Kosepele ea Luka 9:1-62

  • Baapostola ba 12 ba fuoa litaelo tsa mosebetsi oa ho ruta (1-6)

  • Heroda o makatsoa ke Jesu (7-9)

  • Jesu o fepa batho ba 5 000 (10-17)

  • Petrose o re Jesu ke Kreste (18-20)

  • Jesu o profeta lefu la hae (21, 22)

  • Tsela ea ho ba morutuoa oa ’nete (23-27)

  • Chebahalo ea Jesu ea fetoha (28-36)

  • Moshanyana ea nang le modemona oa folisoa (37-43a)

  • Jesu o profeta lefu la hae hape (43b-45)

  • Barutuoa ba pheha khang ka hore na ke mang e moholo (46-48)

  • Ea seng khahlanong le rona o eme le rona (49, 50)

  • Batho ba Samaria ha ba amohele Jesu (51-56)

  • Tsela ea ho ba morutuoa oa Jesu (57-62)

9  A bitsa baapostola ba hae ba 12 eaba o ba fa matla a ho leleka bademona bohle+ le ho phekola mafu.+  Ka mor’a moo, a ba roma hore ba rute ka ’Muso oa Molimo le ho folisa batho ba kulang,  a re ho bona: “Le se ke la nka mofao bakeng sa leeto, leha e le lere, mokotla oa lijo, bohobe, chelete* kapa liaparo* tse peli.+  Hohle moo le fihlang, le lule ntlong ea motho ho fihlela le tloha motseng oo.+  Kae kapa kae moo ba sa le amoheleng, le hlohlore lerole maotong a lona ha le tsoa moo e le bopaki ba hore le ba lemositse.”*+  Ba tloha ba ea le metse ba ntse ba phekola batho ba bile ba ba bolella molaetsa oa ’Muso oa Molimo.+  Eaba Heroda* ’musi oa setereke o utloela ka lintho tsohle tse etsahetseng. A makatsoa ke ho utloa batho ba re Johanne o tsositsoe bafung.+  Ba bang ba re ke Elia, ba bang bona ba re ke moprofeta e mong oa khale ea tsositsoeng bafung.+  Heroda a re: “Ha ke khaotse Johanne hlooho,+ joale eo ea etsang lintho tsee eena ke mang?” Eaba o batla ho mo bona.+ 10  Ha baapostola ba khutla ba mo phetela hore na ba entse’ng.+ Eaba o tsamaea le bona ba le bang ba ea motseng o bitsoang Bethsaida.+ 11  Ha batho ba utloa ka taba ena ba ba sala morao. Jesu a ba amohela ka mosa, a bua le bona ka ’Muso oa Molimo a ba a folisa ba kulang.+ 12  Ha e e-ba mantsiboea baapostola ba hae ba tla ho eena ba re: “E-re batho bana ba tsamaee ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le lijo hobane mona ho hole.”+ 13  Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli feela, ntle le haeba re ka e’o ba rekela lijo.” 14  Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuoa ba hae: “E-reng ba ikarole ba lule ka lihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15  Ba etsa joalo eaba batho kaofela ba lula fatše. 16  Jesu a nka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso. A li qhetsola, a li fa barutuoa, barutuoa bona ba li fa batho. 17  Bohle ba ja ba khora ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng lijo tse setseng.+ 18  Hamorao ha a ntse a rapela a le mong, barutuoa ba tla ho eena eaba o re ho bona: “Batho ba re ke mang?”+ 19  Ba re ho eena: “Ba bang ba re u Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re u Elia, ba bang bona ba re u e mong oa baprofeta ba khale ea tsositsoeng bafung.”+ 20  A re ho bona: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “U Kreste ea rometsoeng ke Molimo.”+ 21  A ba kopa hore ba se ke ba joetsa mang kapa mang ka taba ena.+ 22  A boela a re: “Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela ’me o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+ 23  A re ho batho bohle: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a se ke a hlola a iphelela.+ A ikemisetse ho mamella mahloriso* letsatsi le letsatsi ’me a ’ne a ntatele.+ 24  Mang kapa mang ea batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla felloa ke bona. Empa mang kapa mang ea shoang hobane e le molateli oa ka, o tla phela hape.+ 25  Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe haeba a rua lefatše lohle empa a feletsoe ke bophelo ba hae kapa a intša kotsi?+ 26  Etsoe mang kapa mang ea ntšoabelang le ea soabelang litaba tsa ka, Mor’a motho le eena o tla mo soabela ha a tla ka khanya ea hae, ea Ntate oa hae le ea mangeloi a halalelang.+ 27  Kannete ke re ho lona, ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba shoa pele ba bona ’Muso oa Molimo.”+ 28  Ha ho se ho fetile matsatsi a ka bang robeli a buile mantsoe ao, a tsamaea le Petrose, Johanne le Jakobo ba ea thabeng ho ea rapela.+ 29  Ha a ntse a rapela, sefahleho sa hae sa fetoha ’me liaparo tsa hae tsa e-ba bosoeu bo benyang. 30  Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba ntseng ba buisana le Jesu, e ne e le Moshe le Elia. 31  Ba hlaha ba khanya eaba ba qala ho bua ka hore Jesu o tla falla lefatšeng ha a le Jerusalema.+ 32  Petrose le barutuoa ba bang ba ne ba imetsoe ke boroko empa ha ba hlaphoheloa ba bona Jesu a khanya+ a eme le banna ba babeli. 33  Ha banna bao ba itokisetsa ho tloha, Petrose a re ho Jesu: “Mosuoe, ke hantle hore ebe re mona. Joale ha re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.” Empa o ne a sa ikutloe hore na o ntse a re’ng. 34  Ha a sa ntse a bua ha hlaha leru, la ba koahela eaba baa tšoha. 35  Lentsoe+ la hlaha lerung leo la re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo khethileng.+ Mo mameleng.”+ 36  Ha lentsoe leo le hlaha Jesu o ne a se a setse a le mong. Ba thola tu! eaba ba qeta nako ho se motho eo ba mo bolellang ntho eo ba e boneng.+ 37  Letsatsi le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letšoele la khahlanyetsa Jesu.+ 38  Monna e mong a hoeletsa har’a letšoele a re: “Mosuoe, ke kopa u thuse* mora oa ka, ke ngoan’a ka a le mong feela.+ 39  O kenoa ke modemona, o etsa hore a lle, a tsitsipane a be a tsoe makoeba ka hanong. Ha a mo kene o tsoa ka thata. 40  Ke ile ka kopa barutuoa ba hao hore ba mo ntše empa ba ile ba hloleha.” 41  Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng khopo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Tlisa mora oa hao koano.”+ 42  Eitse ha ngoana a atamela, modemona a mo lahlela fatše a etsa hore a thothomele habohloko. Jesu a khalemela modemona eo, a folisa ngoana eaba o mo isa ho ntate oa hae. 43  Batho kaofela ba tsota matla a Molimo. Ha ba sa ntse ba makalitsoe ke lintho tseo a li entseng, a re ho barutuoa ba hae: 44  “Mamelang mantsoe ana ka hloko, le a hopole: Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho.”+ 45  Leha ho le joalo, ba ne ba sa utloisise hore na o bolela’ng. Taba ena e ne e entsoe lekunutu e le hore ba se ke ba e utloisisa hape ba ne ba tšaba ho mo botsa hore na o bolela’ng. 46  Ba qala ho ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona.+ 47  Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a nka ngoana e monyenyane a mo emisa pel’a hae 48  eaba o re ho bona: “Mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka le ’na oa nkamohela. Mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.+ Etsoe ea itšoarang joaloka ngoana e monyenyane har’a lona kaofela ke eena e moholo.”+ 49  Johanne a re: “Mosuoe, re bone motho e mong a leleka bademona ka lebitso la hao ’me ra leka ho mo thiba hobane o ne a sa tsamaee le rona.”+ 50  Jesu a re ho eena: “Le se ke la leka ho mo thiba hobane mang kapa mang ea seng khahlanong le lona o eme le lona.” 51  Ha nako ea hore Jesu a nyolohele leholimong+ e ntse e atamela, o ile a ikemisetsa ho ea Jerusalema. 52  A roma ba bang ba barutuoa ba hae hore ba mo etelle pele. Eaba ba ea Samaria ho mo lokisetsa moo a tla fihlela teng. 53  Empa ha baa ka ba mo amohela+ hobane o ne a ikemiselitse ho ea Jerusalema. 54  Ha Jakobo le Johanne+ ba hlokomela ba re: “Morena, re laele mollo hore o theohe leholimong o ba timetse?”+ 55  Jesu a sheba ka ho bona eaba oa ba khalemela. 56  Eaba ba ea motseng o mong. 57  Ha ba le tseleng motho e mong a re ho eena: “Ke tla u latela kae kapa kae moo u eang teng.” 58  Empa Jesu a re ho eena: “Liphokojoe li na le moo li lulang* le linonyana li na le lihlaha empa Mor’a motho eena ha a na ntlo.”*+ 59  Jesu a re ho e mong: “E-ba molateli oa ka.” Monna eo a re: “Morena, ke kopa ho e’o pata Ntate pele.”+ 60  Empa Jesu a re ho eena: “Tlohela bafu+ ba pate bafu ba bona, uena tsamaea u phatlalatse ’Muso oa Molimo hohle.”+ 61  E mong eena a re: “Ke tla u latela Morena empa ntumelle ke e’o re ba lelapa la ka ba sale hantle.” 62  Jesu a re ho eena: “Motho ea behang letsoho mohomeng empa a hetlile morao,+ ha a tšoaneloe ke ’Muso oa Molimo.”+

Linaletsana

Ka Segerike: “silevera.”
Kapa: “seaparo sa bobeli.”
Ka Segerike: “e be bopaki ho bona.”
E leng Heroda Antipase. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “a nke palo ea hae ea tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “shebe.”
Kapa: “ekoa.”
Kapa: “li na le lilao.”
Ka Segerike: “ha ho na moo a ka patang hlooho ea hae teng.”