Kosepele ea Johanne 2:1-25

  • Lechato motseng oa Kana, metsi a fetoloa veine (1-12)

  • Jesu o hloekisa tempele (13-22)

  • Jesu o tseba menahano ea batho (23-25)

2  Ka letsatsi la boraro ho ne ho e-na le lechato Kana e Galilea, ’mè oa Jesu o ne a le teng moo.  Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba menngoe lechatong leo.  Ha veine e fela, ’mè oa Jesu a re ho eena: “Ha ba na veine.”  Empa Jesu a re ho eena: “’Na le uena re kena kae tabeng eo?* Nako ea ka ha e e-s’o fihle.”  ’Mè oa hae a re ho basebeletsi: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.”  Ho ne ho e-na le linkho tsa lejoe tse tšeletseng tse tšelang metsi tse neng li le teng bakeng sa ho itlhoekisa ho ea ka molao oa Bajuda.+ Nkho ka ’ngoe e ne e tšela lilithara tse ka bang 44 ho ea ho tse 66.*  Jesu a re ho bona: “Tlatsang linkho tseo ka metsi.” Eaba ba li tlatsa tsoete!  A re ho bona: “Khang a mang ka moo, le a ise ho motsamaisi oa mokete.” Kahoo ba a isa.  Motsamaisi oa mokete a latsoa metsi a neng a se a fetotsoe veine. O ne a sa tsebe hore na e tsoa kae empa basebeletsi ba neng ba khile metsi bona ba ne ba tseba. Kahoo, motsamaisi oa mokete a bitsa monyali 10  a re ho eena: “Batho ba atisa ho ntša veine ea boleng bo phahameng pele ebe ha batho ba se ba tahiloe ke hona ba ntšang ea boleng bo tlase. Uena esale u boloka veine ea boleng bo phahameng ho fihlela hona joale.” 11  Ntho ena eo Jesu a e entseng ha a le motseng oa Kana o Galilea e ne e le mohlolo oa hae oa pele. Ka ho etsa joalo a bonahatsa matla*+ a hae ’me barutuoa ba hae ba lumela ho eena. 12  Ka mor’a moo eena, ’mè oa hae, bana babo+ le barutuoa ba hae ba ea Kapernauma+ empa ha baa ka ba lula moo nako e telele. 13  Paseka+ ea Bajuda e ne e le haufi eaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14  Ha a fihla ka tempeleng a fumana batho ba rekisa likhomo, linku le maeba.+ Ba chenchang lichelete* le bona ba ne ba lutse litulong. 15  A etsa sephali sa liropo, a lelekela bohle ba nang le linku le likhomo ka ntle ho tempele, a qhala lichelete tsa tšepe tsa ba chenchang lichelete le ho phethola litafole tsa bona.+ 16  Eaba o re ho ba rekisang maeba: “Tlosang lintho tsena mona! Tlohelang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea khoebo!”+ 17  Barutuoa ba hae ba hopola hore mangolo a re: “Cheseho ea ka bakeng sa ntlo ea hao e tla tuka.”+ 18  Bajuda ba re ho eena: “U ka etsa mohlolo ofe ho re bontša+ hore u na le matla a ho etsa lintho tsee?” 19  Jesu a re ho bona: “Heletsang tempele ena ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”+ 20  Bajuda ba re: “Tempele ena e hahuoe ka lilemo tse 46, joale uena u re u tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” 21  Empa tempele eo Jesu a neng a bua ka eona e ne e le ’mele oa hae.+ 22  Ha a se a tsositsoe bafung, barutuoa ba hae ba hopola hore o ne a hlola a cho joalo.+ Kahoo, ba lumela litaba tse ka mangolong le tseo Jesu a li buileng. 23  Ha a le moketeng oa Paseka Jerusalema, batho ba bangata ba lumela ho eena* ha ba bona mehlolo eo a neng a e etsa. 24  Empa Jesu o ne a sa ba tšepe haholo hobane o ne a ba tseba kaofela 25  hape o ne a sa hloke ho hlalosetsoa hore na batho ba nahana joang hobane o ne a tseba menahano ea batho.+

Linaletsana

Ka Segerike: “Mosali, taba ea ka le uena ke efe?” Mantsoe ana a bontša hore motho oa hana. Ha se hore Jesu o ne a tella ha a re “mosali.”
Ka Segerike: “litekanyo tse peli kapa tse tharo.” E ka ’na eaba tekanyo ena e ne e le bate e etsang lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “khanya.”
Ke batho ba chenchang lichelete ba batla phaello.
Ka Segerike: “lebitsong la hae.”