Kosepele ea Mareka 9:1-50

  • Chebahalo ea Jesu ea fetoha (1-13)

  • Moshanyana ea nang le modemona oa folisoa (14-29)

    • Lintho tsohle lia khoneha bakeng sa motho ea nang le tumelo (23)

  • Jesu o profeta lefu la hae hape (30-32)

  • Barutuoa ba pheha khang ka hore na ke mang e moholo (33-37)

  • Ea seng khahlanong le rona o eme le rona (38-41)

  • Lintho tse lihelang batho sebeng (42-48)

  • “Le be le letsoai ka ho lona” (49, 50)

9  Jesu a boela a re ho bona: “Kannete ke re ho lona, ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba shoa pele ba bona ’Muso oa Molimo o se o qalile ho busa ka matla.”+  Matsatsi a tšeletseng hamorao, Jesu a tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne ’me a nyolohela le bona ba le bang thabeng e phahameng. Chebahalo ea hae ea fetoha ba ntse ba mo shebile.+  Liaparo tsa hae tsa khanya haholo tsa e-ba tšoeu. Ha ho na mang kapa mang lefatšeng ea neng a ka hlatsoa liaparo hore li be tšoeu joalo.  Hape Moshe le Elia ba hlaha ’me ba ne ba buisana le Jesu.  Eaba Petrose o re ho Jesu: “Rabi, ke hantle hore ebe re mona. Joale a re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.”  Ha e le hantle, o ne a sa tsebe hore na a re’ng kaha ba ne ba tšohile haholo.  Ha e-ba le leru le ba koahelang eaba lentsoe+ le hlaha ho lona le re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang.+ Mo mameleng.”+  Eaba baa qamaka, ba bona Jesu a setse a le mong feela.  Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella mang kapa mang hore na ba bone’ng+ ho fihlela Mor’a motho a tsohile bafung.+ 10  Ba ile ba mamela taelo eo* empa ba buisana ka hore na ho tsoha bafung hona ho bolela’ng. 11  Ba re ho Jesu: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Elia+ o tla tla pele?”+ 12  A re ho bona: “Ehlile Elia o tla pele ’me o busetsa lintho tsohle malulong.+ Empa ho tla joang hore ebe ho ngotsoe ka Mor’a motho hore o tla hlorisoa hampe+ le ho telloa?+ 13  Empa ke re ho lona, Elia+ o se a tlile ’me ba ile ba mo etsa lintho tseo ba li batlang feela joalokaha ho ngotsoe ka eena.”+ 14  Ha ba fihla ho barutuoa ba bang, ba bona letšoelehali le ba bokanetse, le bangoli ba ne ba le teng ba pheha khang le bona.+ 15  Empa hang ha batho kaofela ba bona Jesu, ba makala ’me ba mathela ho eena ho mo lumelisa. 16  Eaba o re: “Le tseka’ng?” 17  E mong har’a letšoele a re: “Mosuoe, ke tlisitse mora oa ka ho uena hobane o na le modemona ea etsang hore a se ke a khona ho bua.+ 18  Neng kapa neng ha modemona eo a mo hlasela, o mo tabanya fatše ebe mora oa ka o ntša makoeba ka hanong, o tsikitlanya meno ebe o felloa ke matla. Ke ile ka kopa barutuoa ba hao hore ba ntše modemona eo empa ha baa ka ba khona.” 19  Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Mo tliseng koano.”+ 20  Kahoo, ba tlisa moshanyana eo ho eena. Empa ha modemona a bona Jesu, hang-hang a tsitsipanya ngoana eo. Ka mor’a hore a oele fatše a ’na a pitika, a khethetsa makoeba. 21  Eaba Jesu o botsa ntate oa moshanyana o re: “Ke nako e kae a le tjee?” A re: “Haesale a le tjena ho tloha bongoaneng. 22  Hangata o ne a mo lahlela mollong le ka metsing e le hore a mo bolaee. Empa haeba ho na le ntho eo u ka e etsang, re hauhele ’me u re thuse.” 23  Jesu a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u re: ‘Haeba’? Lintho tsohle lia khoneha bakeng sa motho ea nang le tumelo.”+ 24  Hang-hang ntate oa ngoana a hoeletsa a re: “Ke na le tumelo! Ke kopa u nthuse moo e haellang.”+ 25  Ha Jesu a hlokomela hore letšoele le ne le tla ho bona le potlakile, a khalemela modemona a re ho eena: “Uena modemona ea etsang hore motho a se ke a khona ho bua le ho utloa, ke u laela hore u tsoe ho eena ’me u se ke oa hlola u kena ho eena.”+ 26  Ka mor’a hore modemona eo a mo tsitsipanye hangata, a hoeletsa eaba oa tsoa. Ngoana eo a bonahala eka o shoele hoo boholo ba batho ba neng ba re: “O shoele!” 27  Empa Jesu a mo tšoara ka letsoho a mo phahamisa, eaba oa ema. 28  Kahoo, ha a se a kene ka tlung barutuoa ba hae ba mo botsa moo ba leng bang ba re: “Ke hobane’ng ha re ile ra sitoa ho o leleka?”+ 29  A re ho bona: “Mofuta ona o ka ntšoa feela ka thapelo.” 30  Ba tloha moo, ba phunyeletsa le Galilea empa o ne a sa batle hore batho ba tsebe hore na o hokae 31  hobane o ne a batla ho ruta barutuoa ba hae. O ile a re ho bona: “Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho. Ba tla mo bolaea+ ebe o tsoha ka mor’a matsatsi a mararo.”+ 32  Ba ne ba sa utloisise hore na o re’ng empa ba ne ba tšaba ho mo botsa. 33  Ba fihla Kapernauma. Ha a le ka tlung a re ho bona: “Le ne le tseka’ng tseleng?”+ 34  Ba thola hobane ha ba le tseleng ba ne ba phehile khang ka hore na ke mang e moholo. 35  Kahoo, a lula fatše ’me a bitsa baapostola ba 12 eaba o re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ba oa pele, e be oa ho qetela ho bohle le mosebeletsi oa bohle.”+ 36  A nka ngoana e monyenyane, a mo emisa ka pel’a bona ’me a beha matsoho mahetleng a hae eaba o re ho bona: 37  “Mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane+ joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka, le ’na oa nkamohela. Mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.”+ 38  Johanne a re ho eena: “Mosuoe, re bone motho e mong a leleka bademona ka lebitso la hao ’me ra leka ho mo thiba hobane o ne a sa re latele.”+ 39  Empa Jesu a re: “Le se ke la leka ho mo thiba hobane ha ho na motho ea ka etsang mohlolo ka lebitso la ka ebe hang-hang ka mor’a moo o mpua hampe 40  kaha mang kapa mang ea seng khahlanong le rona o eme le rona.+ 41  Mang kapa mang ea le fang metsi hore le noe hobane le le ba Kreste,+ kannete kea le bolella, joang kapa joang o tla putsoa.+ 42  Empa mang kapa mang ea etsang hore e mong oa ba banyenyane bana ba nang le tumelo a lahle tumelo ea hae,* ho ka ba molemo haholo hore leloala le leholo* le tlamelloe molaleng oa hae ebe o lahleloa ka leoatleng.+ 43  Haeba letsoho la hao le etsa hore u etse sebe,* u le khaole. Ho molemo hore u fumane bophelo u holofetse ho e-na le hore u kene Gehena* mollong o ke keng oa tingoa, u e-na le matsoho a mabeli.+ 44 * —— 45  Haeba leoto la hao le etsa hore u etse sebe,* u le khaole. Ho molemo hore u fumane bophelo u qhoalile ho e-na le hore u lahleloe Gehena* u e-na le maoto a mabeli.+ 46 * —— 47  Haeba leihlo la hao le etsa hore u etse sebe,* u le lahlele hole.+ Ho molemo hore u kene ’Musong oa Molimo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le hore u lahleloe Gehena* u e-na le mahlo a mabeli.+ 48  Moo liboko* ha li shoe le mollo ha o time.+ 49  Etsoe e mong le e mong o lokela ho nokoa ka mollo joalokaha letsoai le noka lijo.+ 50  Letsoai le molemo empa haeba le tapa, le ka le noka ka’ng hore le be le tatso hape?+ Le be le letsoai ka ho lona+ ’me le boloke khotso lipakeng tsa lona.”+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “Ha baa ka ba bolella mang kapa mang ka taba eo.”
Kapa: “ekoa.”
Ka Segerike: “a khoptjoe.”
Kapa: “leloala le sothoang ke tonki.”
Ka Segerike: “khoptjoe.”
Ka Segerike: “khoptjoe.”
Ka Segerike: “khoptjoe.”
Kapa: “tšenyane.”