Tšenolo e eang ho Johanne 12:1-17
12 Ka bona pontšo e kholo leholimong: Ho ne ho e-na le mosali+ ea apereng liaparo tse khanyang joaloka letsatsi, khoeli e le ka tlas’a maoto a hae. O ne a roetse korone e entsoeng ka linaleli tse 12
2 ebile e ne e le moimana. Kaha ngoana oa hae o ne a le haufi le ho hlaha, o ne a lla hobane a otloa ke mahlaba a pelehi.
3 Ka bona pontšo e ’ngoe leholimong: Ho ne ho e-na le drakone e kholo e bofubelu ba mollo,+ e e-na le lihlooho tse supileng le manaka a leshome ’me e roetse likorone tse supileng.
4 E ile ea hulanya linaleli tse ngata*+ ka mohatla oa eona eaba e li lahlela lefatšeng.+ E ne e eme ka pel’a mosali+ ea neng a le haufi le ho ba le ngoana e le hore e koenye ngoana eo ha a hlaha.
5 A tsoala mora+ ea tla busa lichaba kaofela ka lere la tšepe.+ Hang-hang ngoana eo a isoa ho Molimo ea lutseng teroneng ea hae.
6 Mosali eo a balehela naheng. O ne a e-na le sebaka seo a se lokiselitsoeng ke Molimo moo a neng a tla feptjoa teng ka matsatsi a 1 260.+
7 Ha qhoma ntoa leholimong: Mikaele*+ le mangeloi a hae ba loana le drakone le mangeloi a eona.
8 Drakone le mangeloi a eona ba ile ba hloloa* ebile ha baa ka ba hlola ba lumelloa ho lula leholimong.
9 Kahoo, drakone e kholo,+ noha ea pele e bitsoang+ Diabolose+ le Satane,+ e khelosang lefatše lohle,+ ea liheloa tlase lefatšeng+ hammoho le mangeloi a eona.
10 Ka utloa lentsoe le phahameng le tsoang leholimong le re:
“Molimo o tlisitse poloko,+ matla a hae a bonahalitsoe le ’Muso oa hae+ o se o hlonngoe. Kreste o se a busa hobane ea qosang bana ba bo rona bosiu le motšehare ka pel’a Molimo o se a lihetsoe tlase.+
11 Ba ile ba mo hlola+ ka lebaka la mali a Konyana+ le ka lebaka la molaetsa oo ba o bolelang+ ’me ha baa ka ba rata maphelo a bona+ leha ba ne ba tobane le lefu.
12 Ka lebaka lena, thabang lona maholimo le lona ba lulang ho ’ona. Ho malimabe lefatše le leoatle+ hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile haholo a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”+
13 Ha drakone e hlokomela hore e lihetsoe lefatšeng,+ ea hlorisa mosali+ ea ileng a ba le ngoana oa moshanyana.
14 Eaba mosali o fuoa mapheo a mabeli a ntsu e kholo+ e le hore a fofele naheng, moo Molimo a neng a mo lokiselitse teng le moo a neng a tla feptjoa ka linako tse tharo le halofo,*+ hole le noha.+
15 Noha ea tšoela metsi a kang noka ka mor’a mosali e le hore a khangoe ke ’ona.
16 Lefatše la thusa mosali. La ahlama ’me la metsa noka eo drakone e e tšoetseng.
17 Drakone ea halefela mosali, ea tloha ho ea loantša bana* ba setseng+ ba mosali ba mamelang litaelo tsa Molimo le ba filoeng mosebetsi oa ho paka ka Jesu.+
Linaletsana
^ Ka Segerike: “karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo.”
^ E bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”
^ Kapa mohlomong: “Drakone e ile ea hloloa.”
^ Ka Segerike: “nako, linako tse peli le halofo ea nako.”
^ Ka Segerike: “peo.”