Mikea 3:1-12
3 Ke ile ka re: “Ke kopa le mamele, lona lihlooho tsa litloholo tsa JakoboLe lona baeta-pele ba sechaba sa Iseraele.+
Na ha se mosebetsi oa lona ho tseba hore na toka ke’ng?
2 Le hloile lintho tse ntle+ empa le rata tse mpe.+
Le ebola batho ba ka letlalo ebile le tlosa nama masapong a bona.+
3 Le boetse le ja nama ea batho ba ka+Ebile le ba ebola letlalo,Le roba masapo a bona+ le ho a silakanyaJoaloka masapo le nama tse phehiloeng ka pitseng.*
4 Ka nako eo, ba tla llela ho Jehova ba kopa thusoEmpa a ke ke a ba araba.
O tla ba furalla+Ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe.+
5 Jehova o re ho baprofeta ba khelosang batho ba hae,+Ba reng ‘Khotso,’+ ha ba e-na le seo ba ka se hlafunang+Empa ha motho a sa ba fe seo ba ka se hlafunang, baa mo loantša:
6 ‘Bosiu bo tla fihla+ empa le ke ke la ba le pono.+
Ho tla ba lefifi ’me le ke ke la khona ho sebelisa bonohe.
Letsatsi le tla likella baprofeta,Ho be lefifi motšehare bakeng sa bona.+
7 Ba bonang lipono ba tla hlajoa ke lihlong+Le linohe li tla soetseha.
Kaofela ha bona ba tla ikoahela melomo*Kaha Molimo ha a ba arabe.’”
8 Ha e le ’na, ke na le matla ka lebaka la moea oa Jehova.
O nthusa hore ke sebetse lintho ka toka ebile o mpha sebeteE le hore nka bolella Jakobo ka borabele ba hae le Iseraele ka sebe sa hae.
9 Ke kopa le mamele sena, lona lihlooho tsa litloholo tsa JakoboLe lona baeta-pele ba sechaba sa Iseraele,+Ba hloileng toka le ba fetolang lintho tse ntle hore e be tse mpe,+
10 Ba hahang Sione ka ho bolaea batho le ba hahang Jerusalema ka ho etsa lintho tse sa lokang.+
11 Baeta-pele* ba hae ba batla ho fuoa tjotjo hore ba ahlole,+Baprista ba hae ba batla chelete hore ba rute,+Baprofeta ba hae bona ba sebelisa bonohe hore ba fumane chelete.*+
Leha ho le joalo, ba tšepile Jehova* ba re:
“Jehova o na le rona.+
Ha ho na tlokotsi e tla re hlahela.”+
12 Ka lebaka la hao,Sione e tla lengoa joaloka tšimo,Jerusalema e fetohe qubu ea majoe+’Me thaba ea tempele* e tla tšoana le leralla le nang le lifate.*+

