nke letsoho la hao u le kenye lehlakoreng la ka, ’me u khaotse ho se lumele empa u lumele.” Thomase oa khotsa o re: “Morena oa ka le Molimo oa ka!” (Johanne 20:​26-28) Joale o kholisehile hore Jesu oa phela ’me ke lengeloi le matla leo e leng moemeli oa Jehova Molimo.

Jesu o re ho eena: “Na u lumetse kahobane u mpone? Ho thaba ba sa boneng ’me leha ho le joalo ba lumela.”​—Johanne 20:​29.