Kosepele ea Mareka 4:1-41

  • LIPAPISO TSA ’MUSO OA MOLIMO (1-34)

    • Mojali (1-9)

    • Ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisa lipapiso? (10-12)

    • Papiso ea mojali ea hlalosoa (13-20)

    • Lebone ha le lule tlas’a baskete (21-23)

    • Ntho eo le lekanyetsang ba bang ka eona (24, 25)

    • Mojali ea robalang (26-29)

    • Peo ea mosetareta (30-32)

    • Jesu o sebelisa lipapiso (33, 34)

  • Jesu o khalemela sefefo (35-41)

4  A boela a ruta batho a le pel’a leoatle eaba letšoele le leholo le bokana haufi le eena. Kahoo, a palama sekepe a lula ka har’a sona a le hole le lebopo empa batho kaofela ba ne ba le pel’a leoatle.+  A ba ruta lintho tse ngata ka ho ba etsetsa lipapiso,+ ha a ntse a ba ruta a re:+  “Mamelang, mojali o ile a tsoa ho ea jala.+  Ha a ntse a jala, peo e ’ngoe ea oela haufi le tsela eaba linonyana lia e ja.  E ’ngoe ea oela lipakeng tsa majoe moo ho se nang mobu o mongata. Ea mela hang-hang hobane mobu o ne o sa teba.+  Ha letsatsi le chaba ea cha eaba ea omella hobane e ne e se na metso.  E ’ngoe ea oela har’a meutloa eaba meutloa ea hola ea e bipetsa, ea se ke ea beha litholoana.+  E ’ngoe eona ea oela mobung o motle, ea hola ea e-ba kholo ’me ea qala ho beha litholoana. Peo e ’ngoe ea beha litholoana tse imenneng ka makhetlo a 30, e ’ngoe ea beha tse imenneng ka makhetlo a 60, e ’ngoe eona ea beha tse imenneng ka makhetlo a 100.”+  A boela a re: “Ea nang le litsebe a ke a utloe.”+ 10  Ka mor’a hore letšoele le tsamaee, baapostola ba 12 hammoho le batho ba neng ba e-na le eena ba mo botsa ka lipapiso tseo.+ 11  Eaba o re ho bona: “Le lumeletsoe ho utloisisa sephiri se halalelang+ sa ’Muso oa Molimo empa ba bang bona ba bolelloa lintho tsohle ka ho etsetsoa lipapiso+ 12  hobane le hoja ba shebile, ha ba bone ’me le hoja ba utloa, ha ba utloisise ebile ha ba khutlele ho Molimo e le hore ba tšoareloe.”+ 13  A boela a re ho bona: “Ha le sa utloisise papiso ee, le tla utloisisa tse ling kaofela joang? 14  Mojali o jala lentsoe.+ 15  Peo e jetsoeng haufi le tsela ke batho ba utloang lentsoe empa hang ka mor’a ho le utloa, Satane oa tla+ ’me o tlosa lentsoe le jetsoeng lipelong tsa bona.+ 16  Peo e jetsoeng lipakeng tsa majoe ke batho ba amohelang lentsoe ka thabo hang ha ba le utloa.+ 17  Empa kaha molaetsa ha oa mela ka metso ka lipelong tsa bona, ba o lumela ka nakoana ebe hang ha ho hlaha matšoenyeho kapa mahloriso ka lebaka la molaetsa oa ’Muso, ba khaotsa ho lumela molaetsa oo. 18  Peo e jetsoeng har’a meutloa ke batho ba utloileng lentsoe+ 19  empa mathata+ a lefatše lena,* tabatabelo ea ho rua*+ le litakatso+ tsa lintho tse ling kaofela, lia hlasela li bipetsa lentsoe ebe ha le behe litholoana. 20  Peo e jetsoeng mobung o motle ke batho ba mamelang lentsoe, baa le amohela ’me ba beha litholoana, ba bang ba beha tse imenneng ka makhetlo a 30, ba bang a 60, ba bang a 100.”+ 21  A boela a re ho bona: “Lebone ha le lule tlas’a baskete kapa tlas’a bethe empa le lula holim’a tafole.+ 22  Etsoe lintho tsohle tse patiloeng li tla pepesoa, le lintho tsohle tse patiloeng ka thata li tla hlahella.+ 23  Mang kapa mang ea nang le litsebe a ke a utloe.”+ 24  A boela a re ho bona: “Mamelang ka hloko seo le se utloang.+ Le tla lekanyetsoa ka ntho eo le lekanyetsang ba bang ka eona le be le ekeletsoe. 25  Etsoe ea nang le letho o tla ekeletsoa+ empa ea se nang letho o tla amohuoa le hoo a nang le hona.”+ 26  Eaba o re: “’Muso oa Molimo o ka tšoantšoa le motho ea ileng a lahlela peo mobung. 27  Oa robala bosiu, a tsohe hoseng ebe peo ea hlaha le limela lia hola li ba kholo, hore na joang ha a tsebe. 28  Litholoana li hlaha butle-butle, ho hlaha lehlaka pele, ho latele hloohoana ebe e e-ba lithollo tse tletseng hloohoaneng. 29  Empa hang ha limela li butsoitse, o li hela ka sekele hobane ke nako ea ho kotula.” 30  A tsoela pele ho re: “Re ka tšoantša ’Muso oa Molimo le eng kapa re ka o hlalosa ka papiso efe? 31  O tšoana le peo ea mosetareta. E jaloa e le nyenyane ho feta lipeo tsohle tse lefatšeng.+ 32  Empa ha e jetsoe, ea hola e ba kholo ho feta meroho e meng kaofela ebe e hlahisa makala a maholo, le linonyana li khona ho fumana bolulo tlas’a moriti oa eona.” 33  Jesu o ne a ba bolella lentsoe ka ho ba etsetsa lipapiso tse ngata+ tsa mofuta oo, ho ea ka hore na ba ne ba khona ho utloisisa eng. 34  O ne a sa bue le bona a sa etse papiso empa o ne a hlalosetsa barutuoa ba hae lintho tsohle moo ba leng bang.+ 35  Letsatsing leo, ha shoalane e tšoere, a re ho bona: “A re tšeleleng lebopong le leng.”+ 36  Kahoo, ka mor’a hore ba bolelle letšoele hore le tsamaee, ba isa Jesu ka sekepeng.* Ho ne ho e-na le likepe tse ling pel’a sekepe seo.+ 37  Ho ile ha tsoha sefefo se matla ’me metsi a ’na a otla sekepe hampe le ho kena ka har’a sona hoo se neng se le haufi le ho tlala.+ 38  Empa o ne a le karolong e ka morao ea sekepe a robetse mosamong. Kahoo, ba mo tsosa ba re ho eena: “Mosuoe, na ha u bone hore rea shoa?” 39  Eaba oa tsoha o khalemela sefefo ka matla ’me o re ho leoatle: “Thola! Khutsa!”+ Eaba moea oa kokobela ’me ha thola tu! 40  Kahoo, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšohile* hakaale? Na ha le na tumelo?” 41  Empa ba ikutloa ba tšohile ka tsela e sa tloaelehang ’me ba buisana ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang? Esita le sefefo le leoatle lia mo mamela.”+

Linaletsana

Kapa: “thetso ea maruo.”
Ka Segerike: “ka sekepeng, feela joalokaha a ne a le ka ho sona.”
Kapa: “le boi.”