Fetela boitsebisong

Sebata se Nang le Lihlooho Tse Supileng se ho Tšenolo Khaolo ea 13 se Emela’ng?

Sebata se Nang le Lihlooho Tse Supileng se ho Tšenolo Khaolo ea 13 se Emela’ng?

Karabo ea Bibele

Sebata se nang le lihlooho tse supileng se ho Tšenolo 13:1 se emela tsamaiso ea lefatše lohle ea lipolotiki.

  • Se na le bolaoli, matla le borena e leng se bontšang hore ke mokhatlo oa lipolotiki.​—Tšenolo 13:2.

  • Se busa “moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng,” kahoo se matla ho feta ’muso oa naha e le ’ngoe feela.​—Tšenolo 13:7.

  • Se kopanya litšobotsi tsa libata tse ’nè tse hlalositsoeng ho Daniele 7:​2-8, ho akarelletsa le ponahalo ea lengau, maoto a bere, molomo oa tau le linaka tse leshome. Libata tse boprofeteng ba Daniele li emela marena a itseng ka ho khetheha, kapa mebuso ea lipolotiki, e busang ka tatellano libakeng tse khōlō. (Daniele 7:​17, 23) Kahoo, sebata se ho Tšenolo khaolo ea 13 se emela mekhatlo ea lipolotiki e nang le likarolo tse ngata.

  • Se nyoloha “ka leoatleng,” ke hore se tsoa letšoeleng le ferekaneng la moloko oa batho leo e leng mohloli oa mebuso ea batho.​—Tšenolo 13:1; Esaia 17:12, 13.

  • Bibele e re palo, kapa lebitso la sebata​—e leng 666​—ke “palo ea motho.” (Tšenolo 13:17, 18) Polelo eo e bontša hore sebata se ho Tšenolo khaolo ea 13 ke sa batho, eseng sa moea kapa modemona.

Le hoja linaha li ka ’na tsa lumellana ka lintho tse seng kae, li ntsoe-leng boikemisetsong ba tsona ba ho lula li e-na le bolaoli ho e-na le ho ipeha tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. (Pesaleme ea 2:2) Li tla boela li ikopanye e le hore li loantše lebotho la Molimo le laoloang ke Jesu Kreste ka Armagedone, empa ntoa eo e tla fella ka hore lichaba tseo li timetsoe.​—Tšenolo 16:14, 16; 19:19, 20.

“Linaka tse leshome le lihlooho tse supileng”

Lipalo tse itseng li sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ka Bibeleng. Ka mohlala, leshome le supa li emela phetheho. Se ka re thusang ho utloisisa se boleloang ke “linaka tse leshome le lihlooho tse supileng” tsa sebata se ho Tšenolo khaolo ea 13 ke “setšoantšo sa sebata” se tsebahatsoang hamorao ho Tšenolo​—e leng sebata se ’mala o sekareleta se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. (Tšenolo 13:​1, 14, 15; 17:3) Bibele e re lihlooho tse supileng tsa sebata sena se ’mala o sekareleta li emela “marena a supileng,” kapa mebuso.​—Tšenolo 17:​9, 10.

Ka ho tšoanang, lihlooho tse supileng tsa sebata se ho Tšenolo 13:1 li emela mebuso e supileng: e leng linaha tse ka sehloohong tse ileng tsa busa lefatše ’me tsa etella pele tabeng ea ho hatella batho ba Molimo, e leng Egepeta, Assyria, Babylona, ’Muso oa Bamede le Bapersia, Greece, Roma le ’Muso oa Manyesemane le Maamerika. Haeba re etsa qeto ea hore linaka tse leshome li emela lipuso tsa linaha tsohle, tse nyenyane le tse khōlō, sena se bolela hore mofapa-hlooho, kapa moqhaka, o lenakeng le leng le le leng o bontša hore naha ka ’ngoe e busa ka nako e le ’ngoe le ’muso o ka sehloohong oa nakong eo.