Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE SEHOLO: NA U LOKELA HO TŠABA BOFELO BA LEFATŠE?

Bofelo ba Lefatše—Taba e Tšosang, e Thabisang le e Ferekanyang

Bofelo ba Lefatše—Taba e Tšosang, e Thabisang le e Ferekanyang

U ikutloa joang ka letsatsi la la 21 December, 2012, le hlahang k’halendareng ea Maya, leo ba bangata ba ’nileng ba re le tla tlisa liphetoho tse khōlō lefatšeng? Ho itšetlehile ka hore na u ne u lebeletse eng, u ka ’na ua ikutloa u imolohile, u nyahame, kapa u sa tsotelle. Na letsatsi lee ke le leng la a boletsoeng ka phoso ao ho thoeng lefatše lea fela ka ’ona?

Ho thoe’ng ka “ho fela ha lefatše” ho boletsoeng ka Bibeleng? (Matheu 24:3, Bibele ea Sesotho) Ba bang ba tšoha hore lefatše le tl’o chesoa. Ba bang ba thabisoa ke lintho tseo ho thoeng li ka ’na tsa etsahala ha lefatše le fela. Ba bangata ba se ba khathetse ke ho bolelloa hore bofelo bo atametse. Empa na tsela ee eo batho ba itšoarang ka eona e bontša hore taba ee ke ntho e iqapetsoeng ho fapana le hore ebe ke ntho ea sebele?

U ka ’na ua makatsoa ke ho ithuta ka seo ha e hantle Bibele e se buang ka bofelo ba lefatše. Bibele e re bolella mabaka a ho lebella bofelo ka thabo, empa e boetse ea lumela hore ba bang ba ka ’na ba ferekana ha ho bonahala eka bofelo bo lieha ho fihla. Re u khothalletsa hore u hlahlobe seo Bibele e se buang lipotsong tse ling tseo batho ba atisang ho li botsa ka bofelo ba lefatše.

 Na lefatše le tla chesoa?

SEO BIBELE E SE BUANG: [Molimo] o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.”PESALEME EA 104:5.

Lefatše ha le na ho felisoa ka mollo kapa ka ntho leha e le efe e ’ngoe. Ho fapana le hoo, Bibele e ruta hore lefatše lena ke lehae la batho la ka ho sa feleng. Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 115:16; Esaia 45:18.

Ka mor’a hore Molimo a bōpe lefatše, o ile a re “le molemo haholo,” ’me le ntse le le molemo le kajeno. (Genese 1:31) Ho e-na le ho rera ho le timetsa, o tšepisa “ho felisa ba senyang lefatše” le ho le sireletsa hore le se ke la senngoa ka ho feletseng.—Tšenolo 11:18.

Empa u ka ’na ua makatsoa ke 2 Petrose 3:7. Temana eo ea Bibele e re: “Maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo.” Na ha e bontše hore lefatše le tl’o chesoa? Ha e le hantle, ka linako tse ling Bibele e sebelisa lentsoe “maholimo,” “lefatše” le “mollo” ka tsela ea tšoantšetso. Ka mohlala, ha Genese 11:1 e re: “Lefatše lohle la tsoela pele le e-na le puo e le ’ngoe,” e sebelisa “lefatše” ho bolela batho.

Litemana tse potolohileng 2 Petrose 3:7 li bontša hore maholimo, lefatše le mollo tseo ho buuoang ka tsona moo ke tsa tšoantšetso. Temana ea 5 le ea 6 e bua ka Moroallo oa mehleng ea Noe. Ketsahalong eo lefatše la boholo-holo le ile la timetsoa, empa polanete ea rōna ha ea ka ea nyamela. Ho e-na le hoo, Moroallo o ile oa felisa batho kapa “lefatše” le khopo. O ile oa boela oa felisa “maholimo”—e leng batho ba neng ba busa lefatšeng leo. (Genese 6:11) Ka ho tšoanang, 2 Petrose 3:7 e bolela esale pele hore batho ba khopo le mebuso e bolileng e tla timetsoa ka ho feletseng, joalokaha eka ke ka mollo.

Ho tla etsahala’ng ha lefatše le fela?

SEO BIBELE E SE BUANG: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”1 JOHANNE 2:17.

“Lefatše” le fetang hase lefatše ka bolona empa ke batho ba sa pheleng tumellanong le thato ea Molimo. Joalokaha ngaka e ka tlosa hlahala e bakoang ke kankere e le ho pholosa bophelo ba mokuli, Molimo o tla ‘felisa’ ba khopo e le hore batho ba  lokileng ba ka thabela bophelo ka botlalo lefatšeng. (Pesaleme ea 37:9) Ka kutloisiso eo, “bofelo ba lefatše” ke taba e ntle.

Liphetolelo tsa Bibele tse behang taba ena ea “bofelo ba lefatše” hantle, li fetolela poleloana eo e le “qetello ea tsamaiso ea lintho,” kapa “ho fela ha mehla.” (Matheu 24:3; Bibele—Phetolelo e Ncha) Kaha moloko oa batho le lefatše ha li na ho timetsoa, na hase ho utloahalang hore ho tla latela mehla e mecha, e leng tsamaiso e ncha ea lintho? Bibele e lumellana le seo, kaha e bua ka ‘tsamaiso ea lintho e tlang.’—Luka 18:30.

Jesu o ile a re nako eo e tlang ke “mohla tsohle li nchafatsoang.” Ka nako eo, o tla khutlisetsa batho boemong boo Molimo a neng a rerile hore ba be ho bona tšimolohong. (Matheu 19:28, BPN) Joale re tla thabela maemo a latelang:

Ha ho hlokahale hore re tšabe bofelo ba lefatše, haeba re etsa “thato ea Molimo,” ke hore seo a reng re se etse. Ho e-na le hoo, re ka bo lebella ka thabo.

Na bofelo ba lefatše bo hlile bo haufi?

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.”LUKA 21:31.

Bukeng e reng The Last Days Are Here Again, Moprofesa Richard Kyle o re “liphetoho tse etsahalang ka tšohanyetso le merusu e bang teng sechabeng li etsa hore ba bangata ba nahane ka bofelo ba lefatše.” Hangata eo ke taba eo ho bonahala eka ho thata ho e hlalosa.

Leha ho le joalo, baprofeta ba Bibele ba buileng ka bofelo, ba ne ba sa leke ho hlalosa liketsahalo tse makatsang tsa mehleng ea bona. Ho e-na le hoo, ba ne ba susumetsoa ke Molimo hore ba hlalose maemo a neng a tla bontša hore bofelo ba lefatše bo atametse. Nahana ka lintho tse ling tse profetiloeng ’me u bone hore na lia etsahala mehleng ena ea rōna kapa che.

Jesu o ile a re ha re bona “lintho tsena tsohle” re tsebe hore bofelo ba lefatše bo atametse. (Matheu 24:33) Lipaki Tsa Jehova li lumela hore bona ke bopaki bo kholisang, ’me li bolella ba bang seo li se lumelang linaheng tse 236.

Na ho ba le tebello e fosahetseng ka bofelo ho bolela hore bo ke ke ba hlola bo tla?

SEO BIBELE E SE BUANG: “Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”1 BATHESALONIKA 5:3.

Bibele e tšoantša ho timetsoa ha lefatše le ho qaleha ha mahlaba a pelehi, ’mè a ke ke a a qoba ’me a tla ka tšohanyetso. Nako ea pele ho bofelo le eona e tšoana le nako ea boimana, ’mè ea lebeletseng lesea o lula a falimehetse matšoao a bontšang hore o se a tla pepa. Ngaka e ka ’na ea hakanyetsa letsatsi leo a tla pepa ka lona, empa le haeba nako eo e ka ea feta, o tla lula a kholisehile hore lesea le tseleng. Ka ho tšoanang, ho ba le tebello e fosahetseng ka bofelo ha ho fetole matšoao a hlakileng a bontšang hore ana ke ‘matsatsi a ho qetela.’—2 Timothea 3:1.

U ka ’na ua ipotsa: ‘Le hoja pontšo ea hore bofelo bo atametse e totobetse hakana, ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa e lemohe?’ Bibele e bontša hore ha bofelo bo ntse bo atamela, batho ba bangata ba tla khella bopaki ba seo tlaase. Ho e-na le ho lumela hore ho etsahala liphetoho tsa bohlokoa matsatsing a ho qetela, ba tla soma, ba re: “Ho tloha letsatsing la ha  baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.” (2 Petrose 3:3, 4) Ka mantsoe a mang, pontšo ea hore re phela matsatsing a ho qetela e hlakile, empa ba bangata baa e hlokomoloha.—Matheu 24:38, 39.

Sehloohong sena re hlahlobile lintlha tse ling tsa Mangolo tse bontšang hore bofelo bo atametse. * Na u ka rata ho tseba lintlha tse eketsehileng? Haeba ho joalo, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova ’me u amohele thuto ea Bibele e sa lefelloeng. Le ka ithutela lapeng ha hao, sebakeng se seng se loketseng, kapa la ithuta ka fono. Ntho feela eo u lokelang ho e etsa ke ho ipha nako, ’me u tla rua melemo e ke keng ea lekanngoa.

^ ser. 39 Ho fumana lintlha tse eketsehileng, sheba khaolo ea 9 e nang le sehlooho se reng, “Na re Phela ‘Matsatsing a ho Qetela’?,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.