Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na re ka Khahlisa Molimo?

Na re ka Khahlisa Molimo?

Na ha u ntse u bala Bibele ’me u fihla moo e buang ka batho ba itseng, u ke u re ‘nke ke ka tšoana le bona!’ U ka ’na ua ipuella ka ho re, ‘Ke moetsalibe ebile ke na le mefokolo, ’me hase kamehla ke etsang se nepahetseng.’

Jobo o ne a “sa tšoauoe phoso a bile a lokile.”—Jobo 1:1

Bibele e re Jobo o ne a sa “tšoauoe phoso a bile a lokile.” (Jobo 1:1) E re Lota e ne e le ‘monna ea lokileng.’ (2 Petrose 2:8) E boetse e re Davida o ne a etsa “se neng se nepahetse” mahlong a Molimo. (1 Marena 14:8) Leha ho le joalo, a re ke re hlahlobisiseng bophelo ba banna bana. Re tla bona hore (1) ba ne ba etsa liphoso, (2) re ka ithuta lintho tse ngata mohlaleng oa bona le hore (3) batho ba baetsalibe ba ka khahlisa Molimo.

BA NE BA ETSA LIPHOSO

“[Molimo o ile] a lopolla Lota ea lokileng, ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho ba nyelisang molao.”—2 Petrose 2:7

Jobo o ile a ba le mathata a mangata. O ile a ba le maikutlo a fosahetseng a hore Molimo ha a tsotelle hore na o na le tumelo ho Eena kapa che. (Jobo 9:20-22) O ne a kholisehile hore o lokile hoo ho ba bang ho neng bonahala eka o inka a lokile ho feta Molimo.—Jobo 32:1, 2; 35:1, 2.

Lota o ile a qeaqea ho etsa qeto e neng e bonahala e le bonolo. O ne a tšoenyehile haholo ka boitšoaro bo bobe ba batho ba Sodoma le Gomora, hoo a neng a bile “a hlokofatsa moea oa hae o lokileng.” (2 Petrose 2:8) Molimo o ile a mo bolella hore o rerile ho timetsa metse eo ea batho ba khopo eaba o mo fa monyetla oa ho pholoha hammoho le lelapa la hae. Mohlomong re ne re ka nahana hore kaha Lota o ne a tšoenyehile, ke eena oa pele ea tla tsoa motseng oo. Leha ho le joalo, o ile a qeaqea. Mangeloi a neng a rometsoe hore a mo pholose a ile a ba a tlameha ho mo tšoara ka letsoho le ba lelapa la hae e le hore a ba ntšetse ka ntle ho motse.—Genese 19:15, 16.

Davida o ile ‘a latela Molimo ka pelo eohle ea hae ka ho etsa feela se neng se nepahetse mahlong a [Molimo].’—1 Marena 14:8

Davida ka nako e ’ngoe o ile a hloka boitšoaro eaba o feba le mosali oa motho. Ho tšosang le ho feta ke hore ha a leka ho pata sebe seo o ile a etsa hore monna oa mosali eo a bolaoe. (2 Samuele, khaolo ea 11) Bibele e re “ntho eo Davida a neng a e entse ea bonahala e le mpe mahlong a Jehova.”—2 Samuele 11:27.

Joalokaha re bone, Jobo, Lota le Davida ba ile ba etsa liphoso, ’me tse ling tsa tsona li ne li le mpe haholo. Empa re tla elelloa hore ba ne ba ikemiselitse ho sebeletsa Molimo ka pelo eohle le ho mo mamela. Ba ne ba labalabela ho bontša hore ba soabetse liphoso tsa bona le ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ka lebaka leo, Molimo o ile a ba hauhela ’me Bibele e re ke banna ba tšepahalang.

RE ITHUTA’NG?

Kaha ha rea phethahala, ha ho na hore re ke ke ra etsa liphoso. (Baroma 3:23) Empa ha re li entse, re lokela ho bontša hore re li soabetse ebe re etsa sohle seo re ka se khonang ho lokisa litaba.

Ke’ng seo Jobo, Lota le Davida ba ileng ba se etsa ho lokisa liphoso tsa bona? Jobo e ne e le monna ea tšepahalang. Ka mor’a hore Molimo a buisane le eena, o ile a lokisa pono ea hae e fosahetseng a ba a hula mantsoe a hae. (Jobo 42:6) Lota o ne a talima boitšoaro ba batho ba Sodoma le Gomora ka tsela eo Molimo a bo talimang ka eona. Bothata ba hae e bile ho se elelloe hore o lokela ho tsoa motseng oo ka potlako. Empa qetellong o ile a tsoa metseng eo e ahlotsoeng ’me a pholoha ha Molimo a e timetsa. O ile a bontša kutlo ka hore a se ke a hetla lintho tseo a li siileng. Le hoja Davida a ile a etsa phoso e mpe ka ho tlōla molao oa Molimo, o ile a bontša se neng se hlile se le ka pelong ea hae ka hore a bake ’me kōpe hore Molimo a mo hauhele.—Pesaleme ea 51.

Hore ebe Molimo o ile a nka banna bao ba lokile, seo se bontša hore ha aa lebella mohlolo ho batho ba sa phethahalang. Molimo “o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103: 14) Kahoo, haeba Molimo oa tseba hore ha ho na hore re ke ke ra etsa liphoso, o lebeletse eng ho rōna?

Molimo “o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.”—Pesaleme ea 103:14

BATHO BA SA PHETHAHALANG BA KA KHAHLISA MOLIMO JOANG?

Keletso eo Davida a ileng a e fa mora oa hae Solomone e re bontša hore na re ka khahlisa Molimo joang. O ile a re: “Uena, mora oa ka Solomone, tseba Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse ka pelo e feletseng.” (1 Likronike 28:9) Pelo e feletseng ke eng? Ke motho eo pelo ea hae e ratang Molimo ebile e ikemiselitse ho tseba thato ea hae le ho e phetha. Hase pelo e phethahetseng, empa ke e labalabelang ho sebeletsa Molimo ebile e ikemiselitse ho mamela taeo. Ho rata Molimo le ho labalabela ho mo mamela ho ile ha etsa hore Molimo a nke Jobo e le motho ea sa ‘tšoauoeng phoso’ Lota e le ea “lokileng,” ’me Davida e le ea ‘etsang feela se nepahetseng’ mahlong a Molimo. Le hoja ba ile ba etsa liphoso, ba ne ba khahlisa Molimo.

Motho ea pelo e feletseng ke ea ratang Molimo ebile a ikemiselitse ho tseba thato ea hae le ho e phetha

Kahoo, haeba re nahana ka lintho tse fosahetseng tseo re lakatsang eka re ka be re sa li nahana, re bua lintho tse re soabisang, kapa re etsa lintho tseo hamorao re elelloang hore li fosahetse, e se eka re ka ikhothatsa ka mehlala eo re sa tsoa bua ka eona. Molimo oa tseba hore re baetsalibe. Leha ho le joalo, o lebeletse hore re mo rate re be re leke kahohle ho mo mamela. Haeba re e-na le pelo e feletseng tabeng ena, re ka kholiseha hore le rōna re ka khahlisa Molimo.