Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata

Jehova o Hlohonolofatsa ba Fanang ka ho Rata

’MŌPI oa rōna o hlomphile batho ka ho ba fa bolokolohi ba ho ikhethela. Ho feta moo, o hlohonolofatsa ka ho enneng bao ka ho rata ba ikhethelang ho ntšetsa pele borapeli ba hae le ho kopanela ho halaletseng lebitso la hae le hlomphehang le ho tšehetsa morero oa hae o hlollang. Jehova ha a batle hore re mo mamele hobane feela re tšosoa re bile re qobelloa. Ho e-na le hoo, o oa thaba ha re inehela ho eena hobane re mo rata e le kannete re bile re mo ananela ka ho teba.

Ka mohlala, ha Baiseraele ba le lefeelleng la Sinai, Jehova o ile a ba laela hore ba hahe sebaka sa borapeli. O ile a re: “Har’a lōna nkang monehelo oa Jehova. E mong le e mong ea nang le pelo e ratang a ke a o tlise e le monehelo oa Jehova.” (Ex. 35:5) Moiseraele e mong le e mong o ne a ka fana ka ntho leha e le efe eo a ka e khonang—ho sa tsotellehe hore na e kae—’me monehelo oo oa boithatelo o ne o ka sebelisoa ka tsela leha e le efe e loketseng ho phethahatsa morero oa Molimo. Baiseraele ba ile ba etsa’ng?

“E mong le e mong eo pelo ea hae e ileng ea mo susumetsa” le “eo moea oa hae o ileng oa mo susumetsa” a etsa nyehelo ea boithatelo ka “pelo e ratang.” Banna le basali ba ile ba tšehetsa mosebetsi oa Jehova ka ho rata, ’me ba tlisa: lipele, masale, masale a monoana, khauta, silevera, koporo, tšoele e putsoa, boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu, khoele e ’mala o sekareleta oa kokase, line ea boleng bo botle, boea ba pōli, matlalo a lipheleu a kentsoeng ’mala o mofubelu, matlalo a liqibi, lehong la leoka, majoe a bohlokoa, balsame le oli. Ba ile ba tlisa ‘thepa e lekaneng bakeng sa mosebetsi oohle, ea ba ea feta tekanyo.’—Ex. 35:21-24, 27-29; 36:7.

Ntho e ileng ea thabisa Jehova haholo hase thepa, empa ke tsela eo ba ileng ba fana ka ho rata ka eona ho tšehetsa borapeli bo hloekileng. Ba ile ba boela ba ithaopela ho fana ka nako le matla a bona. Tlaleho e re: “Basali bohle ba nang le lipelo tse bohlale ba ohla ka matsoho.” Ha e le hantle, “basali bohle ba ileng ba susumetsoa ke lipelo tsa bona ka bohlale ba ohla boea ba pōli.” Ho feta moo, Jehova o ile a fa Bezaliele ‘bohlale, kutloisiso le tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho.’ Ha e le hantle, Molimo o ile a fa Bezaliele le Oholiabe tsebo eo ba e hlokang e le hore ba phethe mosebetsi oohle oo ba neng ba lokela ho o etsa.—Ex. 35:25, 26, 30-35.

Ha Jehova a ne a re Baiseraele ba ntše monehelo, o ne a tseba hore “e mong le e mong ea nang le pelo e ratang” o tla tšehetsa borapeli ba ’nete. ’Me eena o ile a ba hlohonolofatsa ka ho enneng ka ho ba tataisa le ho ba fa thabo e khaphatsehang. Ka tsela eo, Jehova o ile a bontša hore o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba fanang ka ho rata, ’me o ba fa thepa le tsebo e hlokahalang e le hore ba finyelle thato ea hae. (Pes. 34:9) Ka sebele, Jehova o tla u hlohonolofatsa ha u ntse u mo sebeletsa ka ho hloka boithati.