BACHA BAA BOTSA
Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Romela Melaetsa ka Selefouno?
:-) Haeba u ho sebelisa hantle, e ka ba tsela e molemo ea ho lula u tseba hore na metsoalle ea hao e ntse e e-ea joang.
:-( Empa haeba u ho sebelisa hampe ho ka senya setsoalle sa hao le botumo ba hao.
Sehloohong sena u tla ithuta seo u lokelang ho se tseba ka hore na:
Sehloohong sena u tla boela u fumane:
U romela molaetsa ho mang?
Bacha ba bangata ba nka ho romela melaetsa ka selefouno e le tsela e molemohali ea ho buisana. Ho romela melaetsa ka selefouno ho u thusa hore u buisane le mang kapa mang ea lethathamong la hao la metsoalle, hafeela batsoali ba hao ba sa u hanyetse.
“Ntate oa ka ha a batle ha ’na le ngoan’eso re qoqa le bashanyana. Haeba re etsa joalo, re lokela ho letsa ka founo ea ka tlung, re le ka kamoreng eo lelapa le phomolang ho eona ebile batho ba bang ba le teng.”—Lenore.
Seo u lokelang ho se tseba: Haeba u fana ka linomoro tsa hao ho mang le mang, u ka ’na ua kena mathateng.
“Haeba u se seli hore na ke mang ea tsebang linomoro tsa hao, joang kapa joang u tla fumana melaetsa le litšoantšo tseo u sa li batleng.”—Scott.
“Haeba u lula u romellana melaetsa le motho oa bong bosele u ka ’na ua iphumana u se u nkehile maikutlong kapele ka motho eo.”—Steven.
Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ka ho ba hlokolosi haholoanyane, u ka qoba masoabi a mangata.
Pale ea sebele: “’Na le moshemane e mong re ne re le metsoalle, me re ne re romellana melaetsa hangata. Ke ne ke ipolella hore re mpa feela re le metsoalle ea hlooho ea khomo. Ke ne ke sa nahane hore hoo ke bothata ho fihlela ha a mpolella hore o se a utloa a nthata. Ha ke sheba se etsahetseng, kea elelloa hore ke ne ke sa lokela hore ebe ke ile ka tloaelana kapa ka romellana melaetsa le eena haholo ka tsela eo ke entseng ka eona.”—Melinda.
Nahana ka sena: U nahana hore botsoalle ba Melinda le moshemane eo bo tla ameha joang ha a se a tseba hore na moshemane o ikutloa joang?
Ke tsela efe eo Melinda a ka beng a entse lintho ka eona e le hore eena le moshemane eo ba lule e le metsoalle feela?
U bua ka eng?
Kaha melaetsa ea selefouno e ka romeloa habobebe ebile ho monate ho e fumana, ha ho bonolo ho hopola hore batho ba ka u utloella ka seo u se ngotseng.
Seo u lokelang ho se tseba: Mantsoe a ngotsoeng molaetseng oa selefouno a ka utloisisoa ka tsela eo eseng eona.
“Molaetseng oa selefouno, u ke ke ua khona ho tseba boikutlo ba motho le molumo oa lentsoe la hae, le haeba motho eo a kentse setšoantšonyana sa hore na o ikutloa joang. Molaetsa o ka baka ho se utloisisane.”—Briana.
“Ke tseba banana ba sentseng botumo ba bona ba tsejoang e le batho ba bapalang ka maikutlo a lerato ka lebaka la seo ba se buileng melaetseng eo ba e romeletseng bashanyana.”—Laura.
Bibele e re: “Batho ba molemo baa nahana pele ba araba.” (Liproverbia 15:28, Good News Translation) Mantsoe aa a ruta’ng? Bala molaetsa pele u o romela!
U romela molaetsa ka nako efe?
Ha u ka nahana ho se hokae, u ka ipehela melao ea ho romela melaetsa ka selefouno—e leng seo ba bang ba reng ke mekhoa e metle ea ho romela melaetsa.
Seo u lokelang ho se tseba: Haeba u sa ele hloko mekhoa ea hao ea ho romela melaetsa, batho ba tla u nka u le motho ea se nang mekhoa ʼme u tla itelekela metsoalle ho e-na le ho e boloka.
“Ho bonolo ho lebala mekhoa e metle ea ho romela melaetsa. Ke ee ke iphumane ke se ntse ke romela melaetsa ke ntse ke buisana le motho e mong kapa ke le lijong.”—Allison.
“Ho kotsi ho romela melaetsa u ntse u khanna. Haeba u sa tsepamise mahlo a hao tseleng u ipeha kotsing ea ho baka likotsi.”—Anne.
Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Seo sea sebetsa tabeng ea ha u romela melaetsa ka selefouno feela joalokaha se sebetsa le tabeng ea ho bua!
Likeletso mabapi le ho romela melaetsa ka selefouno
U romela molaetsa ho mang?
;-)Mamela tataiso ea batsoali ba hao.—Bakolose 3:20.
;-)Hloaea batho bao u ba fang linomoro tsa hao. Haeba ka tlhompho u hana ho fana ka boitsebiso ba hao ba botho—bo akarelletsang linomoro tsa hao tsa selefouno —u ithuta mokhoa oa bohlokoa oo u tla u sebelisa ha u se u le motho e moholo.
;-)U se ke ua tloaela motho haholo hoo u mo romellang melaetsa e bontšang thahasello ea lerato empa le le sieo. Haeba maikutlo a lerato a ka ba teng, u tla ipakela ho ferekana le masisa-pelo.
“Ke entse hore batsoali ba ka ba ntšepe tabeng ea ho sebelisa selefouno, kahoo baa tseba hore ke tla etsa qeto e molemo mabapi le hore na ke mang eo ke bolokang linomoro tsa hae ka founong ea ka.”—Briana.
U bua ka eng?
;-)Pele u ngola molaetsa ipotse ‘Na ho romela molaetsa ka selefouno ke tsela e molemo ea ho bua boemong boo?’ Mohlomong ho ka ba molemo hore u letse kapa u emele ho bua le motho eo ha le shebane mahlong.
;-)U se ke ua romela molaetsa oo u ke keng ua khona ho o bua ha le shebane mahlong le motho eo. Sarah ea lilemo li 23 o ile a re: “Haeba ke ntho eo u ke keng ua e bua, se ke ua e romela ka selefouno.”
“Haeba motho e mong a u romella litšoantšo tse tsosang takatso, bolella batsoali ba hao. Seo se tla u sireletsa hape se tla etsa hore batsoali ba hao ba u tšepe.”—Sirvan.
U romela molaetsa ka nako efe?
;-)Etsa qeto esale pele hore na ke ka nako efe eo u tla beng u sa sebelise selefouno. Ngoananyana ea bitsoang Olivia o re: “Ha ke nke selefouno ea ka nakong ea lijo tsa mantsiboea le nakong eo ke ithutang ka eona. Kea e koala nakong ea liboka e le hore ke se ke ka kena molekong oa ho e sheba.”
;-)Nahanela ba bang. (Bafilipi 2:4) U se ke ua ngola melaetsa ea selefouno nakong eo u ntseng u buisana le motho e mong le shebane mahlong.
“Ke iketselitse molao oa hore ke se ke ka romela molaetsa oa selefouno ha ke na le metsoalle ea ka, ntle le haeba ho hlile ho hlokahala. Ha ke fane ka linomoro tsa ka ho batho bao ke sa ba tloaelang.”—Janelly.