Kosepele ea Mareka 7:1-37

  • Meetlo ea batho ea senoloa (1-13)

  • Motho o silafatsoa ke lintho tse tsoang ka ho eena (14-23)

  • Mosali oa Foenisia e Syria ea nang le tumelo (24-30)

  • Monna ea sa utloeng litsebeng oa folisoa (31-37)

7  Bafarisi le ba bang ba bangoli ba neng ba tsoa Jerusalema ba khobokana pel’a Jesu,+ 2  ba bona ba bang ba barutuoa ba hae ba ja lijo ba sa hlapa matsoho ka tsela ea moetlo oa Sejuda. 3  (Bafarisi le Bajuda bohle ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape matsoho ho fihlela litsoeng. Ba ne ba khomaretse meetlo ea baholo-holo ba bona. 4  Ha ba khutla ’marakeng ba ne ba sa je ntle le hore ba hlape. Ho na le meetlo e meng e mengata eo ba neng ba e khomaretse e kang ho ina likopi, lijeke le lijana tsa koporo metsing.)+ 5  Kahoo, Bafarisi le bangoli bao ba re: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba sa hlomphe moetlo oa baholo-holo ba rona, ba ja lijo ka matsoho a litšila?”+ 6  A re ho bona: “Esaia o profetile hantle ka lona ha a re: ‘Batho bana ba ntlhompha ka melomo feela empa lipelo tsa bona li suthetse hole le ’na.+ 7  Ha ho na thuso ea hore ebe ba ntse ba nthapela hobane ba ruta litaelo tsa batho joalokaha eka ke lithuto tsa Molimo.’+ 8  Le tlohela taelo ea Molimo le khomarela ea batho.”+ 9  A boela a re ho bona: “Ka masene le batla litsela tsa hore le se ke la mamela melao ea Molimo e le hore le tle le boloke meetlo ea lona.+ 10  Mohlala, Moshe o ile a re: ‘Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao,’+ a boela a re: ‘Mang kapa mang ea rohakang* ntate oa hae kapa ’mè oa hae o lokela ho bolaoa.’+ 11  Empa lona le re: ‘Haeba motho a re ho ntate oa hae kapa ’mè oa hae: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng nka u thusa ka eona ke korbane (e leng hore ke se ke e file Molimo e le mpho),”’ 12  lona le mo lumella hore a se ke a hlola a thusa ntate oa hae kapa ’mè oa hae.+ 13  Ka tsela eo, le entse lentsoe la Molimo ntho e se nang thuso+ ka lebaka la moetlo oa lona. Le etsa lintho tse ngata tse kang tsena.”+ 14  A boela a bitsetsa letšoele ho eena eaba o re: “’Mameleng kaofela ha lona, le utloisise hore na ke re’ng.+ 15  Motho ha a silafatsoe ke ntho eo a e kenyang ka hanong empa o silafatsoa ke lintho tse tsoang ka ho eena.”+ 16 * —— 17  Jesu a tloha letšoeleng a kena ka tlung eaba barutuoa ba hae ba mo botsa ka papiso eo.+ 18  Kahoo, a re ho bona: “Na le lona le tšoana le bona ha le utloisise? Na ha le tsebe hore ha ho na ntho e ka kenang ka ho motho eaba ea mo silafatsa 19  kaha ha e ee pelong empa e ea ka mpeng ebe e fetela sekoting sa likhoere-khoere?” Ka ho cho joalo a bolela hore lijo tsohle li hloekile. 20  Ho feta moo a re: “Lintho tse tsoang pelong ea motho ke tsona tse mo silafatsang+ 21  hobane ka lipelong tsa batho+ ho hlaha menahano e fosahetseng e etsang hore ho be le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* bosholu, lipolao, 22  bofebe, meharo, bokhopo, bolotsana, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe,* mona, lipuo tse mpe, boikhohomoso le ho hloka kelello. 23  Lintho tsena kaofela tse fosahetseng li tsoa pelong ea motho ’me lia mo silafatsa.” 24  A ema a ea libakeng tse haufi le Tire le Sidone.+ A kena ka tlung e ’ngoe a sa batle hore batho ba tsebe hore o fihlile empa ba tseba. 25  Hang-hang mosali eo moralinyana oa hae a neng a kenoe ke modemona a utloela ka eena eaba oa tla o itihela maotong a hae.+ 26  Mosali eo e ne e le Mogerike ea tsoang* Foenisia e Siria. A kopa Jesu ka makhetlo hore a ntše modemona ho morali oa hae. 27  Empa a re ho eena: “Tlohela bana ba khore pele kaha ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana ebe bo akhelloa malinyane a lintja.”+ 28  Mosali eo a re ho eena: “E, mohlomphehi empa le ’ona malinyane a lintja a ka tlas’a tafole a ja makumane a bana.” 29  Eaba Jesu o re ho eena: “Kaha u arabile ka tsela ena, tsamaea, modemona o tsoile ho morali oa hao.”+ 30  Kahoo a tloha a ea hae, ha a fihla a fumana moralinyana a robetse betheng modemona a tsoile.+ 31  Ha Jesu a tsoa Tire, a ea Leoatleng la Galilea a tsoa ka tsela ea Sidone le Dekapolise.*+ 32  Ba mo tlisetsa monna ea sa utloeng litsebeng a bile a sa khone ho bua hantle+ eaba ba mo kopa hore a mo behe matsoho. 33  A mo nkela lekunutung, a kenya menoana ka litsebeng tsa hae eaba o tšoela mathe o thetsa leleme la hae.+ 34  A sheba leholimong, a hemela holimo ’me a re ho eena: “Effatha” e bolelang, “Buleha.” 35  Litsebe tsa hae tsa buleha,+ hape a qala ho bua hantle. 36  Eaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka eena+ empa ha a ne a ba thiba ba ne ba bua le ho feta.+ 37  Ba tsota+ ’me ba re: “O entse lintho tsohle hantle. O bile o etsa hore ba sa utloeng litsebeng ba utloe le ba sa khoneng ho bua ba bue.”+

Linaletsana

^ Kapa: “ea ba lakaletsang bomalimabe.”
^ Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “ea hlahetseng.”
^ Kapa: “metse e leshome.”