BACHA BAA BOTSA
Nka Etsa’ng Haeba ke Tlotse Molao oa Lapeng?
Hoo e ka bang malapa kaofela a na le melao, e kang hore na u lokela ho fihla hae ka nako efe, u lokela ho sebelisa sesebelisoa sa elektronike nako e kae le hore na u lokela ho tšoara ba bang joang.
U ka etsa’ng haeba u tlotse molao oa lapeng? U ke ke oa khona ho fetola seo u se entseng, empa u ka etsa hore lintho li se ke tsa mpefala. Sehlooho sena se ka u thusa hore u bone hore na u ka etsa seo joang.
Seo u sa lokelang ho se etsa
Haeba batsoali ba hao ba sa tsebe hore u tlotse molao, u ka ’na oa batla ho pata taba eo.
Haeba ba tseba hore u tlotse molao, u ka ’na oa batla ho ikemela kapa u behe motho e mong molato.
Ho etsa joalo ha ho a nepahala. Hobane’ng? Hobane ho pata lintho tseo u li entseng kapa ho ikemela ho bontša hore ha oa hola. Sena se tla bontša batsoali ba hao hore u sa le hole le moo ho uoang.
“Ho bua leshano ha se tharollo. Ha nako e ntse e ea, ’nete e tla hlahella, ’me khalemelo e tla ba matla ho feta ha u ne u buile ’nete ho tloha qalong.”—Diana.
Seo u ka se etsang
Lumela hore u entse phoso. Bibele e re: “Motho ea patang liphoso tsa hae a ke ke a atleha.” (Liproverbia 28:13) Batsoali ba hao baa tseba hore ha oa phethahala. Empa ba batla hore u tšepahale.
“Ho tla ba bonolo hore batsoali ba hao ba u tšoarele ha u bua ’nete. Batsoali ba hao ba tla u tšepa ha u bua ’nete.”—Olivia.
Kopa tšoarelo. Bibele e re: “Kaofela ha lona le ikokobetse.” (1 Petrose 5:5) U lokela hore u be le boikokobetso e le hore u kope tšoarelo ’me u se ke oa ikemela.
“Ha batho ba tloaetse ho ikemela, ha ba sa ikutloa ba le molato ha ba entse phoso. Ha nako e ntse e ea, ha ba na ho ikoahlaea ho hang ha ba entse ntho e mpe.”—Heather.
Amohela li-tla-morao. Bibele e re: “Mamelang taeo.” (Liproverbia 8:33) U se ke oa tletleba empa u amohele taeo eo batsoali ba hao ba u fang eona.
“Ho tletleba ho mpefatsa lintho le ho feta. Amohela lithibelo tseo u li behetsoeng, ’me u se ke oa nahana ka seo u seng u sa khone ho se etsa.”—Jason.
Sebeletsa hore u tšeptjoe hape. Bibele e re: “Lahla botho ba khale bo lumellanang le tsela eo le neng le itšoara ka eona pele.” (Baefese 4:22) Tsoela pele ho etsa lintho tse ntle e le hore batsoali ba hao ba ka u tšepa hape.
“Ha u tsoela pele ho etsa liqeto tse bohlale ’me u bontša batsoali ba hao hore u ke ke oa pheta phoso e tšoanang, ba tla u tšepa hape.”—Karen.
KELETSO: Etsa sohle seo u ka se khonang ho bontša hore oa tšepahala. Ka mohlala, ha u tsamaile, joetsa batsoali ba hao ha u le tseleng e khutlang le haeba u sa tl’o lieha ho fihla. Le haeba u sa bue, ba tla bona hore u batla ba u tšepe hape.