Mikea 4:1-13
4 Matsatsing a ho qetela,*Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona+E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,E phahamele maralla.
Batho ba tla phallela ho eona.+
2 Lichaba tse ngata li tla ea ’me li re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ea JehovaLe ntlong ea Molimo oa Jakobo.+
O tla re ruta litsela tsa haeEbe re tsamaea litseleng tsa hae.”
Molao* o tla tsoa SioneLe lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.
3 O tla ahlola har’a lichaba tse ngata,+A be a lokise litaba lichabeng tse matla tse hole haholo.
Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+
Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
4 E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie.*+
Ha ho na motho ea tla ba tšosa+Kaha Jehova oa mabotho o se a buile.
5 Sechaba se seng le se seng se tla sebeletsa molimo* oa sonaEmpa rona re tla sebeletsa* Jehova Molimo+ oa rona ka ho sa feleng.
6 Jehova o re, “Letsatsing leo,Ke tla bokella ea neng a hlotsa,Ke phuthe ea neng a hasantsoe+Ke be ke phuthe le bao ke ileng ka ba tšoara hampe.
7 Ke tla etsa hore ba neng ba hlotsa ba sale,+Ea neng a suthiselitsoe hole ke mo etse sechaba se matla.+
Jehova o tla busa e le morena oa bona Thabeng ea SioneHo tloha hona joale ho ea ho ile.
8 Ha e le uena tora e lebelang mohlape,Qubu ea morali oa Sione,+Puso ea hao ea pele* e tla khutlela ho uena+E leng ’muso oa morali oa Jerusalema.+
9 Ke hobane’ng ha u hoelelitse hakaale?
Na ha u na morenaKapa na moeletsi oa hao o shoele?
Na ke lona lebaka le etsang hore u utloe bohloko bo tšoanang le ba mosali ea belehang?+
10 Uena morali oa Sione, utloa bohloko u be u lleJoaloka mosali ea belehangHobane u tla tloha motseng u e’o lula naheng.
U tla tsamaea ho ea fihla Babilona+’Me u tla pholosoa teng.+
Jehova o tla u reka moo ho lira tsa hao, a u khutlise.+
11 Lichaba tse ngata li tla bokana hore li u hlasele.
Li tla re, ‘Sione e ke e silafatsoe.
E se eka re ka bona ha ntho ena e etsahala.’
12 Empa ha li tsebe menahano ea Jehova,Ha li utloisise morero oa hae.
O tla li bokella joaloka mangata a koro e sa tsoa kotuloa e isoang seotlong.
13 Ema u pole, uena morali oa Sione.+
Ke tla etsa hore manaka a hao e be tšepeEbile ke tla etsa hore litlhako tsa hao e be koporo.
U tla silakanya lichaba tse ngata.+
U tla fa Jehova lintho tseo li li hapileng ka bolotsana,U fe Morena oa ’nete oa lefatše lohle maruo a tsona.”+
Linaletsana
^ Kapa: “Karolong e qetellang ea matsatsi.”
^ Kapa: “taelo.”
^ Kapa: “feiga.”
^ Ka Seheberu: “tsamaea ka lebitso la.”
^ Ka Seheberu: “tsamaea ka lebitso la molimo oa sona.”
^ Kapa: “nakong e fetileng.”