Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tšoanang ba Ratana?

Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tšoanang ba Ratana?

 David ea lilemo li 23 o re: “Ha ke ntse ke hola, ke ne ke rata batho ba bong bo tšoanang le ba ka. Ho ne ho le thata ho sebetsana le ntho ena. Qalong ke ne ke nahana hore ke boikutlo bo tla feta empa boikutlo boo bo ntse bo e-ba teng.”

 David ke Mokreste ’me o batla ho khahlisa Molimo. Na a ka khahlisa Molimo ha ka nako e tšoanang a ntse a e-ba le maikutlo a lerato ho batho ba bong bo tšoanang le ba hae? Molimo o ikutloa joang ha batho ba ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba bona?

 Bibele e re’ng?

 Maikutlo a batho ka ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang a ka fapana ho ea ka litso kapa ho ea ka hore na motho o phela mehleng efe. Bakreste ha ba ee le maikutlo a tloaelehileng a batho ebile ha ba isoe “koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.” (Baefese 4:​14) Maikutlo a Bakreste ha ho tluoa tabeng ea ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang (le ha ho tluoa tabeng ea tsela eo batho ba lokelang ho itšoara ka eona,) a tataisoa ke Bibele.

 Maikutlo a Molimo a hlakile ha ho tluoa tabeng ea ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang. Lentsoe la Hae le re:

  •  “U se ke ua robala le e motona ho tšoana le ha u robala le mosali.”​—Levitike 18:22.

  •  ‘Ka hona, tumellanong le litakatso tsa lipelo tsa bona, . . . Molimo o ba neheletse litakatso tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang, kaha ba batšehali ba bona ba fetotse tšebeliso ea bona ea tlhaho hore e be e khahlanong le tlhaho.’​—Baroma 1:​24, 26.

  •  “Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”​—1 Bakorinthe 6:​9, 10.

 Melao ea Molimo e etselitsoe batho bohle ebang ba rata batho ba bong bo tšoanang le ba bona kapa che. Motho e mong le e mong o lokela hore a ithibe haeba a e-na le boikutlo bo ka etsang hore a etse lintho tse sa khahliseng Molimo.​—Bakolose 3:5.

 Na seo se bolela . . . ?

 Na seo se bolela hore Bibele e re re hloee ligay?

 Ha ho joalo. Ha e le hantle, Bibele ha e khothaletse hore re hloee mang kapa mang ebang o ratana le motho oa bong bo tšoanang le ba hae kapa che. Ho fapana le seo, Bibele e re khothaletsa ho ba le “khotso le batho bohle” ho sa tsotellehe hore na ba phela joang. (Baheberu 12:​14) Kahoo, ho fosahetse ho khahlapetsa, ho hloea kapa ho tšoara batho ba ratanang le batho ba bong bo tšoanang le ba bona hampe.

 Na seo se bolela hore Bakreste ba lokela ho hanyetsa melao e lumellang lenyalo la batho ba bong bo tšoanang?

 Bibele ea re bolella hore lenyalo le lokela ho ba pakeng tsa monna a le mong le mosali a le mong. (Matheu 19:​4-6) Ka lehlakoreng le leng, melao eo batho ba e entseng ka manyalo a batho ba bong bo tšoanang e amana le polotiki eseng boitšoaro. Bibele e re Bakreste ha baa lokela kena-kenana le lipolotiki. (Johanne 18:​36) Kahoo, ha ba buelle kapa hona ho hanyetsa melao ea ’muso e amanang le manyalo a batho ba bong bo tšoanang kapa ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang.

 Ho thoe’ng haeba . . . ?

 Ho thoe’ng haeba hona joale motho a ntse a ratana le motho oa bong bo tšoanang le ba hae? Na a ka khona ho fetoha?

 Ho joalo. Mehleng ea phutheho ea pele ea Bokreste, ho na le batho ba ileng ba khona ho fetoha. Bibele e ile ea bolela hore batho ba ratanang le batho ba bong bo tšoanang le ba bona ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo. Ka mor’a moo e ile ea re: “Ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona.”​—1 Bakorinthe 6:11.

 Na seo se bolela hore batho ba neng ba tloaetse ho ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba bona ba ne ba se ba se na boikutlo boo ho hang? Ha ho joalo. Bibele e re: “Le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa.” (Bakolose 3:​10) Ho nka nako hore motho a fetohe.

 Ho thoe’ng haeba motho ea batlang ho mamela melao ea Molimo a ntse a e-na le boikutlo ba ho ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba hae?

 E le hore boikutlo ba ho ratana le batho ba bong bo tšoanang bo se ke ba hola, motho o lokela ho qoba ho nahana kapa ho etsa lintho tse tla qetella li mo susumelelitse hore a be le boikutlo boo. A ka etsa seo joang? Bibele e re: “Le ’ne le tsamaee ka moea ’me ho hang le ke ke la phetha takatso ea nama.”​—Bagalata​5:16.

 Hlokomela hore temana eo ha e re motho a ke ke a ba le takatso eo ho hang. Empa motho a ka ba le matla a ho loantša litakatso tseo haeba a bala Bibele a bile a rapela kamehla.

 David eo ho buuoeng ka eena qalong o ile a bona hore sena ke ’nete. Ntho e ileng ea mo thusa hape ke ho bua le batsoali ba hae ba Bakreste ka bothata ba hae. O re: “Ke ile ka utloa ke imolohile haholo ebile ke nahana hore nka be ke ile ka thabela bocha ba ka haholo haeba ke ne ke ile ka bua le bona ho tloha qalong.”

 Taba ea bohlokoa ke hore re thaba le ho feta ha re mamela melao ea Jehova. Re kholisehile hore litaelo tsa hae “li lokile, li thabisa pelo” ebile “ho li boloka ho na le moputso o moholo.”​—Pesaleme ea 19:​8, 11.