Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | SARA

“U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle”

“U Mosali ea Nang le Ponahalo e Ntle”

SARA mosali oa bochabela bo hare, o ntse a pota-pota ka tlung o bonahala a maketse a bile a ipotsa lipotso li hana ho fela. Na o ne a bonahala a tšoenyehile? Haeba ho joalo, e ne e tla be e le ka lebaka le utloahalang, etsoe ho etsahetse lintho tse ngata ntlong ena. Eena le monna oa hae Abrahama esale ba thabela ho phela lehaeng lena la bona ka nako e telele. *

Ba ne ba phela motseng o ruileng oa Ure, o neng o tumme ka batho ba neng ba etsa mosebetsi oa matsoho, bataki ba litšoantšo le bahoebi. Ho hlakile hore e ne ele barui. Ntlo ea Sara e ne e se lehae feela tje la ho boloka thepa ea bona empa o ne a se a le nka ele karolo ea bophelo ba hae. Ba phetse nako e telele ba thabile sebakeng sena le hoja ba ne ba ntse ba hlaheloa ke mathata. Ka makhetlo esale ba rapela Molimo oa bona Jehova mona. Ruri Sara o ne a e-na le mabaka a mangata a ho rata ntlo ena ea hae.

Leha ho le joalo, Sara o ne a ikemiselitse ho tela lehae la hae. Le hoja a ne a se a le lilemo tse ka bang 60, o ne a se a le malala-a-laotsoe ho nka leeto le boima, a tsamaee libakeng tseo a sa li tsebeng ebile a sa lebella ho khutlela ha hae hape. Ho tlile joang hore lintho li fetohe ka ho panya ha leihlo joalo bophelong ba hae? Re ka bontša tumelo e tšoanang le ea hae joang?

“TLOHA NAHENG EA HENO”

Ho ka etsahala hore ebe Sara o holetse Ure. Moo e neng ele Ure ke lithako hona joale. Empa mehleng ea Sara likepe tsa bahoebi tse neng li tsoa libakeng tse fapaneng lefatšeng, li ne li bonahala ka bongata nokeng ea Eufrate li tlisa thepa ea boemo bo holimo motseng ona o ruileng. Batho ba ne ba khobokana limmarakeng tse petetsaneng, likepe li tsoa li kena likoung ’me thepa e kena ka bongata mabenkeleng le limmarakeng. A k’u inahanele fela Sara a holela sebakeng sena se phetheselang, mohlomong a bile a tsebana le batho ba bangata ba moo. Ha ho potang hore le batho ba moo ba ne ba tla mo hopola etsoe le lelapa la bo le ne le tsebahala haholo.

Ka Bibeleng Sara o tsebahala ka tumelo ea hae e matla, empa e seng tumelo ho molimo oa khoeli ea neng a rapeloa haholo Ure. Seemahale sa molimo eo se ne se le seholo hoo se neng se bonahala motseng oo. Ho fapana le ho rapela molimo eo, Sara o ne a rapela Molimo oa ’nete eleng Jehova. Bibele ha e re bolelle hore na ho tlile joang hore Sara a be le tumelo e matla joalo ho Jehova. Ntate oa hae o ne a rapela litšoantšo. Leha ho le joalo o ile a nyaloa ke Abrahama, monna ea moholo ho eena ka lilemo tse leshome. * (Genese 17:17) Hamorao Abrahama o ile a tsebahala ele “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”(Baroma 4:11) Lenyalo la bona ebile le atlehileng, e le banyalani ba ratanang, ba hlomphanang hape ba oa ba tsoha ’moho. Ka holim’a tsohle, se neng se etsa hore lenyalo la bona le tiee le ho feta ke hobane ba ne ba rata Jehova.

Sara o ne a rata monna oa hae haholo, ’me bobeli ba bona ba ile ba lula haufi le beng ka bona motseng oa Ure. Ho e-s’o ee kae ba ile ba etsahalloa ke ntho e bohloko bophelong. Bibele e re bolella hore Sara e ne e le “nyopa; a se na ngoana.” (Genese 11:30) Mehleng eo ho se be le bana e ne ele sekhobo. Empa Sara o ile a tsoela pele ho tšepahalla Molimo oa hae le monna oa hae. Leha ho le joalo ba ile ba nka Lota eleng mochana oa bona ea se nang batsoali, joaloka ngoan’a bona. Bophelo ba bona bo ile ba itsoella pele ho fihlela ha ka letsatsi le leng lintho li fetoha.

Abrahama o ile a tla ho Sara ho tla mo bolella ntho e ngoe e thabisang. O ne a sa kholoe se sa tsoa etsahala. Molimo eo ba mo rapelang, o buile le eena a sebelisa lengeloi. U se u ka inahanela Sara, a labalabela ho tseba hore na lengeloi le itseng ho monna oa hae. Mohlomong Abrahama o ile a lula fatše pele, a ipotsa hore na o tla qala ka hore’ng ha a bolella mosali oa hae molaetsa oa Molimo o reng: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena ’me u tl’o kena naheng eo ke tla u bontša eona.” (Liketso 7:2, 3) Le hoja ba ne ba thabisitsoe ke molaetsa oo, ba ile ba nahana ka boikarabelo bo tsamaisanang le seo Molimo a reng ba se etse. Ba ne ba lokela ho tlohela bophelo ba bona bo mabotho-botho ebe eba bo hloma-u-hlomolle. Ebe Sara o ne a tla etsa joang? Ntle ho pelaelo Abrahama o ne a mo shebile ka hloko. Na o ne a tla tšehetsa monna oa hae mosebetsing oo Molimo a mo fileng ona le hoja o tl’o fetola bophelo ba bona?

Khetho eo Sara a neng a lokela ho e etsa eka ’na ea se ke ea utloahala ho rona. Re ka ’na ra re, ‘Ha ho mohla Molimo a kileng a re ’na kapa molekane oa ka re etse ntho e joalo.’ Leha ho le joalo na ho ka etsahala hore ebe ka tsela e itseng re boemong bo tšoanang le ba bona? Re phela har’a batho ba ratang maruo, ba ka ’nang ba re susumelletsa hore re amehe ka bophelo bo mabotho-botho feela. Ho fapana le hoo Bibele eona e re khothalletsa hore ho sebeletsa Molimo e lokela ho ba eona ntho ea bohlokoa bophelong ba rona. (Matheu 6:33) Ha re ntse re nahanisisa ka seo Sara a se entseng re ka ’na ra ipotsa, Ke tla etsa khetho efe bophelong ba ka?’

BA ILE BA ‘TLOHA NAHENG EA HA BO BONA’

Ha Sara a ntse a itokisetsa leeto o ne a sa tsebe hore na o nka’ng kapa o siea’ng. O ne a lokela ho nka lintho tsa bohlokoa le tse ka nkehang ka liesele le likamele. Sena se bolela hore thepa eo ba e sieang ba ne ba lokela ho e rekisa le ho fana ka e ’ngoe. Hape ba ne ba lokela ho tela bophelo bo monate ba toropo, limmaraka le mabenkele ao ba neng ba reka nama, litholoana, liphahlo le lintho tse ling.

Tumelo ea Sara e ile ea mo susumelletsa hore a siee bophelo ba hae bo mabothobotho

E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore Sara a tele lehae la hae. Haeba ntlo ea Sara e ne e tšoana le matlo ao baepolli ba lintho tsa khale ba a fumaneng Ure, ruri o ile a tela bophelo bo monate. A mang a matlo ao a ne a e-na le likamore tse 12 kapa ho feta, a e-na le liliba tsa metsi le tsamaiso ea likhoere-khoere. Esita le matlo a tloaelehileng a ne a e-na le marulelo a hantle le mabota a matle hape le mamati a ka koalehang ka tsela e sireletsehileng. Na tente feela e ne e ka etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile khahlanong le masholu? Kapa khahlanong le litau, mangau, libere le liphiri—eleng liphoofolo tse neng li le hohle mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele?

Ho thoeng ka lelapa labo? Sara o ne a tla be a arohana le bo-mang? E tlameha ebe ho ne ho se bonolo ho Sara ho mamela taelo ea Molimo e reng, “tloha naheng ea heno le ho beng ka uena”. Kaha Sara e ne ele mosali ea mosa le ea ratang batho, e tlameha ebe ho ne se bonolo ho arohana le beng ka eena bao a neng a utloana le bona haholo empa ho se ho se mohla a tla kopana le bona hape. Empa o ile a ipha matla, a tsoela-pele ka ho itokisetsa letsatsi la leeto.

Ho sa tsotellehe mathata, Sara o ne a se a le malala a laotsoe ho tsamaea ha letsatsi la leeto le fihla. Tera, ea neng a se a le lilemo li 200, o ile a tsamaea le Abrahama le Sara. (Genese 11:31) Sara o ne a lokela ho hlokomela ntate oa hae ea seng a holile. Lota le eena o ile a tsamaea le bona ha ba ne ba mamela taelo ea Molimo ea hore ba lokela ho “tsoa naheng ea Bakalde.”—Liketso 7:4.

Ba ile ba ea Harane e bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 960, ba tsamaea ba iphaphathile ka noka ea Eufrate. Ha ba fihla Harane, ba ile ba lula teng nako e itseng. Ho ka etsahala hore ebe Tera o ne a se kula ka nako ena ’me a se a hloleha ho tsoela pele ka leeto. Ba le ile la lula moo ho fihla Tera a hlokahala a le lilemo li 205. Pele ba tloha Harane, Jehova o ile a boela a bua le Abrahama ’me a mo bolella hore a tlohe moo a ee naheng eo a tla mo bontša eona. Lekhetlong lena Jehova o ile a tšepisa Abrahama ntho eo ho neng ho le thata hore a e kholoe, o ile a re ho eena: “Ke tla u etsa sechaba se seholo.” (Genese 12:2-4) Empa ha ba tloha Harane, Abrahama o ne a le lilemo li 75 ha Sara a ne a le lilemo li 65, ’me ba ne ba se na bana. Joale Abrahama e ne e tla ba sechaba se seholo joang? Na o ne a tla nyala mosali e mong? Sethepu e ne e le ntho e tloaelehileng mehleng eo, kahoo ho ka etsahala hore ebe Sara o ne a ntse a nahana hore monna oa hae o tla nyala mosali e mong.

Ba ile ba tloha Harane ’me ba tsoela pele ka leeto. Hlokomela hore na joale ba ne ba se ba tsamaea le bo-mang. Bibele e re Abrahama le lelapa la hae ba ile ba tloha le leruo lohle leo ba neng ba le bokeletse hammoho ‘le batho bao ba ba fumaneng Harane.’ (Genese 12:5) Batho bao e ne e le bo-mang? Ho ka etsahala hore ebe e ne e le batho ba mo sebeletsang. Ha ho pelaelo hore Abrahama le Sara ba ne ba ruta batho bao ka Molimo eo ba mo rapelang, haholo-holo ba neng ba rata ho mamela. Leha ho le joalo Bajuda ba bang ba mehleng ea khale ba bolela hore batho bao ho buuoang ka bona temaneng ena ke ba ileng ba ikopanya le Abrahama le Sara ho rapeleng Jehova. Haeba ho joalo tumelo e matla ea Sara e ile ea mo thusa hore a susumetse batho ba bang ho lumela ho Molimo oa hae. Ho bohlokoa ho nahana ka ho etsisa tumelo ea Sara hobane re phela mehleng eo ho hloka tumelo ho Molimo ho atileng. E se eka u ka bolella ba bang seo u ntseng u ithuta sona ka Bibeleng.

“BA THEOHELA EGEPETA”

Ka mor’a ho tšela noka ea Eufrate hoo ekabang ka la 14 Nisane 1943 pele ho mehla ea Jesu, ba ile ba fihla naheng eo Molimo a neng a e tšepisitse Abrahama. (Exoda 12:40, 41) A k’u bone Sara ka mahlo a kelello a hloletsoe ke botle ba naha le boemo bo botle ba leholimo ba naha ena. Pela lifate tse kholo tsa More, haufi le naha ea Shikeme, Jehova o ile a itlhahisa ho Abrahama a re ho eena: “Ke tla fa peō ea hao naha ena.” E tlameha ebe Abrahama o ile a thabela taba eo. Sena se ile sa etsa hore a nahane ka tšepiso eo Molimo a ileng a e etsa serapeng sa Edene ea hore ho tla ba le peo e tla timetsa Satane. Jehova o ne a ile a bolella Abrahama hore sechaba se tla tsoa ho eena se ne se tla tlisetsa batho bohle ba lefatše melemo ea ka ho sa feleng.—Genese 3:15; 12:2, 3, 6, 7.

Leha ho le joalo sena ha se bolele hore ba ne ba sa hlaheloe ke mathata. Tlala e kholo e ile ea aparela naha ea Kanana eaba Abrahama o nka lelapa lohle la hae ba ea Egepeta. Empa o ile a hlokomela kotsi e neng e ka ’na ea ba hlahela Egepeta. Eaba o re ho Sara: “Bona hle! ke tseba hantle hore u mosali ea nang le ponahalo e ntle. Etlare ha Baegepeta ba u bona ba tla re, ‘Enoa ke mosali oa hae.’ ’Me ka sebele ba tla mpolaea, empa uena ba tla u boloka u phela. Ka kōpo e-re u khaitseli ea ka, e le hore lintho li ntsamaele hantle ka lebaka la hao, ’me ka sebele moea oa ka o tla phela ka lebaka la hao.” (Genese 12:10-13) Hobane’ng ha Abrahama a ile a etsa kopo e sa tloaelehang joalo?

Abrahama e ne e se lekoala joalokaha batho ba bang ba bua joalo. Ke ’nete hore Sara e ne e le khaitseli ea hae. Kahoo e ne e le ka lebaka le utloahalang Abrahama a neng a ka bua joalo. Abrahama le Sara ba ne ba tseba hore ha ho ntho ea bohlokoa ho feta ho phethahala ha morero oa Molimo oa hore a hlahise peo le sechaba se khethehileng ka Abrahama, kahoo ho sireletseha hoa Abrahama e ne e le habohlokoa. Hape baepolli ba lintho tsa khale ba bontša hore e ne ele ntho e tloaelehileng hore banna ba boholong Egepeta ba nke mosali ebe ba bolaea monna oa hae. Kahoo, Abrahama o ile a etsa qeto e nepahetseng ’me Sara o ile a ikokobelletsa eona.

Ho e-s’o ee kae ho ile ha totobala hore Abrahama o ne a tšoenyehile ka lebaka le utloahalang hobane likhosatsana tsa Faro li ile tsa bona botle bo hlollang ba Sara. Eaba ba tlalehela Faro, ’me Faro a re Sara a tlisoe ho eena. Re se re ka inahanela kamoo Abrahama a neng a tšoenyehile kateng ’me ha ho potang hore le Sara o ne a tšohile. Leha ho le joalo ha a ka a tšoaroa joaloka motho ea hapuoeng, empa o ile a tšoaroa joaloka moeti oa bohlokoa ntlong ea borena. Mohlomong Faro o ne a batla ho mo khahla ka maruo a hae ebe ka mor’a moo o bua le khaitseli ea hae hore a mo nyale.—Genese 12:14-16.

Ka mahlo a kelello bona Sara a shebile naha ea Egepeta, mohlomong a shebile a eme foranteng ea ntlo ea boreneng. O ne a ikutloa joang ha a se a lula ka tlung, a na le lijo tse hlabosang? Na o ile a utloa a se a rata bophelo boo, bo neng bole monate ho feta boo a neng a bo phela ha a le Ure? Nahana na Satane o ne a ka thaba hakaakang ha Sara a ne a ka siea Abrahama ebe e ba mosali oa Faro. Empa Sara ha aa ka etsa joalo. O ne a tšepahalla monna oa hae, le Molimo oa hae. Ekare batho ba lenyalong lefatšeng lena le tletseng boitšoaro bo bobe ba ne ba ka bontša botšepehi bo joalo. Na u ka etsisa mohlala oa botšepehi oa Sara hao sebelisana le batho bao u amanang haufi le bona le metsoalle ea hao?

Ho sa tsotellehe liteko tseo Sara a ileng a tobana le tsona ntlong ea Faro, o ile a tšepahalla molekane oa hae

Jehova o ile a nka khato ’me a sireletsa Sara ka ho otla Faro le bohle ba ntlo ea hae. Ha Faro a utloa hore Sara ke mosali oa Abrahama, o ile a mo khutlisetsa ho monna oa hae ’me a kopa lelapa lohle la hae le tlohe Egepeta. (Genese 12:17-20) Abrahama o ile a thaba hakaakang ha mosali oa hae a khutlela ho eena. Hopola hore o ile a re ho eena: “Kea tseba hore u mosali ea motle.” Empa o ne a ananela botle bo bong ba Sara,—botle bo neng bo feta hole chebahalo ea hae. Sara e ne e le mosali ea bonolo le ea ikokobelitseng, eleng litšobotsi tsa bohlokoa mahlong a Jehova. (1 Petrose 3:1-5) Ke botle boo kaofela ha rona re ka lekang ho ba le bona. Haeba ho ithuta Bibele, le ho ruta ba bang lentsoe la Molimo ho tla pele bophelong ba rona, hape ka botšepehi re mamela litaelo tsa Molimo tse mabapi le boitšoaro re tla etsisa tumelo ea Sara.

^ ser. 3 Ha e le hantle mabitso a bona e ne e le Abrame le Sarai, empa ba tsebahala haholo ka mabitso ao Jehova a ileng a ba fa ona eleng Abrahama le Sara.— Genese 17:5, 15.

^ ser. 8 Sara e ne ele khaitseli ea Abrahama. Tera e ne ele ntate oa bona ka bobeli empa bo-’mè ba bona ba fapane. (Genese 20:12) Le hoja lenyalo la mofuta oo le fosahetse, re lokela ho hopola hore mehleng eo lintho li ne li fapane haholo le mehleng ena. Ka nako eo batho ba ne ba se hole haholo le phetheho eo Adama le Eva ba ileng ba e lahla. Ka lebaka leo batho ba ne ba ntse ba phetse hantle ba bile ba le matla. Kahoo ho nyalana ha batho ba amanang ho ne ho sa bake mathata a liphatsa tsa lefutso ho bana ba neng ba ka hlaha lenyalong le joalo. Leha ho le joalo lilemo tse 400 hamorao, batho ba ne ba se ba phela lilemo tse lekanang le tseo batho ba li phelang mehleng ena. Molao oo Molimo a ileng ao fetisetsa ho Baiseraele ka Moshe o ile oa hanela hore motho a ka nyalana le mong ka eena.—Levitike 18:6.