Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thekollo e re Pholosa Joang?

Thekollo e re Pholosa Joang?

Thekollo e re Pholosa Joang?

“Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.”—JOH. 3:36.

1, 2. Lebaka le leng leo Zion’s Watch Tower e ileng ea qala ho hatisoa ka lona e ne e le lefe?

KHALE koana ka October 1879, khatiso ea bone ea makasine ena e ile ea re: “Ha ho seithuti se hlokolosi sa Bibele se ke keng sa hlokomela kamoo lefu la Kreste e leng la bohlokoa kateng.” Sehlooho seo se ile sa lihela likhala ka mantsoe ana a matla: “A re eleng hloko ntho efe kapa efe e fanang ka maikutlo a hore lefu la Kreste hase nyehelo le pheko bakeng sa sebe.”—Bala 1 Johanne 2:1, 2.

2 Lebaka le leng le ileng la etsa hore ho hatisoe Zion’s Watch Tower ka July 1879 e ne e le ho sireletsa thuto ea Bibele ea thekollo. E ne e fana ka ‘lijo ka nako e tšoanetseng,’ hobane qetellong ea lilemo tsa bo-1800, batho ba bangata ba neng ba ipitsa hore ke Bakreste ba ne ba qala ho belaella taba ea hore na lefu la Jesu e ne e ka ba thekollo ea libe tsa rōna joang. (Mat. 24:45) Ka nako eo, batho ba bangata ba ile ba qala ho lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho, e leng khopolo e hananang le taba ea hore motho o ne a phethahetse eaba o oela sebeng. Babuelli ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ruta hore seo motho a leng sona se ntse se ntlafala ka tsela ea tlhaho ’me ha a hloke thekollo. Kahoo, keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Timothea, e loketse haholo ha e re: “U lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao, u furalle lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’ Ka lebaka la ho etsa mponeng ka tsebo e joalo ba bang ba khelohile tumelo.”—1 Tim. 6:20, 21.

3. Hona joale ke lipotso life tseo re tla li tšohla?

3 Ha ho pelaelo hore u ikemiselitse hore u se ke ua ‘kheloha tumelo.’ Ka lebaka leo, e ka ba hantle hore u hlahlobe lipotso tsena: Ke hobane’ng ha ke hloka thekollo? Jehova le Jesu ba ile ba tela eng e le hore ho fanoe ka eona? Nka rua molemo joang tokisetsong ee ea bohlokoa e ka mpholosang khalefong ea Molimo?

Re ka Pholosoa Khalefong ea Molimo

4, 5. Ke eng e bontšang hore khalefo ea Molimo e setse holim’a tsamaiso ee e khopo ea lintho?

4 Bibele le histori ea batho li bontša hore ho tloha ha Adama a ne a oela sebeng, khalefo ea Molimo e ‘setse holim’a’ moloko oa batho. (Joh. 3:36) Sena se bonahala ka hore ebe ha ho motho ea khonneng ho qoba lefu. Bobusi ba Satane bo hanyetsang ba Molimo bo hlōlehile ka ho feletseng ho sireletsa batho litlokotsing tse lulang li ba hlahela, ’me ha ho puso ea batho e khonneng ho finyella litlhoko tsa mantlha tsa baahi bohle ba eona. (1 Joh. 5:19) Kahoo, batho ba sa ntse ba tšoenngoa ke lintoa, bonokoane le bofuma.

5 Ka hona, ho hlakile hore Jehova ha a hlohonolofatse tsamaiso ena e khopo ea lintho. Pauluse o ile a bolela hore “khalefo ea Molimo e ntse e senoloa ho tsoa leholimong khahlanong le ho hloka bomolimo hohle.” (Bar. 1:18-20) Ka lebaka leo, batho ba phelang ka tsela e sa khahliseng Molimo ba sa bake, ba ke ke ba qoba liphello tsa boitšoaro ba bona. Kajeno, khalefo ea Molimo e tsebisoa batho ka melaetsa ea kahlolo e ntseng e tšolleloa holim’a lefatše la Satane joaloka likotlo, ’me boitsebiso bo joalo bo hlaha ka har’a lingoliloeng tsa rōna tse ngata tse thehiloeng Bibeleng.—Tšen. 16:1.

6, 7. Ke mosebetsi ofe o eteletsoeng pele ke Bakreste ba tlotsitsoeng, hona batho bao e leng karolo ea lefatše la Satane ba sa ntsane ba e-na le monyetla ofe?

6 Na see se bolela hore ha ho sa na nako ea hore batho ba furalle puso ea Satane ’me ba boelane le Molimo? Che, hobane ho sa ntsane ho e-na le monyetla oa hore batho ba boelane le Jehova. Bakreste ba tlotsitsoeng bao e leng “manģosa a emeng bakeng sa Kreste,” ke bona ba etellang pele tšebeletsong ea phatlalatsa eo ka eona batho ba lichaba tsohle ba kōptjoang hore ba ‘boelane le Molimo.’—2 Bakor. 5:20, 21.

7 Moapostola Pauluse o ile a bolela hore Jesu o ‘re lopolla khalefong e tlang.’ (1 Bathes. 1:10) Pontšo eo ea ho qetela ea khalefo ea Jehova e tla qetella ka hore baetsalibe ba sa bakeng ba timetsoe ka ho sa feleng. (2 Bathes. 1:6-9) Ke bo-mang ba tla pholoha? Bibele e re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” (Joh. 3:36) Ha tsamaiso ena e fela, bohle ba tla beng ba phela ’me ba bontša tumelo ho Jesu le sehlabelong sa hae sa thekollo ba ke ke ba timetsoa letsatsing la ho qetela la khalefo ea Molimo.

Thekollo e Sebetsa Joang?

8. (a) Adama le Eva ba ne ba ka lebella bokamoso bofe bo hlollang? (b) Jehova o ile a bontša joang hore ke Molimo oa toka e phethahetseng?

8 Adama le Eva ba ne ba bōpiloe ba phethahetse. Hoja ba ne ba ile ba tsoela pele ba mamela Molimo, hona joale lefatše le ka be le tletse bana ba bona ba thabileng ba phelang le bona Paradeiseng. Leha ho le joalo, ka bomalimabe batsoali ba rōna ba pele ba ile ba tlōla taelo ea Molimo ka boomo. Ka lebaka leo, ba ile ba ahloleloa lefu la ka ho sa feleng ba ba ba lelekoa Paradeiseng eo ea pele. Ha Adama le Eva ba e-ba le bana, sebe se ne se se se amme batho, ’me monna oa pele le mosali ba ile ba qetella ba tsofetse ba bile ba shoele. Sena se bontša hore Jehova o phethahatsa seo a se buileng. Ho feta moo, ke Molimo oa toka e phethahetseng. Jehova o ne a lemositse Adama hore ha a ne a ka ja tholoana e neng e thibetsoe o ne a tla shoa—’me o ile a fela a shoa.

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha bana ba Adama ba e-shoa? (b) Re ka qoba lefu la ka ho sa feleng joang?

9 Kaha re bana ba Adama, re futsitse ’mele e sa phethahalang e sekametseng sebeng le eo qetellong e ka shoang. Ha Adama a ne a etsa sebe, re ne re e-s’o tsoaloe. Kahoo, kahlolo ea lefu e ile ea re akarelletsa. Haeba Jehova a ne a ka felisa lefu ho sa lefshoa thekollo, o ne a tla be a sa phethahatse seo a neng a se buile. Ha e le hantle, Pauluse o buile seo e leng maikutlo a rōna kaofela ha a ne a re: “Rea tseba hore Molao ke oa moea; empa ’na ke oa nama, ke rekisitsoe tlas’a sebe. Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?”—Bar. 7:14, 24.

10 Ke Jehova Molimo feela eo ka toka a neng a ka rala motheo oa molao oo ka oona a neng a ka re tšoarela libe a ba a re lokolla kotlong ea lefu la ka ho sa feleng. O ile a etsa joalo ka hore a romele Mora oa hae ea ratoang ea neng a tsoa leholimong e le hore a tsoaloe e le motho ea phethahetseng, ea neng a ka nyehela bophelo ba hae e le thekollo bakeng sa rōna. Ho fapana le Adama, Jesu o ile a lula a phethahetse. Ha e le hantle, “ha aa ka a etsa sebe.” (1 Pet. 2:22) Ka tsela eo, Jesu o ne a ka khona ho tsoala batho ba phethahetseng. Leha ho le joalo, o ile a lumella lira tsa Molimo hore li mo bolaee e le hore e ka ba ntate oa bana ba Adama ba baetsalibe a be a etse hore batho ba bontšang tumelo ho eena ba fumane bophelo bo sa feleng. Mangolo a re: “Ho na le Molimo a le mong, le mokena-lipakeng a le mong pakeng tsa Molimo le batho, motho, Kreste Jesu, ea ileng a inehela e le thekollo e lekanang bakeng sa bohle.”—1 Tim. 2:5, 6.

11. (a) Melemo ea thekollo e ka bapisoa le eng? (b) Thekollo e tla tsoela le bo-mang molemo?

11 Tsela eo thekollo e sebetsang ka eona e ka bapisoa le boemo ba batho bao banka e jeleng lichelete tsohle tsa bona ka bolotsana eaba ba kena sekolotong. Ka toka beng ba banka eo ba ahloleloa hore ba hlole lilemo chankaneng. Empa ho etsahala’ng ka batho bao ba se nang molato? Kaha e se e le mafutsana, ha ho seo ba ka se etsang ntle le haeba motho e mong ea mosa le ea ruileng a ka reka banka eo eaba o ba khutlisetsa lichelete tsa bona, ’me o ba ntša sekolotong. Ka tsela e tšoanang, Jehova Molimo le Mora oa hae ea ratoang ba rekile bana ba Adama ba ba ba hlakola molato oa bona oa sebe ka mali a Jesu a tšolotsoeng. Ke ka lebaka leo Johanne Mokolobetsi a neng a ka re ka Jesu: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” (Joh. 1:29) Lefatše la batho bao libe tsa bona li tlosoang le akarelletsa le batho ba shoeleng, eseng ba phelang feela.

Ho Ile ha Teloa Eng e le Hore ho Fanoe ka Thekollo?

12, 13. Re ka ithuta’ng tabeng ea hore ebe Abrahama o ne a ikemiselitse ho nyehela Isaka?

12 Re ke ke ra khona ho utloisisa ka ho feletseng hore na Ntate oa rōna ea leholimong hammoho le Mora oa hae ea ratoang ba ile ba tela eng e le hore ho fanoe ka thekollo. Empa Bibele e pheta liketsahalo tse ka re thusang hore re thuise ka taba ena. Ka mohlala, nahana kamoo Abrahama a tlamehang a ile a ikutloa kateng ha a ntse a le leetong la matsatsi a mararo ho ea Moria ka lebaka la ho mamela taelo ea Molimo e reng: “Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka, u nke leeto u ee naheng ea Moria ’me moo u mo nyehele e le nyehelo ea secheso ho e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.”—Gen. 22:2-4.

13 Qetellong Abrahama o ile a fihla sebakeng seo a neng a se bontšitsoe. Nahana feela hore na e tlameha ebe ho ne ho le bohloko hakaakang ha Abrahama a ne a tlama Isaka maoto le matsoho ’me a mo robatsa aletareng eo eena ka boeena a neng a e hahile. Ruri e tlameha ebe Abrahama o ne a utloile bohloko ha a ne a phahamisa thipa eo a neng a lokela ho bolaea mora oa hae ka eona! Nahana hore na Isaka o ne a ikutloa joang ha a ne a robetse aletareng eo, a emetse ho utloa bohloko bo boholo bo neng bo tla qetella bo mo bolaile. Lengeloi la Jehova le ile la thiba Abrahama ka nako e loketseng. Seo Abrahama le Isaka ba ileng ba se etsa ketsahalong eo se re thusa ho utloisisa hore na e tlameha ebe Jehova o ile a utloa bohloko hakae ha a ne a lumella batho ba neng ba sebelisoa ke Satane hore ba bolaee Mora oa Hae. Tsela eo Isaka a ileng a sebelisana le Abrahama ka eona e bontša kamoo Jesu a neng a ikemiselitse kateng ho utloa bohloko le ho re shoela.—Baheb. 11:17-19.

14. Ke eng e ileng ea etsahala bophelong ba Jakobo e re thusang ho utloisisa hore na ho ile ha teloa eng e le hore ho fanoe ka thekollo?

14 Se ileng sa teloa e le hore ho fanoe ka thekollo se ka boela sa bapisoa le se ileng sa etsahala bophelong ba Jakobo. Har’a bara bohle ba hae, Jakobo o ne a rata Josefa ka ho fetisisa. Ka masoabi, barab’abo Josefa ba ne ba mo honohela ba bile ba mo hloile. Leha ho le joalo, Josefa o ile a lumela hore ntate oa hae a mo rome ho barab’abo a e’o lekola hore na ba ne ba ntse ba e-ea joang. Nakong eo, ba ne ba lisitse mohlape oa Jakobo sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100 ka leboea ho ha habo bona Hebrone. Nahana feela hore na Jakobo o ile a ikutloa joang ha bara ba hae ba khutla le seaparo sa Josefa se neng se tletse mali! O ile a hooa a re: “Ke seaparo se selelele sa mora oa ka! E tlameha ebe sebata se bohale se mo harotse! Ruri Josefa o rusolotsoe!” Sena sohle se ile sa utloisa Jakobo bohloko haholo, ’me o ile a llela Josefa ka matsatsi a mangata. (Gen. 37:33, 34) Jehova ha a sebetse litaba ka tsela e tšoanang le ea batho ba sa phethahalang ha ho hlaha maemo a itseng. Leha ho le joalo, ho thuisa ka sena se ileng sa etsahala bophelong ba Jakobo ho ka re thusa hore re utloisise hanyenyane hore na e tlameha ebe Molimo o ile a ikutloa joang ha Mora oa hae ea ratoang a ne a tšoaroa hampe a bile a bolaoa ka sehlōhō ha a ne a phela lefatšeng.

Re Rua Molemo Joang Thekollong?

15, 16. (a) Jehova o ile a bontša joang hore o ne a amohela thekollo? (b) U ruile molemo joang thekollong?

15 Jehova Molimo o ile a tsosa Mora oa hae ea tšepahalang a e-na le ’mele oa moea o khanyang. (1 Pet. 3:18) Ka matsatsi a 40, Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a bonahala ho barutuoa ba hae, a ba matlafatsa tumelong a ba a ba hlomella bakeng sa mosebetsi o moholo oa ho bolela evangeli oo ba neng ba tla o etsa. Ka mor’a moo o ile a nyolohela leholimong. Ha a le moo o ile a nyehela ho Molimo molemo oa mali a hae a tšolotsoeng, a neng a tla sebelisoa lebitsong la balateli ba hae ba ’nete, ba bontšang tumelo molemong oa sehlabelo sa hae sa thekollo. Jehova Molimo o ile a bontša hore o amohela thekollo ea Kreste ka hore a fe Jesu mosebetsi oa hore a tšollele moea o halalelang holim’a barutuoa ba hae ba neng ba bokane Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E.—Lik. 2:33.

16 Hang-hang balateli bana ba tlotsitsoeng ba Kreste ba ile ba qala ho ipiletsa ho batho ba bang hore ba qobe khalefo ea Molimo ka hore ba kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste e le hore ba ka tšoareloa libe. (Bala Liketso 2:38-40.) Ho tloha letsatsing leo la bohlokoa ho fihlela hona joale, batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle ba thusitsoe hore ba be le kamano le Molimo ka hore ba bontše tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (Joh. 6:44) Mothating ona, ho hlokahala hore re tšohle lipotso tse ling tse peli: Na har’a rōna ho na le bafe kapa bafe ba filoeng tšepo ea bophelo bo sa feleng ka lebaka la mesebetsi ea rōna e metle? Ha re se re fumane tšepo ee e tsotehang, na ho ka etsahala hore e re lahlehele?

17. U lokela ho ikutloa joang ka tlhohonolofatso e babatsehang ea hore ebe u motsoalle oa Molimo?

17 Thekollo ke mosa o sa re tšoanelang ho hang. Empa kajeno batho ba limilione ba fetohile metsoalle ea Molimo ka lebaka la ho bontša tumelo ho eona, ’me ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Leha ho le joalo, ho ba metsoalle ea Jehova hase tiiso ea hore re tla lula re e-na le kamano e joalo le eena. E le hore re pholohe letsatsi la Molimo la khalefo le tlang, re tlameha ho tsoela pele re bontša hore re ananela ka botebo “thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.”—Bar. 3:24; bala Bafilipi 2:12.

Tsoela Pele U Bontša Tumelo Thekollong

18. Ho bontša tumelo thekollong ho akarelletsa’ng?

18 Lengolo la sehlooho sehloohong sena, e leng Johanne 3:36, le bontša hore ho bontša tumelo ho Morena Jesu Kreste ho akarelletsa ho mo mamela. Ho ananela thekollo ho lokela ho re susumelletsa hore re phele ka tsela e lumellanang le seo Jesu a se rutileng, ho akarelletsa seo a se rutileng mabapi le boitšoaro. (Mar. 7:21-23) “Khalefo ea Molimo e tlela” bohle ba etsang liketso tse kang bohlola, mesoaso e nyonyehang, le “ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong,” ho akarelletsang ho phehella ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso.—Baef. 5:3-6.

19. Re ka bontša tumelo thekollong ka litsela life tse molemo?

19 Kananelo eo re nang le eona thekollong e lokela ho re susumelletsa hore re lule re phathahane “liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.” (2 Pet. 3:11) A re behelleng ka thōko nako e lekaneng bakeng sa borapeli ba lelapa, ho rapela kamehla le ka tieo, ho etsa thuto ea botho ea Bibele, ho ba teng libokeng le ho kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ho feta moo, e se eka ‘re ke ke ra lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.’—Baheb. 13:15, 16.

20. Bohle ba tsoelang pele ba bontša tumelo thekollong ba ka lebella tlhohonolofatso efe nakong e tlang?

20 Ha khalefo ea Jehova e oela tsamaiso ena e khopo ea lintho, ruri re tla thaba haholo hore ebe re ile ra bontša tumelo thekollong ra ba ra tsoela pele re bontša hore rea e ananela! Ho feta moo, lefatšeng le lecha leo Molimo a re tšepisitseng lona, re tla leboha ka ho sa feleng tokisetso ena e babatsehang e tla beng e re pholositse khalefong ea Molimo.—Bala Johanne 3:16; Tšenolo 7:9, 10, 13, 14.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha re hloka thekollo?

• Ho ile ha teloa eng e le hore ho ka fanoa ka thekollo?

• Thekollo e fana ka melemo efe?

• Re bontša tumelo joang sehlabelong sa thekollo sa Jesu?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho sa ntsane ho e-na le monyetla oa hore batho ba boelane le Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ho thuisa ka liketsahalo tsena tse amang Abrahama, Isaka le Jakobo, ho ka re thusa hore re ananele hore na ho ile ha teloa eng e le hore ho fanoe ka thekollo