Kosepele ea Johanne 1:1-51

  • Lentsoe e ile ea e-ba motho (1-18)

  • Bopaki boo Johanne Mokolobetsi a faneng ka bona (19-28)

  • Jesu ke Konyana ea Molimo (29-34)

  • Barutuoa ba pele ba Jesu (35-42)

  • Filipi le Nathanaele (43-51)

1  Qalong Lentsoe o ne a le teng,+ a e-na le Molimo.+ Lentsoe e ne e le molimo.+  O ne a e-na le Molimo qalong.  Lintho tsohle li bile teng ka eena.+ Ha ho letho le bileng teng haese ka eena.  Bophelo bo bile teng ka eena ’me bophelo e ne e le leseli ho batho.+  Leseli leo le khanya lefifing+ empa lefifi ha lea le hlola.  Monna e mong o ile a rongoa ke Molimo e le moemeli oa hae. Lebitso la hae e ne e le Johanne.+  Monna enoa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le leseli+ e le hore batho bohle ba ka lumela ka lebaka la hae.  Eena e ne e se leseli leo+ empa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le lona.  Leseli la ’nete le khantšetsang batho bohle le ne le le haufi le ho tla lefatšeng.+ 10  O ne a le teng lefatšeng.+ Lefatše le bile teng ka eena+ empa lefatše ha lea ka la mo tseba. 11  O ile a tla ha habo empa batho ba habo ha baa ka ba mo amohela. 12  O ile a lumella bohle ba mo amohetseng hore e be bana ba Molimo+ hobane ba ne ba bontša hore ba na le tumelo lebitsong la hae.+ 13  Ha baa ka ba tsoaloa e le batho ba nama le mali kapa ka lebaka la thato ea motho empa ba tsoetsoe ke Molimo.+ 14  Lentsoe e ile ea e-ba motho,+ a phela har’a rona eaba re bona khanya ea hae. Ke khanya e joaloka ea mora ea mong*+ ea tsoang ho ntate. O ne a tšehelitsoe ke Molimo kahohle-hohle a bile a bua ’nete ka linako tsohle. 15  Johanne o ile a paka ka eena a hoeletsa a re: “Enoa ke eena eo ke ileng ka re ka eena, ‘Ea tlileng pele ho ’na o se a fetetse ka pel’a ka hobane o bile teng pele ho ’na.’”+ 16  Kaofela re ile ra fumana mosa* oa hae o khaphatsehang hobane mosa oa hae o mongata. 17  Molao o ile oa tla ka Moshe,+ mosa+ le ’nete tsona tsa tla ka Jesu Kreste.+ 18  Ha ho motho ea kileng a bona Molimo.+ Ke mora ea mong ea tšoanang le Molimo*+ ea bileng a leng haufi le Ntate*+ ea hlalositseng hore na Molimo ke mang.+ 19  Ha Bajuda ba roma baprista le Balevi ho tsoa Jerusalema hore ba botse Johanne hore na ke mang,+ Johanne o ile a fana ka bopaki bona. 20  A bua a sa hlathe koana le koana a re: “Ha ke Kreste.” 21  Ba re ho eena: “Joale u mang? Na u Elia?”+ A re: “Che.” Ba re: “Na u Moprofeta?”+ A re: “Ha ho joalo.” 22  Ba re ho eena: “Re bolelle hore na u mang re tsebe ho araba batho ba re rommeng. Re joetse hore na u mang.” 23  A re: “Ke ’na ea hoeletsang lefeelleng ea reng, ‘Otlollang tsela ea Jehova,’*+ feela joalokaha moprofeta Esaia a boletse.”+ 24  Batho bao ba ne ba ronngoe ke Bafarisi. 25  Ba re ho eena: “Haeba ha u Kreste, ha u Elia kapa Moprofeta ea tlang, joale ke hobane’ng ha u kolobetsa batho?” 26  Johanne a re: “’Na ke kolobetsa ka metsi. Ho na le motho har’a lona eo le sa mo tsebeng. 27  Ke eena ea tlang ka mor’a ka, eo ke sa tšoaneleheng ho fasolla marapo a lieta* tsa hae.”+ 28  Lintho tsena li ile tsa etsahala Bethani ka nģ’ane ho Jordane moo Johanne a neng a kolobetsa teng.+ 29  Ka le hlahlamang, a bona Jesu a tla ho eena eaba o re: “Bonang Konyana+ ea Molimo e tlosang sebe+ sa lefatše.+ 30  Ke eena eo ke ileng ka re ka eena: ‘Ea tlileng pele ho ’na o se a fetetse ka pel’a ka hobane o bile teng pele ho ’na.’+ 31  Le ’na ke ne ke sa mo tsebe empa ke kolobetsa ka metsi e le hore a ka tsebahala Iseraele.”+ 32  Johanne a paka a re: “Ke bone moea o theoha leholimong o le joaloka leeba eaba o lula holim’a hae.+ 33  Le ’na ke ne ke sa mo tsebe empa Ea nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na: ‘Motho eo u bonang moea o theohela holim’a hae ebe oa lula,+ ke eena ea kolobetsang ka moea o halalelang.’+ 34  Ke bone ha e etsahala ebile kea paka hore enoa ke Mora oa Molimo.”+ 35  Ka le hlahlamang, Johanne o ne a boetse a eme le barutuoa ba hae ba babeli. 36  Eitse ha a bona Jesu a feta a re: “Bonang Konyana+ ea Molimo.” 37  Ha barutuoa bao ba babeli ba utloa a cho joalo, ba latela Jesu. 38  Jesu a hetla, a bona ba mo setse morao eaba o re ho bona: “Le batla’ng?” Ba re ho eena: “Rabi, (eo ha e fetoleloa e leng “Mosuoe”) u lula kae?” 39  A re ho bona: “Tloong le tla bona.” Eaba baa ea, ba bona moo a lulang ’me ba lula le eena letsatsing leo. E ne e ka ba hora ea bone mantsiboea.* 40  Andrease+ ngoan’abo Simone Petrose ke e mong oa ba babeli ba ileng ba utloa hore na Johanne o itse’ng eaba ba sala Jesu morao. 41  Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ke ho ea ho Simone ngoan’abo eaba o re ho eena: “Re fumane Mesia”+ (eo ha e fetoleloa e leng “Kreste”). 42  A mo isa ho Jesu. Ha Jesu a mo sheba a re: “U Simone+ mora oa Johanne. U tla bitsoa Kefase” (eo ha e fetoleloa e leng “Petrose”).+ 43  Ka le hlahlamang Jesu a rera ho ea Galilea. A kopana le Filipi+ eaba o re ho eena: “E-ba morutuoa oa ka.” 44  Habo Filipi e ne e le Bethsaida motseng oa habo Andrease le Petrose. 45  Filipi a fumana Nathanaele+ ’me a re ho eena: “Re fumane Jesu mora oa Josefa+ ea tsoang Nazaretha eo Molao oa Moshe le libuka tsa Baprofeta li buang ka eena.” 46  Empa Nathanaele a re ho eena: “Na ho na le letho le molemo le ka tsoang Nazaretha?” Filipi a re ho eena: “Tl’o bone.” 47  Ha Jesu a bona Nathanaele a tla ho eena a re: “Enoa kannete ke Moiseraele ea se nang bolotsana.”+ 48  Nathanaele a re ho eena: “U ntsebella kae?” Jesu a re: “Ke u bone u le tlas’a sefate sa feie* pele Filipi a u bitsa.” 49  Nathanaele a re: “Rabi, u Mora oa Molimo, u Morena oa Iseraele.”+ 50  Jesu a re: “Na u lumela hobane ke itse ke u bone tlas’a sefate sa feie? U tla bona lintho tse kholo ho feta tsena.” 51  A boela a re: “Kea le tiisetsa hore le tla bona leholimo le bulehile ’me mangeloi a Molimo a nyoloha le ho theohela ho Mor’a motho.”+

Linaletsana

Kapa: “ea tsoetsoeng a ’notši.”
Ka Segerike: “molimo ea tsoetsoeng a ’notši.”
Kapa: “sefubeng sa Ntate.” E bolelang boemo ba motho ea ratoang haholo.
Ka Segerike: “meqathatso.”
Ka Segerike: “hora ea leshome.”
Kapa: “feiga.”