Fetela boitsebisong

Buka ea Tšenolo​—E Bolela’ng?

Buka ea Tšenolo​—E Bolela’ng?

Karabo ea Bibele

Lebitso la Segerike la buka ea Bibele ea Tšenolo, e leng A·po·kaʹly·psis (apocalypse), le bolela “Ho senola” kapa “Ho pepesa.” Lebitso lena le bontša se boleloang ke buka ea Tšenolo​—e senola litaba tse neng li patehile ’me e pepesa liketsahalo tse neng li tla ba teng nako e telele ka mor’a hore e ngoloe. Boprofeta bo bongata bo boleloang ho eona ha bo e-s’o phethahale.

Kakaretso ea buka ea Tšenolo

Litsela tsa ho utloisisa buka ea Tšenolo

  1. Molaetsa oa eona o khothatsa ba sebeletsang Molimo, ho e-na le ho ba tšosa kapa ho ba thothometsa. Le hoja batho ba bangata ba nahana hore lentsoe lena “apocalypse” le bolela koluoa e khōlō, buka ea Tšenolo e qala litaba le ho li qetella ka ho bontša hore ba balang molaetsa oa eona, ba o utloisisa ebile ba o sebelisa bophelong ba bona ba tla thaba ha ba etsa joalo.​—Tšenolo 1:3; 22:7.

  2. Tšenolo e sebelisa “lipontšo” tse ngata kapa litšoantšetso, tse sa lokelang ho utloisisoa ka tsela ea sebele.​—Tšenolo 1:1.

  3. Batho le lintho tse ngata tse ka sehloohong le lipontšo tseo ho buuoang ka tsona bukeng ea Tšenolo li boletsoe esale pele ka Bibeleng:

  4. Lipono li phethahala “letsatsing la Morena,” le qalileng ha ’Muso oa Molimo o hlongoa ka 1914 ’me Jesu a qala ho busa e le Morena. (Tšenolo 1:​10) Ka hona, re ka lebella hore phethahatso e khōlō ea Tšenolo e etsahale mehleng ea rōna.

  5. E le hore re utloisise buka ea Tšenolo, re hloka lintho tse tšoanang le tse ling tse re thusang ho utloisisa likarolo tsohle tsa Bibele, tse kang bohlale bo tsoang ho Molimo esita le ho fumana thuso ho ba seng ba ntse ba e utloisisa.​—Liketso 8:​26-​39; Jakobo 1:5.