Lengolo le Eang ho Bagalata 2:1-21

  • Pauluse o kopana le baapostola Jerusalema (1-10)

  • Pauluse o khalemela Petrose (Kefase) (11-14)

  • Ho thoe motho o lokile hafeela a e-na le tumelo (15-21)

2  Ka mor’a lilemo tse 14 ke ile ka khutlela Jerusalema ke tsamaea le Barnabase+ le Tite.+  Ke ile ka khutlela teng hobane Morena o ne a ntšenoletse hore ke e’o bolella lichaba litaba tse monate moo. Ke ile ka li bolella banna ba hlomphehang ka lekunutu e le ho etsa bonnete ba hore litaba tseo ke li phatlalatsang li nepahetse, ho seng joalo ke ne ke tla be ke sebeletsa lefeela.  Le hoja Tite+ a ne a tsamaea le ’na, ha ho na motho ea ileng a mo qobella hore a bolle+ leha e ne e le Mogerike.  Empa taba ena e tlile ka lekunutu ka bana ba bo rona ba sa tšepahaleng,+ ba tlileng ka phuthehong ho tla senya khotso+ eo rona balateli ba Kreste Jesu re nang le eona e le hore ba ka re etsa makhoba.+  Ha rea ka ra ba mamela ho hang+ e le hore re lule re e-na le ’nete ea litaba tse monate.  Le bana ba bo rona ba nkoang e le ba bohlokoa+ ha baa ka ba fetola tsela eo ke nahanang ka eona ebile ha ho na letho le lecha leo ba ileng ba mpolella lona hobane Molimo ha a ahlole motho ho latela tsela eo a shebahalang ka eona.  Ba ile ba bona hore ke filoe mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tse monate ho batho ba sa bollang+ feela joalokaha Petrose a ne a li phatlalatsa ho batho ba bolotseng.  Molimo o ile a fa Petrose matla a hore e be moapostola ho batho ba bolotseng ’me ’na o mphile matla a hore ke be moapostola ho batho ba lichaba tse ling.+  Ba ile ba hlokomela hore Molimo o bile mosa* ho ’na.+ Ka lebaka leo, Jakobo+ le Kefase* le Johanne ba neng ba le joaloka lipilara tsa phutheho, ba ile ba tšoara ’na le Barnabase+ ka matsoho a matona ho bontša hore ba lumellana le taba ea hore re ee lichabeng tse ling ’me bona ba ee ho batho ba bolotseng. 10  Ntho e le ’ngoe eo ba ileng ba re kopa eona ke hore re thuse bafutsana, e leng ntho eo ke neng ke ikemiselitse ho e etsa.+ 11  Leha ho le joalo, ha Kefase*+ a tlile Antioke,+ ke ile ka ea ho eena ka mo khalemella phoso eo a neng a e entse. 12  Pele banna ba neng ba rometsoe ke Jakobo+ ba fihla, o ne a tloaetse ho ja le batho ba lichaba+ empa eitse ha ba fihla a khaotsa ho ja le bona a ba a tloha ho bona hobane o ne a tšaba batho ba bolotseng.+ 13  Bajuda ba bang bohle le Barnabase ba ile ba mo etsisa.* 14  Empa ha ke bona hore ha ba phele tumellanong le ’nete ea litaba tse monate,+ ke ile ka re ho Kefase* ka pel’a bona kaofela: “Uena u Mojuda empa u phela joaloka batho ba lichaba tse ling eseng joaloka Mojuda. Joale ke hobane’ng ha u batla ho etsa hore batho ba lichaba tse ling ba phele joaloka Bajuda?”+ 15  Rona bao ka tlhaho re leng Bajuda eseng baetsalibe ba tsoang lichabeng, 16  rea tseba hore motho ha e be ea lokileng ka lebaka la ho latela molao empa ka lebaka la tumelo+ eo a nang le eona ho Jesu Kreste.+ Kahoo, re lumela ho Kreste Jesu e le hore ho ka thoe re lokile ka lebaka la tumelo ea rona ho Kreste eseng ka lebaka la ho latela molao kaha ha ho motho eo ho ka thoeng o lokile hobane feela a mamela molao.+ 17  Haeba le rona re fumanoa re le baetsalibe empa re batla ho bitsoa batho ba lokileng ka lebaka la Kreste, na seo se bolela hore Kreste o re khothaletsa ho etsa libe? Che, ha ho joalo. 18  Haeba ke khutlela linthong tseo ke neng ke tloaetse ho li etsa,* ke tla be ke tlola molao. 19  Ke ile ka lokoloha* molaong+ e le hore nka phelela Molimo. 20  Ke khokhothetsoe palong le Kreste.+ Ha e sa le ’na ea phelang+ empa ke Kreste ea phelang ka hare ho ’na. Hona joale ke se ke phela ka tumelo eo ke nang le eona ho Mora oa Molimo+ ea ileng a nthata a ba a fana ka bophelo ba hae molemong oa ka.+ 21  Ha ke hane* mosa oa Molimo+ hobane haeba molao ke oona o etsang hore motho e be ea lokileng, Kreste o tla be a shoetse lefeela.+

Linaletsana

Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Kapa: “ba etsisa boikaketsi boo.”
Lebitso la hae le leng ke Petrose.
Ka Segerike: “Haeba ke haha lintho tseo ke neng ke li lihile.”
Kapa: “Ke ile ka shoa molaong.”
Kapa: “lahle.”