Kosepele ea Mareka 14:1-72
-
Baprista ba rera ho bolaea Jesu (1, 2)
-
Jesu o tšeloa ka oli e nkhang hamonate (3-9)
-
Judase o rekisa Jesu (10, 11)
-
Paseka ea ho qetela (12-21)
-
Jesu o theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena (22-26)
-
Petrose oa joetsoa hore o tla latola Jesu (27-31)
-
Jesu o rapela a le Gethesemane (32-42)
-
Jesu oa tšoaroa (43-52)
-
Nyeoe Lekhotleng le Phahameng la Bajuda (53-65)
-
Petrose o latola Jesu (66-72)
14 Ho ne ho setse matsatsi a mabeli pele+ ho Paseka+ le Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Baprista ba baholo le bangoli ba ne ba ntse ba batla hore na ba ka mo tšoara joang ka bolotsana ebe baa mo bolaea.+
2 Ba ne ba re: “Re se ke ra mo tšoarela moketeng hobane batho ba ka ’na ba etsa moferefere.”
3 Ha a le Bethani a ntse a ja ha Simone ea neng a kile a tšoaroa ke lepera, mosali e mong a fihla a nkile botlolo ea alabastera e tšetseng oli e turu e nkhang hamonate, e le nareda ea ’nete. A pshatla molomo oa botlolo eo eaba o tšela oli hloohong ea Jesu.+
4 Balateli ba bang ba Jesu ba ne ba halefile haholo eaba baa botsana ba re: “Oli ee e senyetsoa’ng?
5 E ka be e rekisitsoe ka lidenari* tse ka holimo ho 300 ebe chelete eo e fuoa bafutsana.” Ba ne ba koatetse* mosali eo haholo.
6 Empa Jesu a re: “Mo tloheleng. Ke hobane’ng ha le mo nyahamisa? O nketselitse ntho e ntle.+
7 Le tla lula le e-na le bafutsana+ ’me le ka ba thusa neng kapa neng ha le batla empa le ke ke la lula le e-na le ’na.+
8 O entse seo a neng a ka se khona, o tšetse ’mele oa ka ka oli e nkhang hamonate e le ho ntokisetsa lepato esale pele.+
9 Kannete ke re ho lona, kae kapa kae moo litaba tsena tse monate tsa ’Muso oa Molimo li boleloang teng lefatšeng lohle,+ ntho eo mosali enoa a e entseng le eona e tla boleloa e le hore a hopoloe ka eona.”+
10 E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota a ea ho baprista ba baholo ho ba thusa ho tšoara Jesu.+
11 Ha ba utloa, ba thaba eaba ba mo tšepisa chelete ea silevera.+ Kahoo, a ’na a batla monyetla oa ho mo rekisa.*
12 Ka letsatsi la pele la Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso,+ ha ba etsa sehlabelo sa Paseka+ joalokaha ba ne ba tloaetse, barutuoa ba hae ba re ho eena: “U batla hore re u lokisetse ho jella Paseka hokae?”+
13 Eaba o roma barutuoa ba hae ba babeli ’me o re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi. Le mo sale morao+
14 ebe moo a tla kena teng le re ho mong’a ntlo: ‘Mosuoe o re: “Kamore ea baeti eo nka jellang Paseka ho eona le barutuoa ba ka ke efe?”’
15 O tla le bontša kamore e kholo e mokatong o ka holimo, e nang le lintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.”
16 Barutuoa ba kena motseng ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ne a ba boleletse eaba ba lokisetsa Paseka.
17 Ka mor’a hore shoalane e tšoare, a tla le barutuoa ba hae ba 12.+
18 Ha ba ntse ba lutse tafoleng ba ja, Jesu a re: “Kannete kea le joetsa, e mong oa lona ea jang le ’na o tl’o nthekisa.”*+
19 Ba sareloa eaba e mong le e mong o re: “Na ke ’na?”
20 A re ho bona: “Ke e mong oa lona ba 12 ea kenyang letsoho le ’na ka sekotlolong.+
21 Mor’a motho o tla shoa feela joalokaha Mangolo a bolela empa ho malimabe motho ea mo rekisang.*+ Ho ka be ho bile molemo ha motho eo a ne a sa tsoaloa.”+
22 Ha ba ntse ba ja, Jesu a nka bohobe, a rapela, a bo qhetsola eaba o ba fa bona ’me o re: “Bo nkeng, bohobe bona bo emela ’mele oa ka.”+
23 A nka senoelo se tšetseng veine, a leboha Molimo, a ba fa sona eaba kaofela baa noa.+
24 A re ho bona: “Veine ena e emela mali a ka+ e leng ‘mali a selekane’+ a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata.+
25 Kannete kea le bolella, nke ke ka hlola ke noa veine ena hape ho fihlela letsatsing leo ka lona ke e noang e le ncha ’Musong oa Molimo.”
26 Ha ba qeta ho binela Molimo lithoriso,* ba tsoa ba ea Thabeng ea Mehloaare.+
27 Eaba Jesu o re ho bona: “Kaofela ha lona le tla ntahla* hobane Mangolo a re: ‘Ke tla otla molisa,+ linku li qhalane.’+
28 Empa ka mor’a hore ke tsosoe ke tla le etella pele ho kena Galilea.”+
29 Empa Petrose a re ho eena: “Le haeba ba bang kaofela ba u lahla,* ’na nke ke ka u lahla.”+
30 Eaba Jesu o re ho eena: “Kannete ke re ho uena, bosiung bona pele mokoko o lla habeli, u tla be u ntatotse hararo.”+
31 Empa a tiisa a re: “Le haeba nka lokela ho shoa le uena, ho hang nke ke ka u latola.” Ba bang kaofela le bona ba bua ntho e tšoanang.+
32 Kahoo, ba tla sebakeng se bitsoang Gethesemane ’me a re ho barutuoa ba hae: “Lulang mona ha ke ntse ke rapela.”+
33 A tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne+ eaba o qala ho sareloa le ho khathatseha habohloko.
34 A re ho bona: “Ke saretsoe haholo+ hoo nka ’nang ka shoa. Lulang mona le falimehe.”+
35 A ea pejana, a itihela fatše eaba o rapella hore haeba ho khoneha, nako eo e boima e mo fete.
36 A re: “Abba,* Ntate,+ lintho tsohle lia khoneha ho uena. Tlosa senoelo sena ho ’na. Empa ho ke ho etsahale thato ea hao eseng ea ka.”+
37 A khutlela ho barutuoa ba hae eaba o ba fumana ba robetse. A re ho Petrose: “Simone, u robetse? U ne u se na matla a ho lula u falimehile hora e le ’ngoe feela?+
38 Falimehang ’me le rapele le sa khaotse e le hore le se ke la oela molekong.+ Ho hlakile hore pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.”+
39 A tloha hape ho ea rapela, a ’na a bua mantsoe a tšoanang.+
40 A boela a tla, a ba fumana ba robetse hobane ba ne ba imetsoe ke boroko. Eaba ha ba tsebe hore na ba ikarabella ka ho re’ng.
41 A khutlela ho barutuoa ka lekhetlo la boraro eaba o re ho bona: “Ka nako ee le phomotse ebile le robetse? Tsohang. Nako ea hore Mor’a motho a nehelloe baetsalibe e fihlile.+
42 Emang re tsamaee. Motho ea nthekisitseng o se a le haufi.”+
43 Ha a sa ntse a bua, Judase e leng e mong oa baapostola ba 12, a fihla le letšoele le leholo la batho ba nkileng lisabole le melangoana ba tsoa ho baprista ba baholo, bangoli le baholo.+
44 Joale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke eena. Le mo tšoare le etse bonnete ba hore ha a balehe.”
45 A ea a tobile ho Jesu a fihla a re ho eena: “Lumela Rabi!” Eaba oa mo suna.
46 Kahoo, ba mo tšoara.
47 E mong oa ba neng ba eme haufi a tsomula sabole ea hae eaba o khaola tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng.+
48 Empa Jesu a re ho bona: “Na ke lesholu ha e le moo le tla le nkile lisabole le melangoana ho tla ntšoara?+
49 Ke ne ke lula ke e-na le lona ka tempeleng letsatsi le letsatsi ke ruta+ empa ha lea ka la ntšoara. Leha ho le joalo, tsena tsohle li etsahetse hore Mangolo a phethahale.”+
50 Barutuoa kaofela ba mo siea ba baleha.+
51 Ho ne ho e-na le mohlankana e mong ea neng a tsamaela haufi, a apere seaparo sa line ea boleng bo botle ’meleng. Ba leka ho tšoara mohlankana eo
52 empa a siea seaparo sa hae a baleha a le feela.*
53 Ba isa Jesu ho moprista ea phahameng+ moo baprista ba baholo, bangoli le baholo kaofela ba neng ba bokane teng.+
54 Empa Petrose a mo latela a le sebakana ho ea fihla lebaleng la moprista ea phahameng. O ne a lutse le bahlanka ba ntlo a iphuthumalitse mollong.+
55 Baprista ba baholo le litho tsohle tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda* ba ne ba batla bopaki boo ba ka qosang Jesu ka bona e le hore ba mo bolaee. Empa ha baa ka ba bo fumana.+
56 Batho ba bangata ba ne ba fana ka bopaki ba bohata+ empa bopaki ba bona bo ne bo sa lumellane.
57 Ba bang ba ne ba ema ’me ba fana ka bopaki ba bohata ba re:
58 “Re utloile a re: ‘Ke tla heletsa tempele ena e hahuoeng ka matsoho ebe ka mor’a matsatsi a mararo ke haha e ’ngoe e sa etsoang ka matsoho.’”+
59 Empa bopaki ba bona bo ne bo sa lumellane le tabeng ena.
60 Moprista ea phahameng a ema har’a bona a re ho Jesu: “U ikarabella ka ho re’ng? Na oa utloa hore na banna baa ba u qosa ka eng?”+
61 Empa Jesu a thola tu!+ Moprista ea phahameng a boela a re ho eena: “Na ke uena Kreste Mora oa Molimo ea Halalelang?”
62 Jesu a re: “Ke eena. Lona le tla bona Mor’a motho+ a lutse ka letsohong le letona+ la Molimo ea matla ’me a tla ka maru.”+
63 Eaba moprista ea phahameng o tabola liaparo tsa hae o re: “Re sa hlokela’ng lipaki tse ling?+
64 Le ikutloetse ha a rohaka Molimo. Lona le re’ng?” Kaofela ba re a bolaoe.+
65 Ba bang ba mo tšoela ka mathe,+ ba mo koahela sefahleho, ba mo otla ka litebele eaba ba re ho eena: “Profeta!” Bahlanka ba lekhotla ba mo otla lerameng eaba baa mo nka.+
66 Ha Petrose a ntse a le tlase lebaleng, e mong oa banana ba sebeletsang moprista ea phahameng a tla.+
67 Ha a bona Petrose a iphuthumalitse mollong, a mo sheba ’me a re: “Le uena u ne u e-na le Jesu enoa oa Monazaretha.”
68 Empa a hana a re: “Ha ke mo tsebe ebile ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.” Eaba Petrose o ea keiting.
69 Ngoanana e mong a mo bona hape. A re ho ba emeng haufi le moo: “E mong oa bona ke enoa.”
70 A boela a itatola. Ka mor’a nakoana, ba emeng haufi le moo ba re ho Petrose: “Kannete u e mong oa bona hobane hantle-ntle u Mogalilea.”
71 Empa a hlapanya a re: “Motho enoa eo le buang ka eena ha ke mo tsebe.”
72 Hang-hang mokoko oa lla lekhetlo la bobeli+ ’me Petrose a hopola hore Jesu o ile a re: “Pele mokoko o lla habeli, u tla be u ntatotse hararo.”+ A sitoa ho ithiba eaba o lla habohloko.
Linaletsana
^ Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “omanya.”
^ Kapa: “oa ho mo eka.”
^ Kapa: “nkeka.”
^ Kapa: “ekang.”
^ Kapa: “lifela; lipesaleme.”
^ Ka Segerike: “khoptjoa.”
^ Ka Segerike: “khoptjoa.”
^ Ke lentsoe la Seheberu kapa la Searame le bolelang “Ntate.” Ke tsela eo ngoana a bitsang ntate oa hae ka eona.
^ Ka Segerike: “moeki oa hae.”
^ Kapa: “a apere ha bobebe; a apere seaparo sa ka hare feela.”
^ Ka Segerike: “Sanhedrine.”

