Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 59

Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

Ha Nebukadnezare a hapa likhosana tsa Juda ’me a li isa Babylona, o ile a re masole a hae a khethe har’a tsona bashanyana ba shahlileng le ba phetseng hantle ka ho fetisisa. Ba ne ba tla qeta lilemo tse tharo ba ntse ba koetlisoa. Ka mor’a moo, e ne e tla ba liofisiri tse kholo Babylona. Nebukadnezare o ile a khetha molaoli oa lekhotla ea bitsoang Ashpenaze hore e be eena ea ikarabellang. Bashanyana bao ba ne ba lokela ho ithuta ho bala, ho ngola le ho bua Seakkade, e leng puo e neng e buuoa Babylona. Ba ne ba lokela ho ja lijo tseo morena le matona a hae ba li jang. Bashanyana bao ba bane e ne e le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria. Ashpenaze o ile a ba reha mabitso a Sebabylona, e leng Beltsatsare, Shadrake, Meshake le Abednego. Na see se ne se tla etsa hore ba khaotse ho sebeletsa Jehova?

Bashanyana bana ba bane ba ne ba ikemiselitse ho mamela Jehova. Ba ne ba tseba hore ha baa lokela ho ja lijo tsa morena kaha Molao oa Jehova o ne o re ha lia hloeka. Kahoo, ba re ho Ashpenaze: ‘Re kopa u se ke oa re fa lijo tsa morena.’ Ashpenaze a re ho bona: ‘Haeba le sa li je ’me morena a ka bona eka lea kula, o tla mpolaea!’

Eaba Daniele o loha leqheka. A re ho eena: ‘Re kopa u re fe meroho le metsi feela ka matsatsi a leshome. Ka mor’a moo, u re bapise le bashanyana ba bang ba jang lijo tsa morena.’ Ashpenaze a lumela.

Ka mor’a matsatsi a leshome, Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba shebahala ba phetse hantle ho feta bashanyana ba bang bohle. Jehova o ile a thaba hore ebe ba mametse Molao oa hae. Kahoo, a fa Daniele bohlale ba ho utloisisa lipono le litoro.

Ha Ashpenaze a qeta ho ba koetlisa, bashanyana bao ba ile ba isoa ho Nebukadnezare. Morena o ile a bua le bona ’me a bona hore Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba bohlale ebile ba seli ho feta bashanyana ba bang bohle. Kahoo, a ba khetha hore ba sebeletse lekhotleng la hae la borena. Morena o ne a atisa ho batla maikutlo a bona litabeng tsa bohlokoa. Jehova a etsa hore ba be bohlale ho feta banna bohle ba morena le maselamose.

Le hoja Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria ba ne ba le naheng ea balichaba, ha baa ka ba lebala hore ke batho ba Jehova. Na le uena u tla lula u hopola Jehova le haeba batsoali ba hao ba le sieo?

“Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase. Ho fapana le hoo, ho ba tšepahalang u be mohlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.”—1 Timothea 4:12