Mikea 1:1-16
1 Mehleng ea Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda,+ Jehova o ile a bua le Mikea*+ ea tsoang Moreshethe, a ba a mo bontša pono e mabapi le Samaria le Jerusalema a re:
2 “Mamelang, lona lichaba tsohle.
Utloa, uena lefatše le tsohle tse phelang ho uena.
Jehova o tempeleng ea hae e halalelang.
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle a ke a le qose.+
3 Jehova o tloha sebakeng sa hae.
O tla theoha ’me a tsamaee holim’a lithaba lefatšeng.
4 Lithaba li tla qhibiliha ka tlas’a maoto a hae+Le likhohlo* li tla arohanaJoaloka mafura ka pel’a molloLe joaloka metsi a qhalloang sebakeng se motheo.
5 Lintho tsena tsohle li etsahetse ka lebaka la borabele ba JakoboLe ka lebaka la libe tsa litloholo tsa Iseraele.+
Ke mang ea lokelang ho behoa molato ka lebaka la borabele ba Jakobo?
Na ha se Samaria?+
Ke mang ea lokelang ho behoa molato ka lebaka la libaka tse phahameng tsa Juda?+
Na ha se Jerusalema?
6 Ke tla etsa hore Samaria e be qubu ea majoeLe hore e be sebaka seo ho lengoang lirapa tsa morara ho sona.
Ke tla lihela* majoe a hae khohlongKe be ke pepese metheo ea hae.
7 Melimo eohle ea hae ea litšoantšo, e tla silakanngoa.+
Limpho tsohle tseo a li fumaneng ka ho ithekisa,* li tla chesoa.+
Ke tla felisa litšoantšo tsohle tsa hae tse rapeloangTseo a li fumaneng e le moputso ha a etsa botekatse.
Li tla nkoa hore e tle e be moputso oa matekatse a mang.”
8 Ka lebaka la lintho tsena ke tla lla ’me ke bokolle.+
Ke tla tsamaea ke sa roala letho maotong ke bile ke sa apara letho.+
Ke tla lla joaloka liphokojoe,Ke bokolle joaloka limpshe.
9 Leqeba la Samaria le ke ke la fola+Ebile le fihlile Juda.+
Kotlo eo e fihlile Jerusalema, keiting ea sechaba sa ka.+
10 “Le se ke la bua ka tlokotsi ena Gathe.
Le se ke la lla ho hang.
Lona baahi ba Bethe-afera,* le ipitike leroleng.
11 Lona baahi ba Shafire, fetang le sa apara letho ebile le soabile.
Baahi ba Zanane ha baa tsoa.
Ho tla bokolloa Bethe-ezele ebile e ke ke ea hlola e le tšehetsa.
12 Baahi ba Marothe ba ne ba letetse se molemoEmpa Jehova o tlisitse lintho tse mpe keiting ea Jerusalema.
13 Tlamellang kariki sehlopheng sa lipere, lona baahi ba Lakishe.+
Sebe sa morali oa Sione se tsoa ho lonaKaha le mphetohetse joaloka Iseraele.+
14 O tla fa Moreshethe-gathe limpho ha a tsamaea.
Baahi* ba Akzibe+ ba soetsitse marena a Iseraele.
15 Ke tla le tlisetsa sera se hapang lintho tsohle,+ lona baahi ba Maresha.+
Khanya ea Iseraele e tla fihla Adulame.+
16 Beolang lihlooho, le kute moriri bakeng sa bana ba lona bao le ba ratang.
Iketseng lefatla joaloka ntsuHobane ba le nketse bana ba lona ’me ba isitsoe botlamuoeng.”+

