BACHA BAA BOTSA

Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 3: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 3: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

“Haeba u lumela hore lintho li bōpiloe, batho ba ka ’na ba nahana hore u sethoto, ba nahana hore u ntse u tšoareletse likhopolong tsa bongoana tseo u ileng ua li rutoa ke batsoali ba hao kapa hore u thetsitsoe ke bolumeli ba hao.”​—Jeanette.

 Na le uena u ikutloa joaloka Jeanette? Haeba ho joalo, u ka ’na ua iphumana u belaella seo u se lumelang ka pōpo. Ho feta moo, ha ho na motho ea ratang ho shebahala joaloka sethoto. U ka thusoa ke’ng?

 Mabaka a ho se lumele

 1. Haeba u lumela hore lintho li bōpiloe, batho ba tla nahana hore u hanyetsa saense.

 “Tichere ea ka e ile ea re batho ba lumelang hore lintho li bōpiloe ba mpa feela ba le botsoa ho batla tlhaloso e utloahalang ea hore na ho tlile joang hore lefatše le be teng.”​—Maria.

 Seo u lokelang ho se tseba: Batho ba buang joalo ha ba na lintlha tsohle. Bo-rasaense ba tummeng ba kang Galileo le Isaac Newton ba ne ba lumela hore ho na le ’Mōpi. Seo ba neng ba se lumela se ne se sa ba thibele ho rata saense. Ka ho tšoanang, bo-rasaense ba bang kajeno ha ba fumane letho le hanyetsanang pakeng tsa saense le pōpo.

 Leka sena: Ngola mantsoe ana a reng (ho akarelletsa le matšoao a ho qotsa) “o hlalosa tumelo ea hae” karolong ea ho batla e ho Watchtower ONLINE LIBRARY e le hore u fumane mehlala ea lingaka le bo-rasaense ba lumelang hore lintho li bōpiloe. Batla hore na ke’ng e ba thusitseng hore ba fihlele qeto eo.

 Ntlha ea bohlokoa: Ho lumela hore lintho li bōpiloe ha ho bolele hore u khahlanong le saense. Ha e le hantle, ha u ithuta ho eketsehileng ka lefatše seo se ka matlafatsa tumelo ea hao.​—Baroma 1:​20.

2. Haeba u lumellana le litlaleho tsa Bibele tse buang ka pōpo, batho ba tla nahana hore u chesehela bolumeli ka tsela e feteletseng.

 “Batho ba bangata ba nahana hore ho lumela hore lintho li bōpiloe ke ho soasoa. Ba nka hore tlaleho e ho Genese e buang ka pōpo ke pale feela.”​—Jasmine.

 Seo u lokelang ho se tseba: Hangata batho ba na le maikutlo a fosahetseng ka tlaleho ea Bibele ea pōpo. Ka mohlala, batho ba bang ba lumelang hore lintho li bōpiloe, ba bolela hore lefatše le sa tsoa bōptjoa kapa hore bophelo bo ile ba bōptjoa ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24. Bibele ha e tšehetse maikutlo ao.

  •   Ka bonolo feela Genese 1:1 e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” Sena hase hanyetsane le bopaki ba saense ba hore lefatše le lilemo li libilione.

  •   Lentsoe “letsatsi” joalokaha le sebelisitsoe ho Genese le ka bolela nako e telele haholo. Ha e le hantle, ho Genese 2:4, lentsoe “letsatsi” le hlalosa matsatsi ’ohle a tšeletseng a pōpo.

 Ntlha ea bohlokoa: Tlaleho ea Bibele ea pōpo e lumellana le saense.

 Nahana ka seo u se lumelang

 Ho lumela hore lintho li bōpiloe ha ho bolele hore motho o lokela ho lumela feela a se na mabaka. Ho e-na le hoo, ho hlokahala mabaka a utloahalang. Nahana ka sena:

 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e bonang e u ruta hore ho na le motho ea e entseng. Ha u bona k’hamera, sefofane kapa ntlo, u etsa qeto ea hore e tlameha ebe ho na le motho ea e entseng. Ke hobane’ng ha u sa nahane joalo, ha u nahana ka leihlo la motho, nonyana e fofang kapa polanete ea rōna e leng lefatše?

 Nahana ka sena: Hangata baenjiniere ba kopitsa lintho tseo ba li bonang pōpong e le hore ba tle ba ntlafatse lintho tseo ba li etsang ’me ba batla hore batho ba bang ba ananele mesebetsi ea bona. Na ke ho utloahalang ho ananela mosebetsi oo motho a o entseng empa re hlōlehe ho ananela ’Mōpi le lintho tse hlollang tseo a li entseng?

Na ke ho utloahalang ho nahana hore sefofane se ile sa qaptjoa empa nonyana eona ha ea qaptjoa?

 Lintho tse tla u thusa hore u hlahlobe bopaki

 U ka matlafatsa seo u se lumelang ka pōpo ka hore u hlahlobe bopaki boo u bo bonang ha u sheba lintho tsa tlhaho.

 Leka sena: Ngola mantsoe a na a reng (ho akarelletsa le matšoao a ho qotsa) “na e entsoe” karolong ea ho batla e ho Watchtower ONLINE LIBRARY. Khetha sehlooho se u khahlang lihloohong tse hlahang makasineng ea Tsoha! tse reng, “Na e Entsoe?” Sehloohong ka seng, qolla lintlha tse u khahlang ka ho fetisisa tse buang ka pōpo. Li u kholisa joang hore ho na le Moqapi?

 Batlisisa haholoanyane: Sebelisa libukana tse latelang e le hore u fumane lintlha tse eketsehileng tse buang ka pōpo.

  •  Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?

    •   Lefatše le behiloe sebakeng se nepahetseng ’me le etselitsoe hore le be le bophelo.​—Bala leqephe la 4-10.

    •   Lintho tse qapiloeng li kopilitsoe pōpong.​—Bala leqephe la 11-17.

    •   Tlaleho ea Bibele ea pōpo e ho Genese e lumellana le saense.​—Bala leqephe la 24-28.

  •  The Origin of Life​—Five Questions Worth Asking

    •   Ha ho utloahale hore lefatše le hlahile ka mohlolo ho tsoa linthong tse sa pheleng.​—Bala leqephe la 4-7.

    •   Lintho tse phelang li rarahane haholo hoo ho ke keng ha etsahala hore ebe li itlhahetse feela ka mohlolo.​—Bala leqephe la 8-12.

    •   Boitsebiso bo liphatseng tsa lefutso bo feta theknoloji ea morao tjena.​—Bala leqephe la 13-21.

    •   Bophelo ha boa ba teng ho tsoa ho moholo-holo a le mong. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e tšehetsa hore mefuta e fapaneng ea liphoofolo e ile ea ata, eseng hore e ile ea fetoha mefuta e meng.​—Bala leqephe la 22-29.

 “Lintho tsa tlhaho tse kang liphoofolo tse lefatšeng mona ho akarelletsa le tsela eo bokahohle bo hlophisehileng ka eona, lia nkholisa hore Molimo o teng.”​—Thomas.