Kosepele ea Mareka 15:1-47
15 Hang ha mafube a hlaha, litho tsohle tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda* e leng baprista ba baholo, bangoli le baholo ba buisana, ba fasa Jesu ba mo khanna eaba ba mo isa ho Pilato.+
2 Kahoo, Pilato a re ho eena: “Na u Morena oa Bajuda?”+ Jesu a re: “E, ke eena.”*+
3 Eaba baprista ba baholo ba qala ho qosa Jesu ka lintho tse ngata.
4 Pilato a mo botsa hape a re: “U ikarabella ka ho re’ng?+ Na oa utloa hore na ba u qosa ka lintho tse ngata hakae?”+
5 Jesu ha aa ka a re letho eaba Pilato oa makala.+
6 Ha e le Paseka, Pilato o ne a tloaetse ho lokollela sechaba motšoaruoa eo se mo batlang.+
7 Ka nako eo, monna ea bitsoang Barabase o ne a kentsoe teronkong le ba bang ba neng ba fetohetse ’muso ba bile ba bolaile batho.
8 Batho ba fihla ’me ba kopa Pilato hore a ba etsetse kamoo a tloaetseng ho ba etsetsa kateng.
9 Pilato a re: “Le batla ke le lokollele Morena oa Bajuda?”+
10 Pilato o ne a bona hore baprista ba baholo ba tlisitse Jesu ho eena hobane ba le mona.+
11 Empa baprista ba baholo ba susumeletsa sechaba ho kopa hore ho lokolloe Barabase eseng Jesu.+
12 Pilato a re: “Joale ke etse’ng ka enoa eo le reng ke Morena oa Bajuda?”+
13 Ba hoeletsa ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+
14 Empa Pilato a re ho bona: “Hobane’ng, o entse’ng e mpe?” Empa ba hoeletsa le ho feta ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+
15 Kaha Pilato o ne a batla ho ba khotsofatsa, a ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali+ ’me a fana ka eena hore a khokhotheloe palong.*+
16 Masole a mo isa ka lebaleng ha ’musisi ’me a bokella sehlopha sohle sa masole.+
17 Eaba a mo apesa seaparo se pherese, a loha korone ka meutloa a mo roesa eona.
18 Masole ao a re ho eena: “Lumela, uena Morena oa Bajuda!”+
19 Hape, a ne a mo otla hloohong ka lehlaka, a mo tšoela ka mathe ebe aa mo khumamela.*
20 Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobolisa seaparo se pherese, a mo apesa liaparo tsa hae ’me a mo etella pele hore a e’o khokhotheloa palong.+
21 Monna e mong oa Saerene ea bitsoang Simone ea tsoang mahaeng, ntate oa Alexandere le Rufase, o ile a feta eaba masole ao a mo qobella ho jara palo eo Jesu a neng a tl’o khokhotheloa ho eona.*+
22 Masole a tlisa Jesu Golgotha, eo ha e fetoleloa e bolelang Sebaka sa Lehata.+
23 A leka ho mo fa veine e tsoakiloeng le sethethefatsi sa mira+ empa ha aa ka a e noa.
24 A mo khokhothela palong eaba a aba liaparo tsa hae ka ho lahla lotho.+
25 Masole ao a mo khokhothela palong hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng.*
26 Boto e ngotsoeng hore na o qoselitsoe eng e ne e re: “Morena oa Bajuda.”+
27 Hape masole ao a khokhothela masholu a mabeli lipalong pel’a hae, le leng ka ho le letona le leng ka ho le letšehali.+
28 *——
29 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya lihlooho+ ba re: “Halala! U itse u tla heletsa tempele u be u e hahe ka matsatsi a mararo.+
30 Theoha palong eo u khokhothetsoeng ho eona u ipholose.”
31 Baprista ba baholo le bangoli le bona ba mo soma ba re: “O pholositse ba bang, eena o sitoa ho ipholosa.+
32 Joale haeba ke Kreste Morena oa Iseraele, ha a theohe palong eo a khokhothetsoeng ho eona re bone, re tsebe ho lumela.”+ Esita le ba neng ba khokhothetsoe lipalong pel’a hae ba ile ba mo rohaka joalo.+
33 Ka 12 motšehare* lefifi la aparela naha eohle ka lihora tse tharo.*+
34 Ka hora ea boraro mantsiboea* Jesu a hoeletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntahletse’ng?”+
35 Ha batho ba emeng moo ba utloa a cho joalo ba re: “Utloang, o bitsa Elia.”
36 Empa motho e mong a matha, a kenya seponche ka har’a veine e bolila, a se hloma lehlakeng eaba oa mo fa hore a noe+ a re: “Mo tloheleng re bone hore na Elia o tla tla a mo theola.”
37 Empa Jesu a hoeletsa eaba oa shoa.*+
38 Kharetene ea sehalalelo+ ea taboha ka lehare ho tloha holimo ho ea tlase.+
39 Ha molaoli oa sesole ea neng a eme haufi le Jesu a bona lintho tse ileng tsa etsahala ha Jesu a shoa a re: “Kannete monna enoa e ne e le Mor’a Molimo.”+
40 Hape ho ne ho e-na le basali ba neng ba shebeletse ba le hojana. Har’a bona ho ne ho e-na le Salome, Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jakobo e Monyenyane le Jose.+
41 Ha a ne a le Galilea ba ne ba tloaetse ho tsamaea le eena le ho mo sebeletsa.+ Ho ne ho boetse ho e-na le basali ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse Jerusalema le eena.
42 E ne e le motšehare oa mantsiboea, ho itokisetsoa letsatsi le hlahlamang e leng la Sabatha.
43 Ka hona, Josefa oa Arimathea a ba sebete a ea ka pel’a Pilato ’me a kopa setopo sa Jesu.+ E ne e le setho sa Lekhotla se hlomphehang hape a lebeletse ’Muso oa Molimo.
44 Empa Pilato o ne a sa kholoe hore o se a shoele. Kahoo, a bitsa molaoli oa sesole a mo botsa hore na o se a shoele.
45 Kahoo, ha a se a kholisehile hore o shoele, a fa Josefa setopo.
46 Ho feta moo, Josefa a reka lesela la line ea boleng bo botle, a theola setopo sa Jesu palong, a se phuthela ka lesela leo la line eaba o se beha ka lebitleng+ le neng le chekiloe lefikeng. A beha lejoe monyako oa lebitla.+
47 Empa Maria Magdalena le Maria ’mè oa Jose ba sala ba shebile lebitla la Jesu.+
Linaletsana
^ Ka Segerike: “Sanhedrine.”
^ Ka Segerike: “Ke uena ea chong.” Ke mokhabo-puo o bontšang ho lumela.
^ Kapa: “bolaeloe palong.”
^ Kapa: “bolaeloe palong.”
^ Kapa: “a bolaeloe palong.”
^ Kapa: “inamela.”
^ Kapa: “palo eo batho ba hlokofaletsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Segerike: “hora ea boraro.”
^ Sheba Ntlha ea A3.
^ Ka Segerike: “Ka hora ea botšelela.”
^ Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ea borobong.”
^ Ka Segerike: “hora ea borobong.”
^ Kapa: “o nehela moea.”