Kosepele ea Mareka 16:1-8

  • Jesu oa tsosoa (1-8)

16  Ha Sabatha+ e fetile, Salome, Maria Magdalena le Maria+ ’mè oa Jakobo, ba reka lioli tse nkhang hamonate e le hore ba tlotse setopo sa Jesu.+ 2  Ka letsatsi la pele la beke, ba tla lebitleng hoseng haholo ha letsatsi le qeta ho chaba.+ 3  Ba ne ba buisana ba re: “Ebe ke mang ea tla re tlosetsa lejoe monyako oa lebitla?” 4  Empa ha ba sheba lebitla ba bona lejoe leo le tlositsoe le hoja le ne le le leholo haholo.+ 5  Eitse ha ba kena ka lebitleng, ba tšoha haholo hobane ba ile ba bona mohlankana e mong ea apereng liaparo tse telele tse tšoeu a lutse ka lehlakoreng le letona. 6  Mohlankana eo a re ho bona: “Le se ke la tšoha,+ kea tseba hore le batla Jesu oa Monazaretha ea ileng a khokhotheloa palong. O tsositsoe,+ ha a eo mona. Bonang moo a neng a robetse teng.+ 7  E-eang ho Petrose le barutuoa ba bang ba Jesu le re ho bona: ‘O se a ntse a le tseleng e eang Galilea.+ Le tla mo fumana moo feela joalokaha a ile a le bolella.’”+ 8  Kahoo, ba tsoa lebitleng ba matha, ba thothomela ba bile ba maketse. Ha baa ka ba re letho ho mang kapa mang hobane ba ne ba tšohile.*+

Linaletsana

^ Ho ea ka libuka tsa khale tse tšeptjoang, Kosepele ea Mareka e fella ka mantsoe a temana ea borobeli. Sheba Ntlha ea A3.