Kosepele ea Luka 15:1-32
15 Babokelli ba lekhetho le baetsalibe bohle ba tla ho Jesu e le hore ba mo mamele.+
2 Ka lebaka leo, Bafarisi le bangoli ba ’na ba honotha ba re: “Monna enoa o amohela baetsalibe ebile o ja le bona.”
3 Jesu a ba etsetsa papiso a re:
4 “Haeba motho a e-na le linku tse 100 ebe e le ’ngoe ea lahleha, na a ke ke a siea tse 99 naheng ebe o e’o batla e le ’ngoe eo e lahlehileng ho fihlela a e fumana?+
5 Ha a e fumana o e jara mahetleng a thabile.
6 Ha a fihla lapeng o bitsa metsoalle le baahisani ba hae kaofela ebe o re: ‘Thabang le ’na hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.’+
7 Kea le bolella hore ha moetsalibe a le mong a baka,+ ho ba le thabo e kholo leholimong ho feta ha ho e-na le ba 99 ba sa hlokeng ho baka.
8 Ke mosali ofe ea nang le lichelete tsa tšepe* tse leshome, eo e-reng ha e le ’ngoe e lahleha ebe ha a khantše le ho fiela ka tlung ea hae hore a e batle ho fihlela a e fumana?
9 Ha a e fumana, o bitsa metsoalle ea hae le baahisani ebe o re: ‘Thabang le ’na ha ke fumane chelete ea ka ea tšepe* e neng e lahlehile.’
10 Ka tsela e tšoanang, mangeloi a Molimo a thaba haholo ha moetsalibe a le mong a baka.”+
11 Jesu a boela a re: “Ho ne ho e-na le motho ea nang le bara ba babeli.
12 Oa ho fela a re ho ntate oa hae: ‘Ntate, mphe karolo ea lefa la ka.’ Eaba o ba arolela mafa a bona.
13 Ka mor’a matsatsi a seng makae, oa ho fela a paka thoto eohle ea hae a ea naheng e hole. Ha a fihla moo, a ja lefa la hae habohlasoa eaba o phela bophelo bo litšila.
14 Ka mor’a hore a senye ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae, ha e-ba le tlala e kholo naheng eo eaba oa futsaneha.
15 A qetella a batlile mosebetsi ho e mong oa baahi ba moo eaba o mo fa mosebetsi oa ho lisa likolobe masimong a hae.+
16 O ne a lakatsa le ho ja lijo tsa likolobe* empa ho ne ho se na motho ea mo fang letho.
17 Ha a hlaphoheloa a re: ‘Heso ho na le batho ba bangata ba nang le ntho eo ba e jang ha ’na ke bolaoa ke tlala mona.
18 Ke tla tsamaea ke ee hae ebe ke re ho Ntate: “Ntate, ke u sitetsoe ebile ke sitetsoe le Molimo ea leholimong.
19 Ha ke sa lokela ho bitsoa mora oa hao. Ke kopa u nketse e mong oa bahiruoa ba hao.”’
20 A tsamaea a khutlela hae. Eare ha a sa le hole ntate oa hae a mo bona, a mo utloela bohloko, a matha a ea ho eena a mo haka eaba oa mo suna.
21 Mora eo a re ho ntate oa hae: ‘Ntate, ke u sitetsoe ebile ke sitetsoe le Molimo ea leholimong.+ Ha ke sa lokela ho bitsoa mora oa hao. Ke kopa u nketse e mong oa bahiruoa ba hao.’
22 Empa ntate eo a re ho makhoba a hae: ‘Phakisang le tle le seaparo se selelele se setle, le mo apese sona, le mo roese reng le be le mo roese lieta.*
23 Le tlise namane e nonneng, le e hlabe, re etse mokete re je
24 hobane mora enoa oa ka o ne a shoele empa o boetse oa phela,+ o ne a lahlehile empa o fumanoe.’ Eaba ba qala ho keteka.
25 Ha mora e moholo a tsoa masimong a atamela ntlo, a utloa lerata la ’mino le batho ba tantšang.
26 A bitsa e mong oa bahlanka a mo botsa hore na ho etsahala’ng.
27 A re ho eena: ‘Ngoan’eno o khutlile, joale ntate oa hao o hlabile namane e nonneng hobane o khutlile a ntse a phetse hantle.’*
28 A halefa, a hana ho kena eaba ntate oa hae oa tsoa o mo kopa hore a kene.
29 A re ho ntate oa hae: ‘Ke u sebelelitse ka lilemo tse ngata ebile ha ke e-s’o tlole le o mong oa melao ea hao empa ha ho mohla u kileng oa mpha leha e le potsanyane e le ’ngoe feela hore ke je le metsoalle ea ka.
30 Empa ha ngoana enoa oa hao ea jeleng leruo la hao le matekatse a fihla, u mo hlabela namane e nonneng.’
31 Ntate a re ho eena: ‘Ngoan’a ka, haesale u e-na le ’na, lintho tsohle tsa ka ke tsa hao.
32 Empa re ne re tlameha ho keteka, re thabe hobane ngoan’eno o ne a shoele empa o boetse oa phela, o ne a lahlehile empa o fumanoe.’”
Linaletsana
^ Ka Segerike: “lidrakema.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Segerike: “drakema.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “makhapetla a karoba.”
^ Ka Segerike: “meqathatso.”
^ Kapa: “a bolokehile.”