BACHA BAA BOTSA

Ke Lokela Ho Etsa’ng Ka mor’a Ho Kolobetsoa?​—Karolo ea 1: Lula u Imatlafatsa

Ke Lokela Ho Etsa’ng Ka mor’a Ho Kolobetsoa?​—Karolo ea 1: Lula u Imatlafatsa

 Re lokela ho lula re hlokomela lintho tsa rona tsa bohlokoa tse kang matlo a rona le likoloi tsa rona. Re lokela ho etsa se tšoanang ka setsoalle sa rona le Jehova. U ka tsoela pele u matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova joang ka mor’a hore u kolobetsoe?

Sehloohong sena

  Lula u ithuta Lentsoe la Molimo

 Lengolo la sehlooho: “Le lokela ho etsa lintho tse molemo le be le eketse tsebo ea lona e nepahetseng ka Molimo.”—Bakolose 1:10.

 Se boleloang ke sena: Ka mor’a hore u kolobetsoe, u lokela ho tsoela pele u bala Bibele u be u nahanisise ka lintho tseo u ithutileng tsona.—Pesaleme ea 25:4; 119:97.

 Seo u ka se lebellang: Ka linako tse ling u ka utloa u sa thabele ho ithuta. Ha ele hantle, o ka ba oa utloa e ka ha oa etsetsoa ho bala.

 Seo u ka se etsang: Ithute haholo ka lihlooho tsa Bibele tseo u li ratang. Iketsetse kemiso ea hao ea ho ithuta e tla etsa hore u thabele ho bala. Ha u ntse u ithuta, sepheo sa hao e lokela ho ba ho matlafatsa lerato la hao ho Jehova le Lentsoe la hae. Ha u ithuta ka tsela ena, u tla rua molemo haholo u be u thabele ho ithuta.—Pesaleme ea 16:11.

 Keletso: E le hore u rue molemo thutong ea hao, leka ho fumana sebaka se khutsitseng moo ho se nang litšitiso.

 Na u hloka thuso e eketsehileng?

  Lula u rapela Jehova

 Lengolo la sehlooho: “Le se ke la tšoenyeha ka letho. Ho e-na le hoo, le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle ’me le mo lebohe kamehla.”—Bafilipi 4:6.

 Se boleloang ke sena: Puisano ea rona le Molimo e bolela hore o bua le rona ’me le rona re bua le eena. Rea mo mamela ha re bala Lentsoe la hae. Re bua le eena ha re rapela. Ha u rapela u ka kopa lintho tseo u li hlokang kapa oa leboha Jehova ka lintho tseo a u fileng tsona.

 Seo u ka se lebellang: Ka linako tse ling u ka ’na oa utloa eka u ntse u pheta-pheta ntho e le ngoe ha u rapela. U ka ba oa utloa eka Jehova ha a sa mamela lithapelo tsa hao.—Pesaleme ea 10:1.

 Seo u ka se etsang: Ho tloha ha letsatsi la hao le qala, nahana ka lintho tseo u ka li rapellang. Haeba u le sebakeng seo u sitoang ho etsa thapelo e telele, hopola ho rapela ha monyetla o hlaha. Rapella lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho uena u be u hopole ho rapella batho ba bang.—Bafilipi 2:4.

 Keletso: Haeba u se u sitoa ho phetlela Jehova sefuba, bua le eena ka taba ena. O batla ho utloa hore na u ikutloa joang ka lithapelo tseo u mo etsetsang tsona ebile o batla ho utloa le mathata ’ohle a hao.—1 Johanne 5:14.

 Na u hloka thuso e eketsehileng?

  Lula u bua le ba bang ka tumelo ea hao

 Lengolo la sehlooho: “Etsa sohle seo u ka se khonang hore u be mohlala o motle le hore u rute hantle. . . . hobane u tla pholoha u be u pholose le ba u mamelang.”—1 Timothea 4:16.

 Se boleloang ke sena: Ha u bua le ba bang ka seo u se lumelang, tumelo ea hao ea matlafala. Ka hona, u tla pholoha u be u pholose le ba u mamelang.

 Seo u ka se lebellang: Ka linako tse ling u ka ’na oa utloa u tsoafa ho bolella ba bang ka seo u se lumelang. Ka linako tse ling u ka ba oa utloa u tšaba, haholo ha u le sekolong.

 Seo u ka se etsang: U se ke oa lumella hore maikutlo a fosahetseng le letsoalo li laole liqeto tseo u li etsang. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le haeba ke li [litaba tse monate] bolela ke sa batle, ke ntse ke fuoe boikarabelo ba ho li bolela.”—1 Bakorinthe 9:16, 17.

 Tip: Haeba batsoali ba hao ba u lumella, batla motho ea ka u thusang. Motho eo e lokela ho ba paki ea Jehova e behang mohlala ka ho ea tšimong.—Liproverbia 27:17.

 Na u hloka thuso e eketsehileng?

  •   Bala:

     Ke Hobane’ng ha ke Tšaba ho Bolella ba Bang Seo ke se Lumelang?

  Lula u le teng libokeng tsa Bokreste

 Lengolo la sehlooho: “A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa lintho tse ntle. Re se ke ra tlohela ho bokana ’moho.”—Baheberu 10:24, 25.

 Se boleloang ke sena: Lebaka le ka sehloohong la ho ea libokeng ke ho rorisa Jehova. Empa ho na le mabaka a mang a mabeli a bohlokoa a ho ea libokeng. Lebaka la pele, Bakreste ’moho le uena baa u khothatsa. Lebaka la bobeli, le uena u oa ba khothatsa ha u le teng libokeng ebile u nka karolo.—Baroma 1:11, 12.

 Seo u ka se lebellang: Ka linako tse ling u ka qala ho nahana ka lintho tse ling ha u le libokeng eaba u lahleheloa ke lintlha tsa bohlokoa. Kapa u ka lumella mabaka a mang a kang mosebetsi oa hao oa sekolo ho u sitisa ho ba teng libokeng kamehla.

 Seo u ka se etsang: Leka ho etsa mosebetsi oa hao oa sekolo ka nako e sa tl’o u sitisa ho ea libokeng e le hore u be teng libokeng kamehla le ho fumana molemo ho tsona. Nka karolo ka hore u arabele. Ka mor’a liboka babatsa bonyane motho a le mong ka puo kapa karabelo ea hae e monate.

 Keletso: Lokisetsa hantle pele u ea libokeng. Daonlouda app ea JW Library® ’me u sebelise tab ea “Meetings” ho bona hore na ho tl’o buuoa ka’ng libokeng.

 Na u hloka thuso e eketsehileng?

  •   Bala:

     Ke Hobane’ng ha u Lokela ho ea Libokeng tsa Bokreste?