Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Jehova o Tseba ba Hae”

“Jehova o Tseba ba Hae”

“Haeba leha e le mang a rata Molimo, enoa o tsejoa ke eena.”—1 BAKOR. 8:3.

1. Pheta tlaleho ea Bibele e bontšang kamoo batho ba bang ba Molimo ba ’nileng ba ithetsa kateng. (Sheba setšoantšo se qalong.)

HOSENG ho hong, Moprista ea Phahameng Arone o ne a eme monyako oa tabernakele ea Jehova, a tšoere pane e chesang libano. Haufi le moo, Kora le banna ba bang ba 250 le bona ba ne ba chesetsa Jehova libano, e mong le e mong a tšoere pane ea mollo. (Num. 16:16-18) Ka chebo ea mahlo, banna bao bohle ba ne ba bonahala eka ke barapeli ba tšepahalang ba Jehova. Empa ho fapana le Arone, bona e ne e le bakoenehi ba ikhohomosang ba lekang ho inkela boprista ka likhoka. (Num. 16:1-11) Ba ne ba ithetsa ba nahana hore Molimo o tla amohela borapeli ba bona. Empa seo e ne e le ho nyatsa Jehova, etsoe o ne a lemoha se ka lipelong tsa bona le boikaketsi ba bona.—Jer. 17:10.

2. Moshe o ile a bolela eng esale pele, hona na mantsoe a hae a ile a phethahala?

2 Letsatsi pele ho moo, Moshe o ne a boletse hore: “Hoseng Jehova o tla tsebahatsa eo e leng oa hae.” (Num. 16:5) Ka sebele, Jehova o ile a fela a khetholla barapeli ba ’nete ho ba bohata ha ‘mollo o tsoang ho Jehova o chesa Kora le banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba neng ba nyehela libano.’ (Num. 16:35; 26:10) Ka nako e tšoanang, Jehova o ile a sireletsa Arone, a bontša hore o mo amohela e le moprista oa sebele le  morapeli oa hae oa ’nete.—Bala 1 Bakorinthe 8:3.

3. (a) Ke boemo bofe bo ileng ba hlaha mehleng ea moapostola Pauluse? (b) Lilemong tse makholo tse fetileng, Jehova o ile a etsa’ng ho bontša hore na o sebetsana joang le marabele?

3 Ho ile ha hlaha boemo bo tšoanang lilemong tse ka bang 1 500 hamorao, mehleng ea moapostola Pauluse. Batho ba bang ba neng ba ipitsa Bakreste ba ile ba amohela lithuto tsa bohata; empa ba ntse ba kopanela le phutheho. Ho motho feela ea shebeletseng, bakoenehi bao ba ne ba sa fapana hakaalo le batho ba bang ka phuthehong. Empa bokoenehi ba bona bo ne bo beha Bakreste ba tšepahalang kotsing. Liphiri tsena tse neng li ikapesitse lekoko la nku li ile tsa qala ho “senya tumelo ea ba bang.” (2 Tim. 2:16-18) Empa Jehova eena hase moshebelli feela tjee, ’me Pauluse o ne a tseba kamoo Molimo a ileng a sebetsana kateng le Kora oa lerabele hammoho le batšehetsi ba hae, lilemong tse makholo tse fetileng. Tabeng ena, a re ke re tšohleng temana e ’ngoe e thahasellisang ’me re bone hore na re ka ithuta’ng ho eona.

“KE ’NA JEHOVA; HA KEA FETOHA”

4. Pauluse o ne a kholisehile ka eng, hona o ile a bontša seo joang ha a ngolla Timothea?

4 Pauluse o ne a kholisehile hore Jehova o khona ho lemoha ha batho ba mo sebeletsa ka boikaketsi le hore Jehova o khona ho lemoha ba mo mamelang. Mantsoe ao a a sebelisitseng ha a ngolla Timothea a le tlas’a pululelo, a ile a bontša hore o kholisehile ka matla. Ka mor’a hore Pauluse a bue ka tšusumetso e mpe eo bakoenehi ba nang le eona ka phuthehong, o ile a ngola a re: “Leha ho le joalo, motheo o tiileng oa Molimo o lutse o eme, o e-na le tiiso ena: ‘Jehova o tseba ba hae,’ hape: ‘E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke.’”—2 Tim. 2:18, 19.

5, 6. Ke’ng e ikhethang ka mantsoe a Pauluse a reng “motheo o tiileng oa Molimo,” hona e ka ’na eaba a ile a ama Timothea joang?

5 Ke’ng e ikhethang ka mantsoe ao Pauluse a a sebelisitseng temaneng ee? Ke temaneng ena feela ka Bibeleng moo ho buuoang ka “motheo o tiileng oa Molimo.” Bibele e sebelisa lentsoe “motheo” ka tsela ea tšoantšetso ha e bua ka lintho tse sa tšoaneng, ho akarelletsa Jerusalema eo e neng e le motse-moholo oa Iseraele ea boholo-holo. (Pes. 87:1, 2) Karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Jehova le eona e tšoantšoa le motheo. (1 Bakor. 3:11; 1 Pet. 2:6) Pauluse o ne a bolela’ng ha a bua ka “motheo o tiileng oa Molimo”?

6 Pauluse o buile ka “motheo o tiileng oa Molimo” ha a qeta ho qotsa mantsoe ao Moshe a a buileng ho Kora le batšehetsi ba hae, a tlalehiloeng ho Numere 16:5. Kamoo ho bonahalang kateng, Pauluse o ne a bua ka lintho tse etsahetseng mehleng ea Moshe, e le ha a leka ho khothatsa Timothea le ho mo hopotsa hore Jehova o khona ho lemoha le ho thibela liketso tsa borabele. Morero oa Jehova o ne o ke ke oa nyopisoa ke bakoenehi ba ka phuthehong, feela joalokaha Kora le eena a ile a hlōleha ho o nyopisa lilemong tse makholo pele ho moo. Pauluse ha aa ka a hlalosa ka ho hlaka hore na “motheo o tiileng oa Molimo” ke eng. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore mantsoe ao a a sebelisitseng a ile a susumelletsa Timothea hore a tšepe litsela tsa Jehova.

7. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla etsa lintho ka ho loka le ka botšepehi?

7 Melao-motheo ea Jehova e phahameng ha e fetohe. Pesaleme ea 33:11 e re: “Morero oa Jehova o tla ema ho isa nakong e sa lekanyetsoang; menahano ea pelo ea hae e teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.” Litemana tse ling li bua ka hore bobusi ba Jehova, lerato le tšepahalang, ho loka le botšepehi ba hae ke tsa ka ho sa feleng. (Ex. 15:18; Pes. 106:1;  112:9; 117:2) Malakia 3:6 e re: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” Jakobo 1:17 le eona e re Jehova ‘ha a fetohe joaloka ho reteleha ha moriti.’

“TIISO” E MATLAFATSANG TUMELO EA RŌNA HO JEHOVA

8, 9. Re ithuta’ng ‘tiisong’ eo Pauluse a buileng ka eona papisong ea hae?

8 Papiso ea Pauluse e tlalehiloeng ho 2 Timothea 2:19 e bua ka motheo o nang le molaetsa, joalokaha eka o ngotsoe ka tiiso. Mehleng ea boholo-holo, ho ne ho tloaelehile hore ho ngoloe mantsoe motheong oa mohaho, mohlomong ho bontša hore na o hahiloe ke mang kapa hore na ke oa mang. Pauluse ke eena mongoli oa pele oa Bibele oa hore a sebelise papiso ena. * Tiiso e ‘motheong o tiileng oa Molimo’ e na le liphatlalatso tse peli. Ea pele ke ea hore “Jehova o tseba ba hae,” ’me ea bobeli ke ea hore, “E mong le e mong ea bitsang lebitso la Jehova a ke a hlobohe ho se loke.” Sena se re hopotsa seo re se balang ho Numere 16:5.E bale.

9 Re ka ithuta’ng ‘tiisong’ eo Pauluse a buileng ka eona papisong ea hae? Ho ba sebeletsang Molimo, melao-motheo ea Jehova e ka akaretsoa ka lintlha tsena tse peli tsa motheo: (1) Jehova o rata ba tšepahalang ho eena, hape (2) Jehova o hloile ho se loke. Taba ee e amana joang le bokoenehi ka phuthehong?

10. Lintho tseo bakoenehi ba neng ba li etsa mehleng ea Pauluse li ne li ama Bakreste ba tšepahalang joang?

10 Timothea le Bakreste ba bang ba tšepahalang mohlomong ba ne ba ferekanngoa ke lintho tseo bakoenehi ba li etsang. E ka ’na eaba ba bang ba ne ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha bakoenehi bao ba lumeletsoe hore e ’ne e be karolo ea phutheho. Mohlomong Bakreste bao ba tšepahalang ba ne ba ipotsa hore na Jehova o hlile o lemoha phapang pakeng tsa botšepehi ba bona le bakoenehi bao ba mo sebeletsang ka boikaketsi.—Lik. 20:29, 30.

Timothea o ne a ke ke a faposoa ke lintho tseo bakoenehi ba li etsang (Sheba serapa sa 10-12)

11, 12. E tlameha ebe lengolo leo Pauluse a ileng a le ngolla Timothea le ile la mo matlafatsa tumelong joang?

11 Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a ngolla Timothea lengolo le ileng la mo matlafatsa tumelong, a mo hopotsa se ileng sa etsahala ha Arone ea tšepahalang a ne a phahamisoa empa Kora oa moikaketsi le batšehetsi ba hae ba senoloa, ba tlotlolloa ba bile ba timetsoa. Ha e le hantle, Pauluse o ne a bontša hore le hoja ho  na le Bakreste ba bohata har’a bona, Jehova o tseba batho ba mo sebeletsang ka tieo, feela joaloka mehleng ea Moshe.

12 Jehova ha a fetohe; o oa tšepahala. O hloile ho se loke, ’me ka nako ea hae e loketseng o fana ka kahlolo ho bafosi ba sa bakeng. Kaha Timothea e ne e le e mong oa ba “bitsang lebitso la Jehova,” o ile a boela a mo hopotsa hore o lokela ho hana tšusumetso e mpe ea Bakreste bao ba bohata. *

BORAPELI BA ’NETE KE BA BOHLOKOA

13. Ke eng eo re ka kholisehang ka eona?

13 Le rōna re ka matlafatsoa ke mantsoe ao a Pauluse a bululetsoeng. Ntlha ea pele, hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o lemoha botšepehi ba rōna ho eena. Hase feela hore o oa lemoha. Ha e le hantle, Jehova o thahasella ka tieo batho ba mo sebeletsang. Bibele e re: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likron. 16:9) Ka hona, re ka kholiseha hore ntho leha e le efe eo re e etsetsang Jehova ‘ka pelo e hloekileng’ hase ea lefeela.—1 Tim. 1:5; 1 Bakor. 15:58.

14. Jehova ha a mamelle borapeli ba mofuta ofe?

14 Ho boetse hoa khothatsa ho tseba hore Jehova ha a mamelle borapeli ba boikaketsi. Kaha mahlo a hae “a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle,” o khona ho lemoha bao ‘lipelo tsa bona li sa fellang ho eena.’ Liproverbia 3:32 e re “motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova,” e leng motho ea itlhahisang eka o lokile empa ka sephiring a ntse a etsa sebe. Le hoja motho ea bolotsana a ka ’na a thetsa batho ba bang ka nakoana, kaha Jehova o matla ebile o lokile, o tla tiisa hore “ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha.”—Liprov. 28:13; bala 1 Timothea 5:24; Baheberu 4:13.

15. Re lokela ho qoba eng, hona hobane’ng?

15 Batho ba bangata ba Jehova ba mo sebeletsa ka botšepehi. Ke ka seoelo ho ka bang le motho ka phuthehong ea ka batlang ho khelohela borapeling ba bohata ka morero. Empa haeba seo se ile sa etsahala mehleng ea Moshe le phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, le kajeno se ntse se ka etsahala. (2 Tim. 3:1, 5) Empa na re lokela ho belaella Bakreste-’moho le rōna, kapa ho belaella botšepehi ba bona ho Jehova? Che! Ha rea lokela ho belaella bara le barali babo rōna ntle ho mabaka. (Bala Baroma 14:10-12; 1 Bakorinthe 13:7.) Ho feta moo, ho itloaetsa ho se tšepe ba bang ka phuthehong ho tla re ntša kotsi moeeng.

16. (a) Ke’ng seo e mong le e mong oa rōna a ka se etsang hore a se ke a ba le boikaketsi pelong ea hae? (b) Re ithuta’ng lebokoseng le reng, “ Le ’ne le Inonye . . . le ’ne le Leke seo le Leng Sona”?

16 Mokreste e mong le e mong o lokela ‘ho leka seo mosebetsi oa hae o leng sona.’ (Bagal. 6:4) Ka lebaka la tšekamelo ea rōna ea boetsalibe, re lula re le kotsing ea ho etsa lintho tse sa lokang re sa hlokomele. (Baheb. 3:12, 13) Kahoo, nako le nako re lokela ho hlahloba sepheo seo re sebeletsang Jehova ka sona. Re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke sebeletsa Jehova hobane ke mo rata ke bile ke hlompha bobusi ba hae? Kapa na ke mo sebeletsa hobane ke shebile litlhohonolofatso tseo ke tla li thabela Paradeiseng?’ (Tšen. 4:11) Ha ho pelaelo hore bohle re tla rua molemo haeba re itlhahloba ebile re tlosa boikaketsi leha e le bofe lipelong tsa rōna.

BOTŠEPEHI BO TLISA THABO

17, 18. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Jehova ka tieo le ka pelo e se nang boikaketsi?

17 Re kotula melemo e mengata ha re ikitlaelletsa ho sebeletsa Molimo ka tieo  le ka pelo e se nang boikaketsi. Mopesaleme o re: “Ho thaba motho eo Jehova a sa kenyeng phoso tlalehong ea hae, le eo moeeng oa hae ho se nang thetso.” (Pes. 32:2) Ha e le hantle, ba tlosang boikaketsi lipelong tsa bona baa thaba hona joale, ’me ba tla thaba ka ho sa feleng nakong e tlang.

18 Ka nako ea hae e loketseng, Jehova o tla pepesa bohle ba etsang bokhopo kapa ba phelang ka boikaketsi, a bontše ka ho hlaka “phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo, pakeng tsa ea sebeletsang Molimo le ea sa kang a mo sebeletsa.” (Mal. 3:18) Empa hoa khothatsa ho tseba hore “mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe.”—1 Pet. 3:12.

^ ser. 8 Tšenolo 21:14, e ngotsoeng lilemo tse mashome ka mor’a hore Pauluse a ngolle Timothea, e bua ka “majoe a motheo” a 12 a nang le mabitso a baapostola ba 12.

^ ser. 12 Sehloohong se latelang re tlil’o tšohla kamoo re ka etsisang Jehova kateng ka hore re lahle ho se loke.