KAROLO EA 6
Qetellong ea Tšebeletso ea Jesu
“Morena oa hao o tla ho uena.”—Matheu 21:5
KAROLONG ENA
KHAOLO EA 101
Jesu o Lijong Bethani ha Simone
Maria, khaitseli ea Lazaro, o etsa ho hong ho tsosang khang e kholo, empa Jesu oa mo buella.
KHAOLO EA 102
Morena o Kena Jerusalema a Palame Petsana ea Esele
O phethahatsa boprofeta bo nang le lilemo tse makholo a mahlano.
KHAOLO EA 103
Tempele e Hloekisoa Hape
Ho bonahala eka bahoebi ba Jerusalema ba hoeba ka tsela e nepahetseng, empa ke hobane’ng ha Jesu a re ke masholu?
KHAOLO EA 104
Bajuda ba Utloa Lentsoe la Molimo, Empa na ba Tla Bontša Tumelo?
Na ho na le phapang pakeng tsa ho lumela ho Jesu le ho bontša tumelo?
KHAOLO EA 105
Sefate sa Feiga se re Ruta ka Tumelo
Jesu o ruta barutuoa ba hae ka matla a tumelo ’me o hlalosa le lebaka leo ka lona Molimo a qheletseng ka thoko sechaba sa Iseraele.
KHAOLO EA 106
Lipapiso Tse Peli Tsa Masimo a Morara
Batlisisa hore na lipapiso tsa monna ea kopang bara ba hae ho il’o sebetsa tšimong ea hae ea morara le ea monna ea hirisetsang balemi ba khopo tšimo ea hae ea morara li bolela’ng.
KHAOLO EA 107
Morena o Bitsetsa ba Menngoeng Moketeng oa Lenyalo
Ha e le hantle papiso ea Jesu ke boprofeta.
KHAOLO EA 108
Jesu o Nyopisa Matsapa a Hore ba mo Tšoase
Jesu o koala melomo ea Bafarisi, Basaduse hammoho le bahanyetsi ba hae ba ikentseng khokanyan’a phiri.
KHAOLO EA 109
Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae
Ke hobane’ng ha Jesu a sa amohele lithuto tsa baeta-pele ba bolumeli?
KHAOLO EA 110
Letsatsi la ho Qetela la Jesu Tempeleng
Jesu o sebelisa mohlala oa mohlolohali ea futsanehileng ho ruta thuto ea bohlokoa.
KHAOLO EA 111
Baapostola ba Kopa Pontšo
Boprofeta ba hae bo ile ba phethahala mehleng ea baapostola. Na bo tla boela bo phethahale hape hamorao ka tsela e kholoanyane?
KHAOLO EA 112
Papiso ea Baroetsana ba Leshome
Na Jesu o ile a ruta hore halofo ea barutuoa ba hae ke maoatla ha halofo e ’ngoe e le masene?
KHAOLO EA 113
Papiso ea Litalenta
Papiso ea Jesu e hlalosa polelo ea hae e reng: “E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng.”
KHAOLO EA 114
Ha Kreste e le Morena, o Tla Ahlola Linku le Lipoli
Jesu o sebelisa papiso e tsotehang ho bontša hore na batho ba tl’o ahloloa joang nakong e tlang.
KHAOLO EA 115
Paseka ea ho Qetela ea Jesu e Atametse
Ke hobane’ng ha e le ntho e ikhethang hore ebe baeta-pele ba bolumeli ba lumellana ka ho patala Judase likotoana tsa silevera tse 30 e le hore a eke Jesu?
KHAOLO EA 116
Jesu o Hlatsoa Maoto a Baapostola ba Hae
Jesu o makatsa baapostola ba hae ka ho etsa mosebetsi oa makhoba.
KHAOLO EA 117
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
Jesu o theha sehopotso seo balateli ba hae ba lokelang ho se keteka selemo le selemo ka la 14 Nisane.
KHAOLO EA 118
Khang ea Hore na ke Mang ea Moholo
Baapostola ba se ba lebetse thuto eo Jesu a ba rutileng eona pejana mantsiboeeng ao.
KHAOLO EA 119
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Jesu o ruta thuto ea bohlokoa ea kamoo re ka atamelang ho Molimo ka eona.
KHAOLO EA 120
Barutuoa ba Lokela ho Beha Litholoana ’me e be Metsoalle ea Jesu
Ke ka tsela efe barutuoa ba Jesu ba ‘behang litholoana’?
KHAOLO EA 121
“Le be Sebete! Ke Hlotse Lefatše”
Ke joang ho ka thoeng Jesu o hlotse lefatše empa lefatše le mo bolaile?
KHAOLO EA 122
Thapelo ea Jesu e Phethelang ka Kamoreng e ka Holimo
Jesu oa hlakisa hore o finyeletse ntho ea bohlokoa ho feta ho pholosa batho.
KHAOLO EA 123
Jesu oa Rapela Nakong eo a Saretsoeng ka ho Tebileng
Ke hobane’ng ha Jesu a rapela a re: “Senoelo sena se ke se mphete”? Na o baleha boikarabelo ba hae ba ho rekolla batho ka ho ba shoela?
KHAOLO EA 124
Kreste oa Ekoa ’me oa Tšoaroa
Judase o khona ho fumana Jesu le hoja e le har’a mpa ea bosiu.
KHAOLO EA 126
Petrose o Latola Jesu
Ho tla joang hore monna ea nang le tumelo le boikemisetso bo matla joaloka Petrose a furalle Jesu kapele hakaale?
KHAOLO EA 127
Ka Mor’a Nyeoe Sanhedrine, ba Isa Jesu ho Pilato
Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba senola morero oa bona oa ’nete.
KHAOLO EA 128
Pilato le Heroda ba Fumana Jesu a se Molato
Ke hobane’ng ha Pilato a romela Jesu ho Heroda bakeng sa kahlolo? Na ekaba Pilato ha a na matla a ho ahlola Jesu?
KHAOLO EA 129
Pilato o re: “Bonang! Monna!”
Esita le Pilato o elelloa makhabane a tsotehang ao Jesu a a bonahatsang.
KHAOLO EA 130
Ho Nehelanoa ka Jesu Hore a Il’o Bolaoa
Ke hobane’ng ha Jesu a bolella basali ba saretsoeng hore ba llele bana ba bona ho e-na le ho mo llela?
KHAOLO EA 131
Jesu o Khokhotheloa Palong
Jesu o tšepisa senokoane se khokhothetsoeng pel’a hae ntho e kholo.
KHAOLO EA 132
“Ka Sebele Motho Enoa e ne e le Mor’a Molimo”
Ho fifala ha letsatsi ka mohlolo, ho reketla ha lefatše ka matla, le ho taboha ha lesela la tempele ho paka ntho e le ’ngoe.
KHAOLO EA 133
Jesu oa Patoa
Ke hobane’ng ha ho e-na le lehlana-hlana le lekaale la ho pata Jesu pele letsatsi le likela?
KHAOLO EA 134
Jesu oa Phela!
Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o iponahatsa pele ho morutuoa oa hae oa mosali ho e-na le ho qala ka baapostola ba hae.
KHAOLO EA 135
Batho ba Bangata ba Bona Jesu a se a Phela
Jesu o kholisa barutuoa ba hae joang hore o tsositsoe bafung?
KHAOLO EA 136
Jesu o Lebopong la Leoatle la Galilea
Ka makhetlo a mararo, Jesu o hopotsa Petrose hore na o lokela ho etsa’ng ho bontša hore oa mo rata.
KHAOLO EA 137
Batho ba Makholo ba Bona Jesu Pele ho Pentekonta
Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, pele a nyolohela leholimong, o hatisa ka makhetlo-khetlo hore na barutuoa ba hae ba tla fuoa eng le hore na ba lokela ho e sebelisa joang.
KHAOLO EA 138
Kreste o ka Letsohong le Letona la Molimo
Jesu o ne a tla etsa’ng ha a ntse a letetse nako eo a tla nka khato khahlanong le lira tsa hae?
KHAOLO EA 139
Jesu o Tlisa Paradeise ’me o Qetela Mosebetsi oa Hae
Jesu o sa ntse a e-na le ho hongata hoo a lokelang ho ho etsa pele a nehelana ka ’Muso ho Molimo oa hae e leng Ntate oa hae.

