Sesotho (Lesotho)
Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/500600107/univ/art/500600107_univ_sqr_xl.jpg
ijwyp sehlooho 105

BACHA BAA BOTSA

Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong?

Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong?

 Ntho e bohloko ke hore: Lihlong li ka u sitisa ho ba le metsoalle e molemo le ho etsa lintho tse u thabisang.

 Ntho e thabisang ke hore: Ha se kamehla ho ba lihlong e leng ntho e mpe. Ho ka u thusa hore u nahane pele u bua, u shebe le ho mamela ka hloko.

 Ntho e ’ngoe e thabisang ke hore: Lihlong li ka fela, u ka khona ho sebetsana le tsona e le hore li se ke tsa ama bophelo ba hao hampe. Sehlooho sena se tl’o bontša hore na u ka etsa seo joang.

 Tseba lintho tse u tšosang

 Lihlong li ka etsa hore u tšabe ho buisana le batho le shebane mahlong. Ka lebaka leo, u ka ’na oa utloa eka u hole le batho ba bang joalokaha eka u koalletsoe u le mong ka kamoreng e lefifi. Eo ke ntho e tšosang. Empa ha u tseba lintho tse u tšosang, u tla bona hore u tšohile moru o se nang nkoe. Nahana ka mehlala ena e meraro.

  •   Ntho ea pele e ka u tšosang: “Ha ke tsebe hore na ke bue ka eng.”

     ’Nete: Batho ba hopola tsela eo u ileng oa etsa hore ba ikutloe ka eona ho feta lintho tseo u ileng oa li bua. U ka hlola ho tšoha ka hore u be motho ea mamelang le ea bontšang thahasello ho lintho tseo batho ba bang ba li buang.

     Seo u ka nahanang ka sona: Na u ka rata ho ba le motsoalle ea batlang hore e be eena feela ea lulang a bua kapa ea u mamelang ka hloko?

  •   Ntho ea bobeli e ka u tšosang: “Batho ba ka ’na ba nahana hore kea bora.”

     ’Nete: Batho ba tla lula ba e-na le seo ba ka se buang ka uena ho sa tsotellehe hore na u lihlong kapa che. U ka hlola ho tšoha ka hore u phutholohe, e le hore batho ba ka u tseba hamolemo.

     Seo u ka nahanang ka sona: Haeba u nahana hore batho bohle baa u ahlola, na mohlomong e ka ba ke uena ea ba ahlolang ka ho nahana hore ha ba u rate?

  •   Ntho ea boraro e ka u tšosang: “Ke tla soaba haeba nka bua ntho e fosahetseng.”

     ’Nete: Seo se ka etsahalla motho e mong le e mong. U ka hlola tšabo ea hao ka hore u nke liphoso e le tsela ea ho bontša ba bang hore ha u nke hore uena ha u etse liphoso.

     Seo u ka nahanang ka sona: Na ha u thabele ho ba har’a batho ba lumelang hore le bona ba etsa liphoso?

 Na u ne u tseba? Batho ba bang ba nahana hore ha ba lihlong hobane ba lula ba romela melaetsa ka fono. Empa ho bonolo ho etsa setsoalle sa ’nete haeba u bua le batho le shebane mahlong. Sherry Turkle eo e leng setsebi sa mafu a kelello le theknoloji o re: “Re khona ho ba metsoalle ea batho ba bang haeba re khona ho ba bona le ho utloa mantsoe a bona.” a

Ha u se u khona ho sebetsana le lintho tse u tšosang, u tla hlokomela hore ho bua le batho le shebane mahlong ha ho sa tšosa joaloka pele

 Seo u ka se etsang

  •   Qoba ho ipapisa le ba bang. Ha ho hlokahale hore u be motho ea buang haholo. Leha ho le joalo, u ka ipehela pakane ea hore lihlong li se ke tsa u sitisa ho ba le metsoalle e molemo le ho etsa lintho tse u thabisang.

     “Moqoqo ha oa lokela ho ba molelele haholo ebile ha ho bolele hore u lokela ho lula u o etella pele. U ka itsebisa motho eo u qalang ho kopana le eena ’me oa mo botsa lipotso tse ’maloa tse bonolo.”—Alicia.

     Molao-motheo oa Bibele: “Motho e mong le e mong a ke a hlahlobe lintho tseo a li etsang kaha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.”—Bagalata 6:4.

  •   Sheba batho. Sheba batho ba khonang ho etsa metsoalle habonolo hore na ba bua le batho ba bang joang. Ke eng e ba sebeletsang? Ke eng e sa ba sebeletseng? Ke mekhoa efe e metle ea bona eo u ka e etsisang?

     “Sheba u be u ithute ho batho ba khonang ho etsa metsoalle habonolo. Sheba hore na ba etsa’ng ebile ba re’ng ha ba kopana le motho ka lekhetlo la pele.”—Aaron.

     Molao-motheo oa Bibele: “Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho o leotsa motsoalle oa hae.”—Liproverbia 27:17.

  •   Botsa lipotso. Hangata batho ba rata ho ntša maikutlo a bona ka lintho tse itseng. Kahoo, ho ba botsa lipotso ke tsela e ntle ea ho qalisa moqoqo le bona. Hape ho etsa hore ho se ke ha lebisoa tlhokomelo haholo ho uena.

     “Ho itokisa esale pele ho ka u thusa hore u se ke oa tšoenyeha haholo. E le ho fokotsa khatello, nahana ka lintho tseo u tla bua ka tsona kapa lipotso tseo u tla li botsa batho bao u tla kopana le bona ka lekhetlo la pele.”—Alana.

     Molao-motheo oa Bibele: “Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.”—Bafilipi 2:4.

a Ho tsoa bukeng ea Reclaiming Conversation.