Lengolo la Pele le Eang ho Bathesalonika 1:1-10

  • Litumeliso (1)

  • Ba leboha Molimo ka lebaka la tumelo ea Bathesalonika (2-10)

1  ’Na Pauluse, ke na le Silvanase*+ le Timothea.+ Ke ngolla phutheho ea Bathesalonika e ikarabellang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste: E se eka Molimo a ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.  Kamehla re leboha Molimo ha re bua ka lona kaofela lithapelong tsa rona.+  Ha re le ka pel’a Molimo Ntate oa rona, re lula re hopola mesebetsi eo le e etsang hobane le e-na le tumelo le lerato. Hape re lula re hopola kamoo le mameletseng mathata kateng hobane le e-na le tšepo+ ho Morena oa rona Jesu Kreste.  Lona bana ba bo rona ba ratoang ke Molimo, rea tseba hore Molimo o le khethile  hobane litaba tse monate tseo re li bolelang, ha rea li bua ka mantsoe feela empa le li utloile le thusoa ke moea o halalelang. Re ne re kholisehile hore molaetsa oo re le bolellang oona ke ’nete ’me o le thusitse haholo. Le tseba tsela eo re ileng ra itšoara ka eona molemong oa lona ha re ne re le har’a lona.  Le ile la re etsisa+ la ba la etsisa Morena+ hobane le ile la amohela lentsoe ka thabo e tlisoang ke moea o halalelang le hoja le ne le hlorisoa haholo.+  Kahoo, le bile mohlala ho balumeli bohle ba Macedonia le ba Akaia.  Ha se hore le ile la hasa lentsoe la Jehova* Macedonia le Akaia feela empa tumelo ea lona ho Molimo ea tsebahala libakeng tsohle+ hoo re seng re se na letho leo re ka le buang.  Ba re boleletse kamoo re ileng ra kopana le lona kateng ka lekhetlo la pele le kamoo le ileng la furalla melimo ea litšoantšo+ kateng e le hore le sebeletse Molimo ea phelang le oa ’nete. 10  Hape ba re boleletse kamoo le ntseng le lebeletse Mora oa hae ea tsoang maholimong+ eo a ileng a mo tsosa bafung e leng Jesu, ea tla re lopolla bohaleng ba Molimo bo tlang.+

Linaletsana

Lebitso le leng la hae ke Silase.