Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ‘Utloisisa se Boleloang’?

Na U ‘Utloisisa se Boleloang’?

“Joale a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.”—LUKA 24:45.

1, 2. Jesu o ile a matlafatsa barutuoa ba hae joang letsatsing leo a tsositsoeng ka lona?

KE LETSATSING leo Jesu a tsositsoeng ka lona. Barutuoa ba hae ba babeli ba ne ba ea motseng o mong o lik’hilomithara tse ka bang 11,2 ho tloha Jerusalema. Ba ne ba nyahamisitsoe ke lintho tse sa tsoa etsahala, kaha ba ne ba e-s’o tsebe hore Jesu o tsositsoe bafung. Ba sa lebella, Jesu o ile a hlaha ’me a tsamaea le bona. O ile a tšelisa barutuoa bao. Ka tsela efe? O ile a qala ho bua ka “Moshe le Baprofeta kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong.” (Luka 24:13-15, 27) Kahoo lipelo tsa bona li ile tsa qala ho chesa kaha o ile a ba “bulela,” kapa a ba hlalosetsa Mangolo ka botlalo.—Luka 24:32.

2 Barutuoa bao ba babeli ba ile ba khutlela Jerusalema hona mantsiboeeng ao. Ha ba fihla moo, ba bolella baapostola lintho tse ba etsahalletseng. Ha ba ntse ba bua, Jesu a hlaha ho bona kaofela. Baapostola ba ile ba tšoha haholo. Eaba ba qala ho ipotsa lipotso. Jesu o ile a ba matlafatsa joang? Bibele e re: “Joale a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.”—Luka 24:45.

3. Re ka ’na ra tobana le mathata afe, hona ke’ng e ka re thusang hore re be le pono e loketseng ka tšebeletso ea rōna?

3 Ho tšoana le barutuoa bao, le rōna re ka ’na ra nyahama ka linako tse ling. Mohlomong re sebetsa ka thata mosebetsing oa Morena, empa re nyahamisoa ke hore ha re bone litholoana. (1 Bakor. 15:58) Kapa re ka ’na ra bona eka batho bao re ithutang le bona ha ba tsoele pele hakaalo. Ba bang bao re ba thusitseng ba ka ’na ba furalla Jehova. Re ka etsa’ng e le hore re be le pono e loketseng ka tšebeletso ea rōna? Ntho e ’ngoe e ka re thusang ke ho utloisisa ka botlalo moelelo oa lipapiso tsa Jesu tse tlalehiloeng ka Mangolong a Halalelang. A re hlahlobeng tse tharo tsa tsona ’me re bone hore na re ka ithuta’ng ho tsona.

MOJALI EA ROBALANG

4. Moelelo oa papiso ea Jesu ea mojali ea robalang ke ofe?

4 Bala Mareka 4:26-29. Moelelo oa papiso ea Jesu ea mojali ea robalang ke ofe? Mojali ea papisong eo o tšoantšetsa mohoeletsi e mong le e mong oa ’Muso. Peō ke molaetsa oa ’Muso o bolelloang ba lipelo li ntle. Ka tloaelo, mojali o oa ‘robala bosiu ’me o oa tsoha motšehare.’ Ka mor’a ho jala peō, lijalo li nka nako ho hōla ho fihlela li kotuloa. Ka nako eo, “peō ea hlaha ’me ea hōla e ba telele.” Khōlo ena e iketsahalla ka boeona ’me e etsahala butle-butle le ka mekhahlelo. Khōlo ea moea le eona e etsahala butle-butle le ka mekhahlelo. Ha motho a hatela pele hoo a susumelletsehang ho sebeletsa Molimo, o beha litholoana ka hore a inehele ho Jehova ’me a kolobetsoe.

5. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ea mojali?

5 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ee? Jesu o re thusa ho lemoha hore Jehova ke eena ea hōlisang ’nete lipelong tsa ba nang “le tšekamelo e nepahetseng.” (Lik. 13:48; 1 Bakor. 3:7) Rea lema le ho noesetsa, empa hase rōna ba hōlisang. Re ke ke ra qobella khōlo kapa hona ho e potlakisa. Feela joaloka mojali ea papisong, ha re tsebe hore na peō e mela joang. Ha re ntse re etsa mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi, hangata ha re elelloe hore e ntse e hōla. Empa ha nako e ntse e ea, peō ea ’Muso e ka ’na ea beha litholoana. Joale morutuoa e mocha o kopanela le rōna mosebetsing oa kotulo, ’me re thabela thuso ea hae.—Joh. 4:36-38.

6. Re lokela ho elelloa eng tabeng ea khōlo ea motho moeeng?

6 Re ithuta’ng papisong ee? Ntlha ea pele, re lokela ho elelloa hore hase rōna ba etsang hore seithuti sa Bibele se hōle moeeng. Boikokobetso bo tla re qobisa teko ea hore re batle ho hatella seithuti kapa ho se qobella hore se kolobetsoe. Re etsa sohle se matleng a rōna ho thusa motho eo, empa ka boikokobetso rea elelloa hore qetellong ke eena ea lokelang ho etsa qeto ea ho inehela. Motho o lokela ho inehela hobane a rata Molimo. Ho seng joalo, Jehova a ke ke a amohela boinehelo ba hae.—Pes. 51:12; 54:6; 110:3.

7, 8. (a) Re ithuta lintlha life tse ling papisong ea Jesu ea mojali? Fana ka mohlala. (b) Papiso ee e re ruta’ng ka Jehova le Jesu?

7 Ntlha ea bobeli, ho utloisisa moelelo oa papiso ena ho tla re thusa hore re se ke ra nyahama, ha qalong re sa bone liphello tsa mosebetsi oa rōna. Re lokela ho ba le mamello. (Jak. 5:7, 8) Esita le haeba peō e sa behe litholoana, ha re etsa sohle se matleng a rōna ho thusa seithuti, re tla elelloa hore seo hase bolele hore ha re tšepahale. Jehova o lumella peō ea ’nete hore e hōle lipelong tse ikokobelitseng, tsa ba ikemiselitseng ho fetoha. (Mat. 13:23) Kahoo ha rea lokela ho lekanyetsa ho atleha ha rōna tšebeletsong ka liphello tse bang teng. Jehova ha a lekanyetse katleho ea rōna ka hore na batho bao re ba rutang ba arabela joang. Ho e-na le hoo, o ananela boiteko boo re bo etsang ho sa tsotellehe hore na liphello ke life.—Bala Luka 10:17-20; 1 Bakorinthe 3:8.

8 Ntlha ea boraro, ka linako tse ling ha re lemohe liphetoho tseo batho ba li etsang. Ka mohlala, banyalani ba bang ba neng ba ithuta le moromuoa e mong, ba ile ba mo bolella hore ba batla ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. O ile a ba hopotsa hore ba lokela ho khaotsa ho tsuba e le hore ba tšoanelehe. O ile a makala ha ba mo bolella hore ba se ba qetile likhoeli ba sa tsube. Ke’ng e ileng ea etsa hore ba khaotse? Ba ne ba ithutile hore Jehova o oa bona ha ba tsuba le hore o hloile boikaketsi. Kahoo lipelo tsa bona li ile tsa ba susumelletsa hore ba khethe pakeng tsa ho tsuba moromuoa eo a le teng, kapa ba khaotse ka ho feletseng. Lerato la bona ho Jehova le ile la ba thusa hore ba etse qeto e nepahetseng. Ba ne ba se ba hōlile moeeng, le hoja moromuoa eo a ne a sa elelloe seo.

LETLOOA

9. Moelelo oa papiso ea letlooa ke ofe?

9 Bala Matheu 13:47-50. Moelelo oa papiso ea Jesu ea letlooa ke ofe? Jesu o ile a tšoantša ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso le letlooa le leholo le lahleloang ka leoatleng. Feela joalokaha letlooa le tšoasa “litlhapi tsa mofuta o mong le o mong,” mosebetsi oa rōna oa boboleli o hohela batho ba limilione ba mefuta eohle. (Esa. 60:5) Batho ba bangata ba tlang likopanong le Sehopotsong selemo le selemo ke bopaki ba seo. Litlhapi tse ling tsa tšoantšetso li “ntle,” ’me li bokelleloa ka phuthehong ea Bokreste. Empa tse ling ke “tse sa lokang”; kaha hase bohle ba bokelloang ba amohelehang ho Jehova.

Ka mor’a ho bala Matheu 13:47-50 . . .

10. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ea letlooa?

10 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ee? Ho aroloa ha litlhapi ha ho tšoantšetse kahlolo ea ho qetela nakong ea matšoenyeho a maholo. Ho e-na le hoo, ho bontša se tla etsahala matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena e khopo. Jesu o ile a bontša hore hase bohle ba ratang ’nete ba tla ema ka lehlakoreng la Jehova. Batho ba bangata ba tla libokeng tsa rōna. Ba bang ba ithutile Bibele le rōna empa ha baa ikemisetsa ho nka khato. (1 Mar. 18:21) Ha ba bang bona ba se ba sa kopanele le phutheho ea Bokreste. Bacha ba bang ba hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, empa ke hona ba ntseng ba lokela ho ithuta ho rata melao ea Jehova. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Jesu o ile a totobatsa hore motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto. O nka batho ba joalo e le ba bohlokoa, kapa e le “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.”—Hag. 2:7.

. . . bona kamoo e sebetsang kateng kajeno

11, 12. (a) Re ithuta’ng papisong ea letlooa? (b) Papiso ee e re ruta’ng ka Jehova le Jesu?

11 Re ka ithuta’ng papisong ea letlooa? Ha re utloisisa papiso ena, seo se ka re thusa hore re se ke ra tšoenyeha kapa ra nyahama ha motho eo re ithutang Bibele le eena, kapa ngoana e mong a sa amohele ’nete. Sena se ka etsahala le hoja re entse sohle se matleng a rōna. Ha motho a lumetse ho ithuta Bibele kapa a hōliselitsoe ’neteng, seo hase bolele hore joang kapa joang o tla ba le kamano e ntle le Jehova. Batho ba sa ikemisetsang ho ikokobelletsa bobusi ba Jehova, ba tla tlosoa har’a batho ba Molimo.

Ba bang ba khahloang ke ’nete ba tla ema ka lehlakoreng la Jehova (Sheba serapa sa 9-12)

12 Na see se bolela hore batho ba furaletseng ’nete ba ke ke ba hlola ba lumelloa ho khutlela ka phuthehong? Kapa haeba motho a sa inehele ho Jehova, na o tla lula e le ‘ea sa lokang’ ka ho sa feleng? Che. Ho sa na le monyetla oa hore batho ba joalo ba khutle pele matšoenyeho a maholo a qala. Ho tšoana le ha Jehova a re ho bona: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna.” (Mal. 3:7) Sena se totobatsoa ke papiso e ’ngoe eo Jesu a ileng a e etsa, ea mora ea lehlasoa.—Bala Luka 15:11-32.

MORA EA LEHLASOA

13. Moelelo oa papiso ea mora ea lehlasoa ke ofe?

13 Moelelo oa papiso ea Jesu ea mora ea lehlasoa ke ofe? Ntate ea nang le kutloelo-bohloko ea papisong ena o tšoantšetsa Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong, e leng Jehova. Mora ea kōpang lefa la hae ’me a le senya, o tšoantšetsa ba sieang phutheho. Ha ba tlohela phutheho, ho tšoana le ha ba ea “naheng e hōle,” e leng lefatše la Satane le furaletseng Jehova. (Baef. 4:18; Bakol. 1:21) Ba bang baa hlaphoheloa ha nako e ntse e ea, ’me ba sebetsa ka thata ho khutlela mokhatlong oa Jehova. Ntate oa rōna ea tšoarelang o ba amohela ka mofuthu, kaha ba ikokobelitse ebile ba bakile.—Esa. 44:22; 1 Pet. 2:25.

14. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ea mora ea lehlasoa?

14 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa papiso ee? Jesu o ile a bontša ka tsela e amang maikutlo hore Jehova o batla hore ba hlahlathetseng ba khutlele ho Eena. Ntate ea papisong ena o ile a lula a e-na le tšepo ea hore mora o tla khutla. Ha a bona mora a khutla, le hoja a ne “a sa ntse a le hōle,” o ile a matha ’me a mo khahlametsa. Ruri lena ke lebaka le matla le lokelang ho susumelletsa ba tlohetseng phutheho hore ba khutlele ho Jehova, ntle ho tšenyo ea nako! Kaha kamano ea bona le Jehova e ea fokola, ba ka ’na ba tšaba kapa ba thatafalloa ho khutla. Empa ho etsa boiteko bo joalo hase tšenyo ea nako—etsoe ba maholimong baa thaba ha ba khutla.—Luka 15:7.

15, 16. (a) Re ithuta’ng papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa? Fana ka mohlala. (b) Papiso ee e re ruta’ng ka Jehova le Jesu?

15 Re ka ithuta’ng papisong ea mora ea lehlasoa? Re lokela ho etsisa mohlala oa Jehova. Ha re batle hore le ka mohla re iketse ba “lokileng ho feta tekanyo,” ka hore re hane ho amohela baetsalibe ba bakileng. Sena se ka re bakela mathata moeeng. (Moek. 7:16) Re boetse re ithuta ntlha e ’ngoe papisong ena. Re lokela ho nka motho ea tlohetseng phutheho e le “nku e lahlehileng,” eseng e le ba-e-hlōtse. (Pes. 119:176) Haeba re kopana le motho ea tlohetseng phutheho, na re tla mo thusa ka lerato hore a khutlele ka phuthehong? Na re tla potlakela ho tsebisa baholo e le hore ba mo thuse? Re tla etsa seo haeba re sebelisa ka bohlale seo re ithutang sona papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa.

16 Hlokomela kamoo batho ba bang ba ileng ba lahla phutheho ba ananelang kateng mosa oa Jehova hammoho le tsela eo phutheho e ba bontšitseng lerato le ho ba tšehetsa ka eona. Mor’abo rōna e mong ea qetileng lilemo tse 25 a khaotsoe, o re: “Thabo ea ka e ntse e eketseha le ho feta haesale ke khutlisetsoa ka phuthehong, ha ke ntse ke fumana “linako tse khathollang” tse tsoang ho Jehova. (Lik. 3:19) Bohle baa ntšehetsa le ho mpontša lerato! Hona joale ke na le lelapa le ntšehetsang la moea.” Morali’abo rōna ea ileng a furalla Jehova ’me a khutla ka mor’a lilemo tse hlano, o re: “Ha ke khone ho hlalosa boikutlo boo ke bileng le bona ha ke bontšoa lerato leo Jesu a buileng ka lona. Ha ho letho le ka bapisoang le ho ba ka mokhatlong oa Jehova!”

17, 18. (a) Re ithutile lintlha life tsa bohlokoa lipapisong tse tharo tseo re sa tsoa li tšohla? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

17 Ke lintlha life tsa bohlokoa tseo re ithutileng tsona lipapisong tsee tse tharo? Ea pele, re lokela ho amohela hore ha re na matla a ho laola khōlo ea batho ea moea. Ke Jehova ea e laolang. Ea bobeli, re ke ke ra lebella hore batho bohle ba kopanelang le rōna le bao re ithutang le bona ba amohele ’nete. Ea ho qetela, le hoja ba bang ba ka ’na ba tlohela ’nete ’me ba furalla Jehova, ha rea lokela ho felloa ke tšepo ea hore ba tla khutla. Empa haeba ba khutla, re lokela ho ba amohela ka tsela e bonahatsang boikutlo bo kang ba Jehova.

18 E se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele ho batla tsebo, kutloisiso le bohlale. Ha re ntse re bala lipapiso tsa Jesu, re lokela ho ipotsa hore na li bolela’ng, ke hobane’ng ha li tlalehiloe ka Bibeleng, re ka sebelisa seo re ithutang sona ho tsona joang le hore na li re ruta’ng ka Jehova le Jesu. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re utloisisa moelelo oa mantsoe a Jesu.