Kosepele ea Mareka 13:1-37

  • MATSATSI A BOFELO (1-37)

    • Lintoa, tlala, litšisinyeho tsa lefatše (8)

    • Litaba tse monate li lokela ho boleloa (10)

    • Mahlomola a maholo (19)

    • Mor’a motho o tla tla (26)

    • Papiso ea sefate sa feie (28-31)

    • Le lule le falimehile (32-37)

13  Eare ha a tsoa ka tempeleng e mong oa barutuoa ba hae a re ho eena: “Mosuoe, bona majoe ana le mehaho ena e metle hakaakang!”+  Empa Jesu a re ho eena: “Oa e bona mehaho ee e meholo? Majoe ’ohle a teng mona a tla heletsoa. Ha ho lejoe le tla sala holim’a le leng.”+  Eare ha a lutse Thabeng ea Mehloaare moo a neng a ka bona tempele, Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease ba mo botsa moo ba leng bang, ba re:  “Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng? Hona re tla bona ka’ng ha lintho tsee tsohle li tl’o etsahala?”+  Kahoo, Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore ho se ke ha e-ba le motho ea le khelosang.+  Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke ’na Kreste’ ebe ba khelosa ba bangata.  Ho feta moo, ha le utloela ka lintoa le litlaleho tsa tsona, le se ke la tšoha. Lintho tsena li tla etsahala empa ha e e-s’o be bofelo.+  Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane.+ Ho tla ba le tlala+ le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng. Lintho tsena ke qalo feela ea tlokotsi.+  Le itlhokomele. Batho ba tla le isa makhotleng a libaka,+ ba le shapele ka matlung a thapelo*+ ba be ba le ise ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka e le hore le ba bolelle ka tumelo ea lona.+ 10  Hape, litaba tse monate tsa ’Muso li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.+ 11  Empa ha ba le isa ho ba boholong le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng. Le bue eng kapa eng eo le tla susumetsoa hore le e bue ka nako eo kaha le ke ke la bua ka bolona empa moea o halalelang o tla le thusa ho bua.+ 12  Motho o tla fana ka ngoan’abo hore a bolaoe le ntate a fane ka ngoana oa hae hore a bolaoe. Bana le bona ba tla tsohela batsoali matla ba be ba etse hore ba bolaoe.+ 13  Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka+ empa ea mameletseng ho fihlela qetellong+ ke eena ea tla pholoha.+ 14  Leha ho le joalo, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang+ e le moo e sa tšoanelang ho ba teng, (ea balang boprofeta bona a bo utloisise hantle) ba leng Judea ba balehele lithabeng.+ 15  Monna ea ka holim’a ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ea hae ho ea nka ntho leha e le efe. 16  Le monna ea tšimong a se ke a khutla ho ea nka seaparo sa hae. 17  Matsatsing ao baimana le batsoetse ba tla ba malimabe.+ 18  Le ’ne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha 19  kaha matsatsi ao e tla ba a mahlomola.+ A kang ’ona ha a e-s’o be teng ho tloha ha Molimo a theha lefatše ho fihlela joale ebile ha a sa tla ba teng.+ 20  Ha e le hantle, hoja Jehova* ha aa ka a fokotsa matsatsi ao, ha ho motho ea neng a tla pholoha. Empa o a fokolitse ka lebaka la bakhethoa ba hae.+ 21  Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Bonang, Kreste ke enoa,’ kapa ‘Bonang, ke eane,’ le se ke la mo kholoa.+ 22  Etsoe ho tla hlaha bo-Kreste le baprofeta ba bohata+ ’me ba tla etsa mehlolo e le hore haeba ho khoneha ba khelose bakhethoa. 23  Ke le boleletse lintho tsohle esale pele, joale le falimehe.+ 24  Empa ka mor’a mahlomola a matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, khoeli e ke ke ea khanya,+ 25  linaleli li tla oa leholimong le lintho tse maholimong li sisinyehe. 26  Batho ba tla bona Mor’a motho+ a tla ka maru, matla a maholo le khanya.+ 27  O tla romela mangeloi ’me a tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše,* ho tloha pheletsong ea lefatše ho ea pheletsong ea leholimo.+ 28  Ithuteng ka mohlala oa sefate sa feie.* Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, lea tseba hore lehlabula le haufi.+ 29  Ka tsela e tšoanang le lona ha le bona lintho tsena li etsahala le tsebe hore o haufi, o eme monyako.+ 30  Kannete kea le bolella hore lintho tsena tsohle li tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 31  Leholimo le lefatše li tla nyamela+ empa mantsoe a ka ’ona a tla ba teng ho ea ho ile.+ 32  Ha ho ea tsebang letsatsi leo kapa hora. Mangeloi a maholimong ha a le tsebe le Mora ha a le tsebe, ke Ntate feela ea le tsebang.+ 33  Le lule le hlaphohetsoe le falimehile+ kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla fihla neng.+ 34  Ho tšoana le ha motho a etela hole ebe o siea ntlo ea hae boliseng ba makhoba a hae.+ O fa lekhoba ka leng mosebetsi oa lona ebe o laela molebeli oa monyako hore a lule a falimehile.+ 35  Kahoo, le lule le falimehile hobane ha le tsebe hore na mong’a ntlo o tla neng,+ ebang ke mantsiboea, har’a mpa ea bosiu, pele bosiu bo e-sa* kapa hoseng haholo+ 36  e le hore ha a fihla ka tšohanyetso, a se ke a fumana le robetse.+ 37  Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle: Le lule le falimehile.”+

Linaletsana

Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Ka Segerike: “meeeng e mene.”
Kapa: “feiga.”
Ka Segerike: “ha mokoko o lla.”