Sesotho (Lesotho)
Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?​—Karolo ea 2: Bashanyana
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/502014340/univ/art/502014340_univ_sqr_xl.jpg
ijwyp sehlooho 37

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?​—Karolo ea 2: Bashanyana

Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?​—Karolo ea 2: Bashanyana

 Batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ke bo-mang?

 Sheba mantsoe ana ’me u arabe lipotso tse latelang.

Karolo ea 1

Karolo ea 2

Ba borabele

Ba hlomphang

Ba ichebileng bobona

Ba tšepahalang

Ba matla

Ba nang le kutloelo-bohloko

Ba botsoa

Ba khothetseng

Ba sa tsotelleng

Ba nang le boikarabelo

Ba sa tšepahaleng

Ba buang ’nete

  1.   Ke mantsoe afe a hlalosang bashanyana bao u atisang ho ba bona mecheng ea liphatlalatso (ho akarelletsa lifiliming, thelevisheneng le lipapatsong)?

  2.   Ke mantsoe afe a hlalosang tsela eo u ka ratang hore batho ba u tsebe ka eona?

 E ka ’na eaba u arabile potso ea pele ka mantsoe a hlahang karolong ea 1 ’me ua araba potso ea bobeli ka a hlahang karolong ea 2. Haeba ho joalo, u entse hantle. Hobane’ng? Hobane tsela eo mecha ea liphatlalatso e hlahisang banna ka eona ha e bontše seo u leng sona​—kapa seo u batlang ho ba sona. Nahana hore na ke hobane’ng ha re ka cho joalo.

  •   Hangata mecha ea liphatlalatso e hlahisa banna e le ba ratang ntoa ebile e le marabele. Buka ea Why Boys Don’t Talk​—and Why It Matters e re banna ba tummeng thelevisheneng, lifiliming le lipapaling ke “ba matla le ba bohale. . . . Seo se fana ka maikutlo a hore u lokela ho ba matla le ho ba lerabele haeba u batla ho ratoa ke batho.”

     Nahana ka sena: Na ho ba bohale ho tla etsa hore u be motsoalle, mosebetsi-’moho kapa monna ea molemo? Ha ho na le ntho e u halefisang, ke ntho efe e hlokang matla​—ho lumella ntho eo ho u halefisa kapa ho laola khalefo? Ke ntho efe e tla bontša hore u monna oa sebele?

     Bibele e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.”​—Liproverbia 16:32.

    Haeba u tseba ho laola bohale, u matla ho feta mohale

  •   Mecha ea liphatlalatso e hlahisa banna e le ba hlanyetsang thobalano. Chris ea lilemo li 17 o re: “Bashanyana ba hlahang thelevisheneng le lifiliming, ba chencha banana joaloka likausi.” Gary ea lilemo li 18 o phaella ka ho re: “Hangata mecha ea liphatlalatso e hlahisa bashanyana e le ba hlanyetsang thobalano.” Ka mohlala, lifilimi tse ling li etsa eka ntho feela eo bashanyana ba e phelelang ke menate, ho noa le ho robala le banana.

     Nahana ka sena: Na u batla ho ba motho ea joalo? Na ha monna oa sebele a sheba basali o nka hore ba etselitsoe feela hore banna ba robale le bona, kapa o oa ba hlompha?

     Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho [laola ’mele oa hae] khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.”​—1 Bathesalonika 4:​4, 5.

  •   Mecha ea liphatlalatso e hlahisa bashanyana e le ba se nang boikarabelo. Hangata lifilimi le mananeo a thelevishene, a hlahisa bashanyana e le ba botsoa le ba se nang thuso. Mohlomong ke kahoo batho ba bang ba hōlileng ba sa lumeleng hore bashanyana ba na le bokhoni ba ho etsa mesebetsi e itseng. Gary, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka sokola ho fumana mosebetsi hobane bo-rakhoebo ba sebakeng sa heso ba ne ba batla ho hira basali feela. Ba ne ba nahana hore bashanyana ha ba na boikarabelo ebile ha ba tšepahale!”

     Nahana ka sena: Na ke hantle hore mecha ea liphatlalatso e hlahise bashanyana e le ba se nang boikarabelo le ba sa tšepahaleng? U ka bontša joang hore uena ha u joalo?

     Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase. Ho fapana le hoo, ho ba tšepahalang u be mohlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong.”​—1 Timothea 4:​12.

 Seo u lokelang ho se tseba

  •   Mecha ea liphatlalatso e ka ba le tšusumetso e matla ho uena. Ka mohlala, mecha ea liphatlalatso e ka etsa hore u nahane hore u lokela ho apara feshene ea morao-rao, e le hore u ratoe ke batho. Colin ea lilemo li 17 o re: “Lipapatso li hlahisa bashanyana ba apere liaparo tseo ho thoeng li tla etsa hore banana ba ba hlanyetse. Li etsa hore motho a batle ho li reka. Nkile ka etsa joalo ka makhetlo a ’maloa!”

     Nahana ka sena: Na tsela eo u aparang ka eona e bontša seo u leng sona, kapa e bontša hore u latela bongata? Ke mang ea ruang molemo ha u sebelisa chelete ea hao ho reka liaparo tsa feshene?

     Bibele e re: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.”​—Baroma 12:2.

  •   Ho etsisa batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ho ka etsa hore u se khahle banana. Hlokomela seo banana ba bang ba se buileng:

    •  “Nke ke ka thabela ho ba le mohlankana ea iketsang seo a seng sona hore feela a khahle batho ba bang. Moshanyana ea etsang joalo o qetella a shebahala joaloka sephoqo!”​—Anna.

    •  “Lipapatso li etsa hore bashanyana ba batle ho ba le lisebelisoa tse itseng tsa elektronike kapa liaparo tse itseng e le hore ba khahle banana. Empa ha banana ba se ba hōlile, ha ba sa sheba lintho tseo. Ho e-na le hoo, ba sheba seo monna a leng sona le tsela eo a tšoarang batho ba bang ka eona. Ka mohlala, banana ba rata bahlankana ba tšepahalang.”​—Danielle.

    •  “Hangata ha moshanyana a nahana hore o motle, o oa ikhantša—’na ha ke batle ho ba le motho ea joalo. Moshanyana leha a ka ba motle hakae, o ba mobe haeba a na le botho bo sa rateheng.”​—Diana.

     Nahana ka sena: Mangolo a re Samuele “o ne a ntse a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.” (1 Samuele 2:​26) Ke litšobotsi life tseo u lokelang ho ntlafatsa ho tsona e le hore u be le botumo bo joalo?

     Bibele e re: “Le tsoele pele joaloka banna.”​—1 Bakorinthe 16:13.

 Seo u ka se etsang

  •   Ipotse hore na batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ba ka u ama joang. Bibele e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.”​—1 Johanne 2:16.

     Mecha ea liphatlalatso e etsa hore batho ba nke hore ha ho phoso ho ba le litakatso tseo. Kahoo, ithute ho nahana hore na lintho tseo u li bonang li ka u ama joang. Hangata lintho tseo u li bonang mecheng ea liphatlalatso, li entsoe ke babapatsi ba batlang ho etsa chelete.

  •   Ipolelle hore na uena u batla ho ba motho oa mofuta ofe. Bibele e re: “Le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng”​—eseng ho ea ka seo batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ba batlang hore u be sona.​—Bakolose 3:​10.

     Ka mohlala, nahana ka litšobotsi tseo u li tšoaileng qalong ea sehlooho sena, e leng litšobotsi tseo u ka ratang ho tsebahala ka tsona. U ka qala hona joale hore u li bontše kapa u ntlafatse tsela eo u li bontšang ka eona.

  •   Batla batho ba ka u behelang mohlala o motle. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa. (Liproverbia 13:20) Ke banna bafe bao u ba tsebang ba bontšang hore ba bohlale? Ba bang ba bona ba ka akarelletsa ntate oa hao kapa malome oa hao. Ba bang e ka ba metsoalle e nang le phihlelo kapa batho bao u ba tloaetseng. Ho na le banna ba bangata ba behang mohlala o motle ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova. Bibele e bua ka batho ba behang mohlala ba kang Tite, bao bacha ba ka ba etsisang.​—Tite 2:​6-8.

     Tlhahiso: Ithute ka mehlala ea banna ba khabane ba behang mohlala o motle ba kang Abele, Noe, Abrahama, Samuele, Elia, Jonase, Josefa le Petrose bukeng ea Etsisa Tumelo ea Bona.