Kosepele ea Luka 10:1-42

  • Jesu o roma ba 70 (1-12)

  • Metse e sa bakeng e malimabe (13-16)

  • Barutuoa ba 70 baa khutla (17-20)

  • Jesu o rorisa Ntate oa hae hobane a rata ba ikokobelitseng (21-24)

  • Papiso ea Mosamaria ea molemo (25-37)

  • Jesu o chakela Maretha le Maria (38-42)

10  Ka mor’a lintho tsena Morena a khetha ba bang ba 70 a ba roma ka bobeli+ hore ba mo etelle pele ho ea motseng le motsaneng o mong le o mong oo a neng a tla ea ho oona.  A re ho bona: “Kannete kotulo e kholo empa basebetsi baa fokola. Ka hona, le kope Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.+  E-eang empa le itlhokomele, ke le romela le le joaloka likonyana har’a liphiri.+  Le se ke la nka sepache, mokotla oa lijo kapa lieta*+ ’me le se ke la qeta nako e telele le ntse le lumelisa batho ha le le tseleng.  Ha le fihla ntlong efe kapa efe le qale ka ho re: ‘E se eka ntlo ena e ka ba le khotso.’+  Haeba batho bao e le batho ba khotso, khotso eo le ba lakaletsang eona e ke e be ho bona. Empa haeba ho se joalo, e ke e khutlele ho lona.  Haeba le fumana batho ba khotso, le lule ntlong eo,+ le je le ho noa lintho tseo ba le fang tsona+ kaha motho ea sebetsang o tšoanela ho fuoa lijo.+ Le se ke la tloha moo le fihletseng teng.  Haeba ba le amohela motseng ofe kapa ofe, le je lijo tseo ba le fang tsona,  le phekole bakuli ba moo le be le phatlalatse hore ’Muso oa Molimo o atametse.+ 10  Motseng ofe kapa ofe moo ba sa le amoheleng, le ee literateng tsa oona tse kholo le re: 11  ‘Lerole le maotong a rona le tsoang motseng oa lona rea le hlohlora e le bopaki ba hore re le lemositse.+ Le tsebe hore ’Muso oa Molimo o atametse.’ 12  Kea le bolella hore ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ea Sodoma e tla ba bobebe ho feta ea motse oo.+ 13  Ho malimabe lona baahi ba Korazine le Bethsaida. Hoja mehlolo e etsahetseng metseng ea lona e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e le khale baahi ba teng ba bakile, ba apere lesela le hoashang* le ho lula moloreng.+ 14  Ka lebaka leo, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ea baahi ba Tire le Sidone e tla ba bobebe ho feta ea lona. 15  Le lona baahi ba Kapernauma, na Molimo o tla le phahamisetsa leholimong? Ho hang, o tla le theolela Lebitleng.* 16  Ea le mamelang le ’na oa ’mamela.+ Ea iphapanyetsang lona o iphapanyetsa ’na. Hape ea iphapanyetsang ’na o iphapanyetsa le Ea nthomileng.”+ 17  Barutuoa ba 70 ba khutla ba thabile ba re: “Morena, esita le bademona baa re mamela ha re ba leleka ka lebitso la hao.”+ 18  Eaba o re ho bona: “Ke bona Satane a se a oele+ joaloka lehalima leholimong. 19  Bonang, ke le file matla a ho hatakela linoha le liphepheng le a ho hlola sera se matla+ ’me ha ho letho le tla le ntša kotsi. 20  Leha ho le joalo, le se ke la thabela feela hore ebe bademona baa le mamela empa le thabisoe ke hore mabitso a lona a ngotsoe maholimong.”+ 21  Ka eona nako eo, Molimo a fa Jesu moea o halalelang, moea oo oa etsa hore a thabe eaba o re: “Ke u rorisa phatlalatsa Ntate, Morena oa leholimo le lefatše hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena+ ’me u li senoletse bana ba banyenyane. E, Ntate hobane ke thato ea hao hore ho be joalo.+ 22  Ntate ke eena ea mphileng lintho tsohle. Ha ho na motho ea ntsebang* haese Ntate ebile ha ho na motho ea tsebang Ntate haese ’na+ le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.”+ 23  A bua le barutuoa moo ba leng bang a re: “Lea thaba hobane le bona lintho tsena.+ 24  Kannete ke re ho lona, baprofeta le marena ba ile ba lakatsa ho bona lintho tseo le li bonang+ le ho utloa lintho tseo le li utloang empa ha baa ka ba li bona kapa ba li utloa.” 25  Monna e mong oa setsebi sa Molao o ne a batla ho leka Jesu eaba oa ema o re: “Mosuoe, ke etse’ng hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”+ 26  A re ho eena: “Molao o re’ng, na oa o utloisisa?” 27  Monna eo a re ho eena: “‘U rate Jehova* Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka matla a hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’+ Hape ‘u rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.’”+ 28  Jesu a re ho eena: “U arabile hantle, u ’ne u etse joalo ’me u tla fumana bophelo bo sa feleng.”+ 29  Empa kaha monna eo o ne a batla ho ipaka hore o lokile,+ a re ho Jesu: “Hantle-ntle moahisani oa ka ke mang?” 30  Jesu a mo araba ka ho re: “Motho e mong o ne a theoha Jerusalema a ea Jeriko eaba masholu aa mo hlasela, a mo nkela lintho tsohle, a mo otla eaba a mo siea a le makhatheng a lefu. 31  Joale ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo empa ha a mo bona, a tsamaela ka lehlakoreng le leng. 32  Molevi e mong le eena a theoha ka tsela eo eaba o etsa ntho e tšoanang. 33  Empa Mosamaria+ eena ha a feta ka tsela eo, a mo bona eaba oa mo hauhela. 34  A ea ho eena, a tšela maqeba a hae ka oli le veine eaba oa a tlamisa. A mo palamisa tonki ea hae, a mo isa ntlong ea baeti ’me a mo hlokomela. 35  Letsatsing le hlahlamang, a fa mohlokomeli oa ntlo ea baeti lidenari* tse peli eaba o re ho eena: ‘Mo hlokomele. Haeba u ka sebelisa chelete e fetang ena ke tla u patala ha ke khutla.’ 36  Ho ba bararo baa ke mang eo e bileng moahisani+ oa monna ea hlasetsoeng ke masholu?” 37  A re: “Ke ea ileng a mo hauhela.”+ Joale a re ho eena: “Tsamaea le uena u etse ntho e tšoanang.”+ 38  Ba tsoela pele ka leeto eaba ba fihla ha mosali e mong ea bitsoang Maretha,+ a ba amohela lapeng ha hae. 39  Maretha o ne a e-na le ngoan’abo ea bitsoang Maria, ea ileng a lula maotong a Jesu hore a mo mamele. 40  Maretha eena o ne a phathahane ka mesebetsi e mengata. A ea ho Jesu a re: “Morena, na u bona ho lokile hore Maria a ntlohele ke sebetse ke le mong? Ke kopa u re a tl’o nthusa.” 41  Jesu a re ho eena: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile ka lintho tse ngata haholo. 42  Ha re hloke lintho tse ngata, e le ’ngoe feela e tla be e lekane. Maria o khethile ntho e nepahetseng+ ’me ha ho motho ea ka mo tsekisang eona.”

Linaletsana

Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ea tsebang Mora.”