Kosepele ea Luka 16:1-31
16 Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Morui e mong o ile a bolelloa hore mohlanka ea okametseng ntlo ea hae oa mo senyetsa.
2 Kahoo, a mo bitsa ’me a re ho eena: ‘Ha ke rate litaba tseo ke li utloang ka uena. Tlisa tlaleho ea mosebetsi oa hao kaha u ke ke oa hlola u okamela ntlo ena.’
3 Mohlanka eo a re ka pelong: ‘Ke tla etsa’ng ha e le moo mong’a ka a nkamoha bookameli? Ha ke na matla a ho sebetsa masimong, le teng ke lihlong ho kopa.
4 Eke! Kea tseba hore na ke tla etsa’ng e le hore ha ke tlosoa bookameling, batho ba tle ba nkamohele malapeng a bona.’
5 A bitsa motho e mong le e mong ea kolotang mong’a hae eaba o re ho oa pele: ‘U kolota mong’a ka eng?’
6 A re: ‘Libate* tse 100 tsa oli ea mohloaare.’ Mohlanka eo a re ho eena: ‘Khutla le lengolo la hao la tumellano ea sekoloto, u phakise u ngole hore u kolota tse 50.’
7 Ka mor’a moo a re ho e mong: ‘Uena u kolota’ng?’ A re: ‘Mekotla e 100 ea koro.’* Mohlanka eo a re ho eena: ‘Khutla le lengolo la hao la tumellano ea sekoloto, u ngole e 80.’
8 Eaba mong’a mohlanka eo oa mo babatsa hobane a le bohlale le hoja a ne a sa loka. Etsoe batho ba mehleng ena* ba bohlale ho feta bahlanka ba Molimo.*+
9 Hape ke re ho lona, iketsetseng metsoalle ka maruo a lefatše lena le sa lokang*+ e le hore ha a fela, metsoalle eo e ka le amohela libakeng tsa bolulo tse tla lula li le teng.+
10 Motho ea tšepahalang linthong tse nyenyane o tšepahala le ho tse kholo ’me motho ea sa tšepahaleng linthong tse nyenyane ha a tšepahale le ho tse kholo.
11 Ka hona, haeba le sa ka la tšepahala ha le sebelisa maruo a lefatše lee le sa lokang, ke mang ea tla le tšepela maruo a sebele?
12 Haeba le sa ka la tšepahala ha le sebelisa lintho tsa motho e mong, ke mang ea tla le fa tsa lona?+
13 Ha ho na mohlanka ea ka sebeletsang benghali ba babeli hobane o tla rata e mong ebe o hloea e mong kapa a hlomphe e mong ebe o tella e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.”+
14 Bafarisi le bona ba ne ba mo mametse empa kaha ba ne ba rata chelete, ba ile ba mo soma.+
15 Jesu a re ho bona: “Le etsa eka le lokile ka pel’a batho+ empa Molimo o tseba lipelo tsa lona+ hobane lintho tseo batho ba nkang li le bohlokoa lia nyonyeha ho Molimo.+
16 Molao le mantsoe a Baprofeta a ile a phatlalatsoa ho fihlela Johanne a fihla. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, haesale litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo li ntse li phatlalatsoa ’me motho e mong le e mong o sebetsa ka thata hore a kene ho oona.+
17 Le haeba leholimo le lefatše li ka timela, lentsoe le leng le le leng le hlahang Molaong le tla phethahala.*+
18 E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae ebe o nyala e mong oa feba hape mang kapa mang ea nyalang mosali ea hlaliloeng le eena oa feba.+
19 Ho ne ho e-na le monna e mong oa morui ea neng a tloaetse ho apara liaparo tse pherese tsa line, a phela hamonate a etsa mekete ea semetletsa.
20 Ho ne ho boetse ho e-na le monna e mong oa mokopa-kopa ea bitsoang Lazaro ea neng a tletse liso. O ne a atisa ho behoa keiting ea morui eo
21 ’me a lakatsa ho ja lijo tse oelang tafoleng ea morui. Le lintja li ne li tla ebe li nyeka liso tsa hae.
22 Ka mor’a nako, monna oa mokopa-kopa a shoa ’me mangeloi a mo isa haufi le Abrahama.*
Monna oa morui le eena a shoa a patoa.
23 Ha a le Lebitleng* a ntse a hlokofala, a sheba holimo eaba o bonela Lazaro hole a le haufi le Abrahama.*
24 Kahoo, a hoeletsa a re: ‘Ntate Abrahama, ke kopa u nkhauhele, u re Lazaro a qopetse monoana ka metsing a pholise leleme la ka hobane ke cha habohloko* mollong ona o bohale.’
25 Abrahama a re ho eena: ‘Ngoan’a ka, u hopole hore uena u ile oa phela hamonate ha Lazaro a sotlehile. Joale hona joale ke nako ea hore a tšelisoe, uena u utloe bohloko.
26 Ntle ho moo, ho na le khohlo e kholo pakeng tsa rona le lona e sitisang ba batlang ho tšelela ka ho rona hore ba fete le ba batlang ho tšelela ka ho lona hore ba tšele.’
27 Morui eo a re: ‘Ntate, haeba ho joalo, ke kopa u mo rome heso
28 hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a bue le bona ka thata e le hore ba tle ba se ke ba qetella ba le mona moo batho ba utloang bohloko haholo.’
29 Empa Abrahama a re: ‘Ba na le mangolo a Moshe le a Baprofeta, ba tla rutoa ke ’ona.’+
30 Monna eo a re: ‘Ntate Abrahama, ba ke ke ba mamela empa haeba motho e mong ea tsohileng bafung a ka ea ho bona ba tla baka.’
31 Abrahama a re ho eena: ‘Haeba ba sa mamele litaba tse ka har’a mangolo a Moshe+ le a Baprofeta, ba ke ke ba mamela leha mofu a ka tsoha.’”
Linaletsana
^ Bate e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “likore tse 100 tsa koro.” Kore e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Segerike: “bara ba leseli.”
^ Ka Segerike: “maruo a sa lokang.”
^ Ka Segerike: “ha ho tlhaku le e ’ngoe e nyenyane ka ho fetisisa kapa letšoao le le leng le ke keng la phethahala.”
^ Ka Segerike: “a mo nkela sefubeng sa Abrahama.”
^ Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Segerike: “sefubeng sa Abrahama.”
^ Kapa: “ke utloa bohloko bo boholo.”