Lengolo le Eang ho Bagalata 6:1-18

  • Tsoelang pele ho thusana (1-10)

    • Motho o kotula seo a se jetseng (7, 8)

  • Ho bolla ha se ntho ea bohlokoa (11-16)

    • Motho e mocha (15)

  • Qetello (17, 18)

6  Bana beso, haeba motho a etsa ntho e fosahetseng a sa hlokomele, lona Bakreste ba tšoanelehang ba tataisoang ke moea o halalelang le leke ho thusa motho eo ka bonolo.+ Empa le lona le itlhokomele+ hore le se ke la lekeha ho etsa liphoso.+  Tsoelang pele ho thusana* ha le e-na le mathata+ hobane ha le etsa joalo, le tla be le mamela molao oa Kreste.+  Haeba motho a inka e le oa bohlokoa ho feta batho ba bang empa ho se joalo,+ oa ithetsa.  Motho e mong le e mong a ke a khotsofalle lintho tseo a khonang ho li etsa+ kaha o tla thabela seo a se entseng a sa ipapise le motho e mong.+  Motho e mong le e mong o tla ikarabella ka lintho tseo a li etsang.*+  Motho ea rutoang Lentsoe la Molimo le motho ea mo rutang ba lokela ho arolelana lintho tseo ba nang le tsona.+  Le se ke la ithetsa hobane ha ho na motho ea ka thetsang* Molimo. Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.+  Motho ea latelang litakatso tsa hae tse mpe o tla shoa* empa motho ea tataisoang ke moea o halalelang o tla fumana bophelo bo sa feleng.+  A re se keng ra khathala ho etsa lintho tse ntle hobane re tla fumana moputso* haeba re sa khathale.+ 10  Ka lebaka leo, a re thuseng batho bohle ha re sa na le monyetla empa haholo-holo a re thuseng balumeli-’moho le rona. 11  Ke le ngolletse lengolo lena ka letsoho la ka ’me ke ngotse ka mongolo o motenya. 12  Batho bohle ba batlang ho khahlisa batho ba bang* ke bona ba lekang ho le qobella hore le bolle, ba etsa joalo e le hore ba se ke ba hlorisoa ka lebaka la Kreste.* 13  Le bona batho ba bolotseng ha ba mamele Molao+ empa ba batla hore le bolle e le hore ba tle ba ithorise ka lona. 14  Le ka mohla nke ke ka ithorisa empa ke tla ithorisa feela ka Morena Jesu Kreste ea shoetseng palong.*+ Ke nka lefatše le ahloletsoe lefu ka lebaka la hae ’me lefatše lona le nka ’na ke ahloletsoe lefu ka lebaka la hae. 15  Taba ea hore motho o bolotse kapa ha a bolla ha se ea bohlokoa+ empa ntho ea bohlokoa ke hore Molimo o etsa hore motho a be mocha.+ 16  E se eka Iseraele ea Molimo e leng batho bohle ba mamelang molao ona ba ka ba le khotso ’me Molimo a ba hauhele.+ 17  Ho tloha hona joale, ho se ke ha e-ba le motho ea ntšoenyang hobane ’mele oa ka o na le mabali a bontšang hore ke molateli oa Jesu.+ 18  Bana beso, e se eka Morena Jesu Kreste a ka ba mosa* ho lona ka lebaka la makhabane ao le a bontšang. Amen.

Linaletsana

Kapa: “ho jarelana meroalo.”
Kapa: “Motho e mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”
Ka Segerike: “somang.”
Ka Segerike: “bola.”
Kapa: “kotula.”
Kapa: “ba iketsang eka ba lokile.”
Kapa: “ka lebaka la palo eo Kreste a ileng a hlokofaletsoa ho eona.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “palong eo batho ba hlokofaletsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.