Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Ruri re ka Tseba Molimo?

Na Ruri re ka Tseba Molimo?

“Ha ho na motho ea ka utloisisang hore na Molimo o joang.” —Philo oa Alexandria, e leng rafilosofi oa lekholong la pele la lilemo.

‘Molimo ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ —Saule oa Tarsase ha a ne a bua le bo-rafilosofi ba Athene lekholong la pele la lilemo.

HA U bala lipolelo tsee tse peli, u bona eka ke efe e hlalosang tsela eo u ikutloang ka eona? Mantsoe a Saule oa Tarsase, eo hape a bitsoang moapostola Pauluse, a khothatsa batho ba bangata ebile aa ba tšelisa. (Liketso 17:26, 27) Bibele le eona e na le mantsoe a khothatsang joaloka ao. Ka mohlala, Jesu o ile a rapela thapelo e kholisang balateli ba hae hore ba ka tseba Molimo le ho fumana litlhohonolofatso tsa hae.—Johanne 17:3.

Leha ho le joalo, bo-rafilosofi ba kang Philo ba ne ba sa shebe litaba joalo. Ba ile ba bolela hore ha ho mohla re ka tsebang Molimo hobane ha ho na motho ea ka utloisisang hore na o joang. Empa na seo ke ’nete?

Bibele e bolela ka ho toba hore ho na le lintho tseo batho ba ke keng ba li utloisisa ka Molimo. Ka mohlala, ha ho na motho ea tsebang hore na ’Mōpi o na le nako e kae a le teng kapa ea ka utloisisang bohlale ba hae bo ke keng ba lekanngoa. Ha ho na motho le ea mong ea ka utloisisang lintho tsena. Leha ho le joalo, hore ebe batho ha ba khone ho utloisisa lintho tsena, ha ho ba thibele hore ba tsebe Molimo. Ha e le hantle ha ba thuisa ka tsona ba tla ‘atamela ho Molimo.’ (Jakobo 4:8) A re ke re hlahlobe mehlala e seng mekae ea lintho tseo re ke keng ra li utloisisa ka Molimo, ebe re hlahloba tseo re ka li utloisisang ka eena.

Lintho Tseo re ke Keng ra li Utloisisa

MOLIMO O TENG KA HO SA FELENG: Bibele e re haesale Molimo a le teng “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 90:2) Ka mantsoe a mang, Molimo ha a na qalo ebile ha a na qetello. Kahoo, ha ho na motho ea ka tsebang hore na lilemo tsa hae li kae.—Jobo 36:26.

Kamoo u ruang molemo kateng: Molimo o tšepisa hore u tla phela ka ho sa feleng hafeela u mo tseba haholoanyane. (Johanne 17:3) Na re ne re ka lumela hore tšepiso eo ke ’nete haeba Molimo a ne a sa phele ka ho sa feleng? Ke “Morena oa bosafeleng” feela ea ka phethahatsang tšepiso eo.—1 Timothea 1:17.

MONAHANO OA MOLIMO: Bibele e ruta hore “kutloisiso ea [Molimo] e ke ke ea batlisisoa” hobane menahano ea hae e phahametse ea rōna haholo. (Esaia 40:28; 55:9) Ka nepo, Bibele e botsa potso e reng: “Ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?”—1 Bakorinthe 2:16.

Kamoo u ruang molemo kateng: Molimo o khona ho mamela lithapelo tsa batho ba limilione ka nako e le ’ngoe. (Pesaleme ea 65:2) O ela hloko le lirobele tsohle tse oelang fatše. Na Molimo a ka ikutloa a imetsoe kelellong hoo a ka sitoang ho u bona kapa ho mamela lithapelo tsa hao? Seo se ke ke sa etsahala kaha o na le kelello e chatsi. Ho feta moo, ho eena ‘u ua bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.’—Matheu 10:29, 31.

LITSELA TSA MOLIMO: Bibele e re ‘le ka mohla motho a ke ke a fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.’ (Moeklesia 3:11) Ke kahoo re ke keng ra tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo. Tsela e bohlale eo Molimo a entseng lintho ka eona ‘ke e ke keng ea batlisisoa.’ (Baroma 11:33) Leha ho le joalo, o ikemiselitse ho e senolela batho ba batlang ho mo khahlisa.—Amose 3:7.

Ha ho na motho ea tsebang hore na ’Mōpi o na le nako e kae a le teng kapa ea ka utloisisang bohlale ba hae bo ke keng ba lekanngoa

Kamoo u ruang molemo kateng: Ha u bala Bibele, u tla lula u ithuta lintho tse ncha ka Molimo le ka tsela eo a etsang lintho ka eona. Sena se bolela hore re tla tsoela pele ho ithuta ka Ntate oa rōna ea leholimong ’me re atamele haufi le eena.

Seo U ka Ithutang Sona

Hore ebe ha re khone ho utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo, ha ho bolele hore ho hang re ke ke ra mo tseba. Bibele e na le boitsebiso bo bongata bo re thusang ho tseba Molimo. Nahana ka mehlala e latelang:

LEBITSO LA MOLIMO: Bibele e re Molimo o ithehile lebitso. O re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng, e leng hangata ho feta lebitso leha e le lefe le leng.—Esaia 42:8.

Kamoo u ruang molemo kateng: Thapelong ea mohlala Jesu o ile a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) E ka ba hantle hore le uena u sebelise lebitso la Molimo ha u rapela. Jehova o ikemiselitse ho pholosa bohle ba hlomphang lebitso la hae.—Baroma 10:13.

MOO MOLIMO A LULANG TENG: Bibele e re ho na le ‘libaka’ tse peli—e leng leholimo moo ho phelang libōpuoa tsa moea le lefatše hammoho le bokahohle. (Johanne 8:23; 1 Bakorinthe 15:44) Hangata ka Bibeleng, lentsoe “leholimo” le bolela sebaka sa moea. Ke sona “sebaka sa [’Mōpi] sa bolulo.”—1 Marena 8:43.

Kamoo u ruang molemo kateng: U khona ho utloisisa Molimo haholoanyane. ’Mōpi hase matla a sollang hohle. Jehova ke Motho oa sebele ebile ho na le moo a lulang teng. Leha ho le joalo, “ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a hae.”—Baheberu 4:13.

BOTHO BA MOLIMO: Bibele e ruta hore Jehova o na le litšobotsi tse ratehang. “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ha ho mohla a buang leshano. (Tite 1:2) Ha a leeme, o mohau, o mosa ebile o lieha ho halefa. (Exoda 34:6; Liketso 10:34) Batho ba bangata ba ka ’na ba makatsoa ke hore ’Mōpi o labalabela ho ba le “kamano e haufi-ufi” le ba mo hlomphang.—Pesaleme ea 25:14.

Kamoo u ruang molemo kateng: U ka ba motsoalle oa Jehova. (Jakobo 2:23) Ha u ntse u ithuta ka botho ba hae, u tla utloisisa litlaleho tsa Bibele haholoanyane.

‘MO BATLE’

Bibele e hlalosa Jehova Molimo ka ho hlakileng. Le hoja ’Mōpi a phahame ka ho fetisisa, o batla hore re mo tsebe. Lentsoe la hae Bibele le re: “Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane.” (1 Likronike 28:9) U ka tseba Molimo ka hore u bale Bibele le ho nahanisisa ka seo u se balang. Ha u etsa joalo, Bibele e tšepisa hore Molimo ‘o tla atamela ho uena.’—Jakobo 4:8.

Ha u bala Bibele, u tla lula u ithuta lintho tse ncha ka Molimo le ka tsela eo a etsang lintho ka eona

U ka ’na ua re, ‘Kaha nke ke ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ’Mōpi, nka ba motsoalle oa hae joang?’ Nahana ka sena: Na motsoalle oa hlooho ea khomo oa ngaka, e lokela ho ba ngaka? Ho hang! Motsoalle oa ngaka a ka sebetsa mosebetsi o fapaneng. Leha ho le joalo, e ka ba metsoalle e haufi-ufi. Ntho ea bohlokoa ke hore motsoalle oa ngaka eo a e tsebe a be a tsebe seo e se ratang le seo e sa se rateng. Ka ho tšoanang, Bibele e ka u bolella hore na Jehova ke motho oa mofuta ofe, e leng seo u lokelang ho se tseba hore u be motsoalle oa hae.

Bibele ha e bue lintho tse sa hlakang ka ’Mōpi, ho e-na le hoo, e na le boitsebiso boo re bo hlokang e le hore re tsebe Molimo. Na u ka thabela ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova Molimo? Lipaki Tsa Jehova li na le lenaneo la ho ithuta Bibele le batho li sa ba lefise. Re kōpa u ikopanye le Lipaki tsa sebakeng sa heno kapa u kene websaeteng ea jw.org.