Kosepele ea Luka 19:1-48

  • Jesu o chakela Zakiase (1-10)

  • Papiso ea limina tse leshome (11-27)

  • Jesu o kena joaloka morena (28-40)

  • Jesu o llela Jerusalema (41-44)

  • Jesu o hloekisa tempele (45-48)

19  Eaba Jesu o kena motseng oa Jeriko.  Motseng oo ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Zakiase. E ne e le ’mokelli e moholo oa lekhetho a bile a ruile.  O ne a batla ho bona hore na Jesu enoa ke mang empa a sitoa ho mo bona ka lebaka la bongata ba letšoele hobane o ne a le mokhutšoanyane.  Kahoo, a mathela pele eaba o hloella sefateng* e le hore a tsebe ho mo bona hobane o ne a tl’o feta moo.  Ha Jesu a fihla moo, a lelala eaba o re ho eena: “Zakiase, theoha kapele hobane letsatsing lena ke ea ha hao.”  A theoha kapele eaba o mo amohela ha hae a thabile.  Empa ha ba bona taba ena ba honotha kaofela ba re: “O chaketse monna oa moetsalibe.”+  Eaba Zakiase oa ema o re ho Morena: “Morena, ke fa bafutsana halofo ea lintho tsa ka ’me mang kapa mang eo ke mo nketseng lintho tsa hae ka bolotsana, ke mo khutlisetsa tsona li imenne ka makhetlo a mane.”+  Eaba Jesu o re ho eena: “Letsatsing lena Molimo o pholositse monna enoa le ba lelapa la hae hobane monna enoa le eena ke ngoana oa Abrahama. 10  Etsoe Mor’a motho o tletse ho batla le ho pholosa batho ba lahlehileng.”+ 11  Ha ba sa ntse ba mo mametse, a ba etsetsa papiso e ’ngoe hobane ba ne ba nahana hore ha ba fihla Jerusalema ’Muso oa Molimo o tla bonahala hang-hang.+ 12  A re ho bona: “Monna e mong oa lelapa la boreneng o ile a ea naheng e hole+ e le hore a tle a khutle a e-na le matla a borena. 13  A bitsa makhoba a hae a leshome eaba o a fa limina* tse leshome a re ho ’ona: ‘Etsang khoebo ka tsona ho fihlela ke khutla.’+ 14  Empa kaha baahi ba naha ea habo ba ne ba mo hloile, ba roma batho ho eena hore ba re: ‘Ha re batle hore u be morena oa rona.’ 15  Ha a khutlela ha habo a se a e-na le matla a borena, a bitsa makhoba ane ao a neng a a file chelete* e le hore a fumane hore na a entse phaello e kae ha a ntse a hoeba.+ 16  La pele la fihla la re: ‘Morena, mina ea hao e entse phaello ea limina tse leshome.’+ 17  Kahoo, mong’a hae a re ho eena: ‘U entse hantle uena lekhoba le molemo. Kaha u tšepahetse nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’+ 18  La bobeli la fihla la re: ‘Morena, mina ea hao e entse limina tse hlano.’+ 19  Morena a re ho lona: ‘Le uena busa metse e mehlano.’ 20  Empa le leng la fihla la re: ‘Morena, mina ea hao ke ena, esale ke e bolokile ka har’a lesela. 21  Ke ne ke u tšaba hobane u motho ea se nang mohau, u ithuisa ka mosebetsi oa motho e mong ebile u kotula moo u sa jalang.’+ 22  Morena a re ho lona: ‘Uena lekhoba le khopo, ke u ahlola ka mantsoe a hao. Ha u tsebile hore ke motho ea se nang mohau, ea ithuisang ka mosebetsi oa motho e mong ea bileng a kotulang moo a sa jalang,+ 23  ha oa isa chelete* ea ka bankeng ke’ng ke tle ke e late e e-na le tsoala ha ke khutla?’ 24  Eaba Morena o re ho ba emeng haufi: ‘Mo tsekiseng mina eno le e fe ea nang le tse leshome.’+ 25  Ba re ho eena: ‘Morena empa o na le limina tse leshome!’ 26  A re: ‘Ke re ho lona, e mong le e mong ea nang le letho o tla ekeletsoa empa ea se nang letho o tla amohuoa le hoo a nang le hona.+ 27  Ha e le lira tsena tsa ka tsona tse neng li sa batle ha ke li busa, li tliseng koano le li bolaele ka pel’a ka.’” 28  Ha Jesu a qeta ho bua lintho tsena, a nyolohela Jerusalema. 29  Ha a atamela Thaba ea Mehloaare+ moo Bethefage le Bethani li leng hona teng, a roma barutuoa ba babeli+ a re: 30  “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Ha le fihla le tla fumana petsana ea tonki e tlanngoe. Ke petsana e e-s’o palangoe ho hang, le e tlamolle le e tlise koano. 31  Ea tla le botsa hore na le e tlamollela’ng le mo joetse hore Morena oa e hloka.” 32  Barutuoa ba babeli bao a neng a ba romme ba tloha eaba ba fumana ho le feela joalokaha a boletse.+ 33  Ha ba ntse ba tlamolla petsana, beng ba eona ba re: “Le tlamollela’ng petsana eo?” 34  Ba re: “Morena oa e hloka.” 35  Eaba baa e khanna ba e isa ho Jesu, ba beha liaparo tsa bona holim’a eona eaba Jesu oa e palama.+ 36  Ha a ntse a tsamaea, batho ba ala liaparo tsa bona ka tseleng.+ 37  Hang ha a atamela khoro ea Thaba ea Mehloaare, barutuoa kaofela ba qala ho thaba, ba hoeletsa ba rorisa Molimo ka lebaka la mehlolo eohle eo ba e boneng ba re: 38  “Ho hlohonolofetse ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova!* E se eka ho ka ba le khotso leholimong ’me re rorise Molimo ea holimo-limo!”+ 39  Leha ho le joalo, ba bang ba Bafarisi har’a letšoele leo ba re ho eena: “Mosuoe, khalemela barutuoa ba hao.”+ 40  Eaba o re ho bona: “Kea le bolella haeba ba ne ba ka thola, majoe a ne a tla hoeletsa.” 41  Ha a atamela motse, a o sheba eaba oa o llela+ o re: 42  “Hoja ebe letsatsing lena u ile oa lemoha lintho tse tlisang khotso empa joale u li patetsoe hore u se ke oa li bona+ 43  hobane ho na le nako eo ka eona lira tsa hao li tla u thibella ka lipalo tse motsu ho u potoloha, li u hlasele li hlaha ka mahlakoreng ’ohle.+ 44  Li tla u tabanya fatše ’moho le bana ba hao+ ’me ha ho lejoe le tla sala holim’a le leng motseng ona+ hobane ha oa bona ha nako ea hore u ahloloe* e fihla.” 45  A kena ka tempeleng, a tebela bohle ba rekisang+ 46  a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo’+ empa lona le e entse lehaha la masholu.”+ 47  A ’na a ruta ka tempeleng letsatsi le leng le le leng empa baprista ba baholo, bangoli le baeta-pele ba Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaea.+ 48  Leha ho le joalo, ha baa ka ba fumana monyetla oa ho mo bolaea hobane batho ba ne ba lula ba e-na le eena e le hore ba mo mamele.+

Linaletsana

E ne e le sefate sa sikamore.
Mangolong a Segerike, mina e lekana le likramo tse 340 hape e ne e nkoa e lekana le lidrakema tse 100. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “silevera.”
Ka Segerike: “silevera.”
Ka Segerike: “hlahlojoe.”