Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Ratehang

Babali ba Ratehang

MAKASINE ena eo u ntseng u e bala e qalile ho hatisoa ka July 1879. Ho tloha ka nako eo lintho li ’nile tsa fetoha, ’me makasine ena le eona e ’nile ea fetoha. (Sheba litšoantšo tse ka holimo.) Ho qala ka khatiso ena, u tla elelloa hore ho tla ba le liphetoho tse eketsehileng tseleng eo Molula-Qhooa o shebahalang ka eona. Liphetoho tseo ke life?

Linaheng tse ngata, batho ba eketsehileng ba rata ho sheba boitsebiso Inthaneteng. Ka ho tobetsa k’homphieutheng, ba ka bala boitsebiso bo fumanehang Inthaneteng feela. Ho na le libuka, limakasine le likoranta tse ngata tse ka baloang Inthaneteng.

Ka lebaka leo, re sa tsoa fetola Websaete ea rōna ea www.jw.org/st, ra etsa hore e khahlehe le ho feta, ’me ho be bonolo ho e sebelisa. Batho ba shebang boitsebiso Websaeteng ena ba ka bala lingoliloeng ka lipuo tse fetang 430. Leha ho le joalo, ho tloha khoeling ena batho ba sebelisang Websaete ea rōna ba ka boetse ba bala lihlooho tse ling tse ’nileng tsa hatisoa limakasineng tsa rōna, tseo hona joale li seng li tla kena Websaeteng feela. *

Kaha ho tla ba le lihlooho tse eketsehileng tse tla hlaha Inthaneteng feela, khatiso ea Molula-Qhooa ea batho ka kakaretso ha e sa tla ba le maqephe a 32 empa a tla ba 16, ho qala ka makasine ena. Hona joale Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 204. Kaha maqephe a Molula-Qhooa o hatisoang a fokotsehile, ho ka etsahala hore o fetoleloe ka lipuo tse eketsehileng.

Re tšepa hore liphetoho tsena li tla re thusa ho finyella batho ba eketsehileng ka molaetsa oa Bibele o pholosang bophelo. Re ikemiselitse ho tsoela pele re fana ka boitsebiso bo behang batho leseling le bo ipiletsang—bo hatisitsoeng le bo hlahang Inthaneteng—ho thusa babali ba rōna ba bangata ba hlomphang Bibele ba bileng ba batlang ho tseba hore na ha e le hantle e ruta’ng.

Bahatisi

^ ser. 5 Lihlooho tse ling tse hlahang Inthaneteng feela ke tse latelang: “Tsa Bacha,” e leng sehlooho se nang le lintho tseo bacha ba ka thabelang ho li etsa ha ba ithuta Bibele, ’me se seng se re, “Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng,” e leng letoto la lihlooho tse reretsoeng hore batsoali ba ithute tsona le bana ba lilemo li tharo ho ea tlaase.