Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letlapa lena le ngotsoeng ka mongolo oa cuneiform, le na le lebitso Tattannu ho lona

Bopaki ba Hore Bibele e Nepahetse Litabeng Tsa Histori

Bopaki ba Hore Bibele e Nepahetse Litabeng Tsa Histori

Na hona le bopaki bo bontšang hore baepolli ba lintho tsa khale, ba lumellana le tlaleho e ka Bibeleng? Ka 2014, makasine ea Biblical Archaeology Review e ile ea tšohla potso e reng: “Ke batho ba ba kae bao Baepolli ba lintho tsa khale ba netefalitseng hore mangolo a Seheberu a buile ka bona?” Bonyane ke batho ba ka bang 50. Tatenai o ne a le sieo lenaneng leo. Tatenai e ne e le mang? ka re ke re hlahlobeng hore na tlaleho ea Bibele e re’ng ka eena.

Jerusalema e kile ea ba tlas’a puso ea Persia. E ne e le haufi le karolo eo Bapersia ba neng ba e bitsa ka Nģ’ane ho Nōka, e leng bochabela ba Eufrate. Ka mor’a hore Bapersia ba hlole Bababylona, ba ile ba lokolla Bajuda ’me ba ba laela hore ba tsosolose tempele ea Jehova e Jerusalema. (Esd 1:1-4) Empa lira tsa Bajuda li ile tsa leka ho ba thibela,’me tsa ba qosa ka hore ba fetohela puso ea Persia. (Esd 4:4-16) Nakong ea puso ea Dariuse I, ’musisi oa Persia ea bitsoang Tatenai o ile a etsa lipatlisiso mabapi le qoso eo. Bibele e mo bitsa “musisi oa ka Nģ’ane ho Nōka.”—Esd 5:3-7.

Matlapa a ’maloa a nang le lebitso la Tatenai, ao mohlomong a neng a bolokiloe ke lelapa le itseng, a ile a fumanoa. Ka 502 pele ho mehla ea Jesu ha Dariuse I a le selemong sa bo-20 sa puso ea hae, ho ile ha fumanoa hore ho na le tšepiso e hlahang ho le leng la matlapa ana e amahanyang Tatenai le setho sa lelapa leo. Moo ho hlakisoa hore setho sa lelapa leo e ne e le mosebeletsi oa Tattannu, “e leng ’musisi oa ka Nģ’ane ho Nōka,” eo Lengolo la Esdrase le mo bitsang Tatenai.

Mosebetsi oa hae e ne e le ofe? Ka 535  pele ho mehla ea Jesu, Cyruse e moholo o ile a arola libaka ka liprofinse ’me e ’ngoe ea tsona ea bitsoa ‘Babylona le ka Nģ’ane ho Nōka’. Hamorao profinse ena e ile ea aroloa ka likarolo tse peli ’me e ’ngoe ea bitsoa ka Nģ’ane ho Nōka. E ne e akarelletsa Coele-Syria, Foenisia, Samaria le Juda ’me li ne li busoa Damaseka. Tatenai o busitse profinse ena ho tloha ka 520 ho fihlela ka 502  pele ho mehla ea Jesu.

O ile a ea Jerusalema ho ea batlisisa hantle hore na ho tlile joang hore Bajuda ba tsosolose tempele. Eitse ha a khutla, Tatenai o ile a phetela ’musisi Dariuse hore ke Cyruse ea itseng Bajuda ba tsosolose tempele ea Jehova. Lipatlisiso tsa lintho tsa khale li tšehetsa taba ena. (Esd 5:6, 7, 11-13; 6:1-3) Tatenai o ile a laeloa hore a tlohele mosebetsi o etsoang ntlong ea Molimo hore o phethoe ’me a mamela taelo eo.—Esd 6:6, 7, 13.

Histori Ha e buoe hakaalo ka “Tatenai ’musisi oa sebaka se ka Nģ’ane ho Nōka.” Empa Bibele e mo hlalosa hantle ka tlotla e mo tšoanelang. Sena se fana ka bopaki bo totobetseng ba hore baepolli ba lintho tsa khale ba tšehetsa taba ea hore histori ea Bibele e nepahetse.