Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 29

PINA EA 121 Re Lokela ho ba le Boitšoaro

Lulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hloloa ke Liteko

Lulang le Itebetse e le Hore le se ke la Hloloa ke Liteko

“Falimehang ’me le rapele le sa khaotse e le hore le se ke la oela molekong.”MAT. 26:41.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta bohlokoa ba ho qoba ho etsa sebe hammoho le mehato e ka qetellang e entse hore re etse sebe.

1, 2. (a) Jesu o ile a fa barutuoa ba hae temoso efe? (b) Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ile ba mo lahla? (Sheba litšoantšo.)

 “KA HO hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” a (Mat. 26:41b, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Mantsoe ao a Jesu a bontša hore o ne a utloisisa hore re batho ba sa phethahalang ’me re etsa liphoso. Empa hape o ne a re lemosa hore re qobe ho itšepa ho tlola. Pejana bosiung boo, barutuoa ba hae ba ne ba buile ka kholiseho hore ba ikemiselitse ho lula ba mo khomaretse. (Mat. 26:35) Ba ne ba batla ho etsa ntho e nepahetseng. Empa ba ne ba sa hlokomele hore ka ho panya ha leihlo ba ka fokola ’me ba etsa ntho e fosahetseng. Ke kahoo Jesu a ileng a ba lemosa a re: “Falimehang ’me le rapele le sa khaotse e le hore le se ke la oela molekong.”—Mat. 26:41a.

2 Ka bomalimabe, barutuoa ba ile ba hloleha ho falimeha. Ha Jesu a ne a tšoaroa, na ba ile ba ema le eena kapa ba ile ba tšoha eaba baa baleha? Kaha barutuoa ha baa ka ba lula ba falimehile, ba ile ba etsa eona ntho eo ba neng ba itse ba ke ke ba e etsa, eaba ba lahla Jesu.—Mat. 26:56.

Jesu o ile a hlokomelisa barutuoa ba hae hore ba falimehe le hore ba itebele e le hore ba se ke ba oela molekong, empa ba ile ba mo lahla kherehloa (Sheba serapa sa 1 le 2)


3. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho itšepa ho tlola e le hore re lule re tšepahalla Jehova? (b) Re tl’o bua ka eng sehloohong see?

3 Ho hang ha rea lokela ho itšepa ho tlola. Ke ’nete hore re ikemiselitse ho se lumelle letho ho re arohanya le Jehova. Leha ho le joalo, ha rea phethahala ’me re ka lekeha hore re etse ntho e fosahetseng. (Bar. 5:12; 7:21-23) Re sa lebella, re ka iphumana re khalla ho etsa ntho e fosahetseng. E le hore re lule re tšepahalla Jehova le Mora oa hae, re lokela ho mamela temoso ea Jesu ea hore re itebele hore re se ke ra lekeha ho etsa sebe. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho etsa joalo. Qalong, re tla ithuta hore na ke lintho life tseo re lokelang ho itebela ho tsona. Ka mor’a moo, re tla bua ka hore na ke joang re ka itebelang hore re se ke ra inehela tekong. Qetellong, re tla bua ka hore na re ka lula re itebetse joang.

TSEBA BOFOKOLI BA HAO

4, 5. Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela hore re se ke ra etsa esita le libe tse nyenyane?

4 Libe tse ka bonahalang li le nyenyane ha li bapisoa le tse ling, le tsona li ka senya kamano ea rona le Jehova. Li ka boela tsa etsa hore re qetelle re entse libe tse tebileng.

5 Kaofela re tla lekeha ho etsa se fosahetseng. Empa e mong le e mong oa rona o na le moo a fokolang teng, ebang ke ho etsa libe tse tebileng, ho kopanela mofuteng o itseng oa boitšoaro bo sa hloekang kapa ho hahlameloa ke tsela eo lefatše le nahanang ka eona. Ka mohlala, e ka ’na eaba motho e mong o loantšana le teko ea ho etsa sebe se tebileng joaloka boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Motho e mong eena e ka ’na eaba o loantšana le teko ea ho etsa ntho e litšila joaloka ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali kapa ho shebella pornography. Motho e mong eena e ka ’na eaba o loantšana le bothata ba ho tšaba batho, boikhohomoso, ho halefa kapele kapa ntho e ’ngoe e itseng. Joalokaha Jakobo a ile a cho, “e mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa ke litakatso tsa hae.”Jak. 1:14.

6. Re lokela ho ba le ’nete tabeng efe?

6 Na oa tseba hore na uena u fokola hokae? Ha ho re tšoele molemo hore re ithetse ka hore ha re na mefokolo e itseng kapa ho nahana hore re ke ke ra etsa sebe. (1 Joh. 1:8) Hopola hore Pauluse o ile a re le “Bakreste ba tšoanelehang ba tataisoang ke moea o halalelang” ba ka inehela tekong haeba ba sa itebele. (Bagal. 6:1) Kahoo re lokela ho ba le ’nete ’me re lumele hore ho na le moo re fokolang.—2 Bakor. 13:5.

7. Re lokela ho isa tlhokomelo e ngata hokae? Etsa mohlala.

7 Ha re se re tsebile mefokolo ea rona le lintho tse ka re lekang habonolo, re lokela ho etsa’ng? Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re tle re khone ho hlola liteko tseo! Ka mohlala, mehleng ea Bibele sebaka se neng se keneha habonolo ka ho fetisisa marakong a motse, e ne e le likeiti tsa oona. Ke ka lebaka leo likeiti li neng li lebeloa ke balebeli ba bangata haholo. Ka ho tšoanang, re lokela ho isa tlhokomelo ea rona e ngata moo re tsebang hore re fokolang teng, e le hore re be monyetleng o motle oa ho hlola liteko.—1 Bakor. 9:27.

RE KA LULA RE ITEBETSE JOANG?

8, 9. Mohlankana eo ho builoeng ka eena ho Liproverbia khaolo ea 7 a ka be a ile a etsa eng hore a se ke a etsa sebe se tebileng? (Liproverbia 7:8, 9, 13, 14, 21)

8 Re ka itebela joang? Ela hloko seo re ithutang sona ho mohlankana eo ho builoeng ka eena ho Liproverbia khaolo ea 7. O ile a etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le mosali ea boitšoaro bo bobe. Temana ea 22 e re mohlankana eo o ile a sala mosali eo morao “hang-hang.” Empa joalokaha litemana tse tlang pele ho eo li bontša, o ne a ile a etsa liqeto tse booatla pele a sala mosali eo morao tse ileng tsa qetella li entse hore a etse sebe.

9 O ile a etsa’ng hore a qetelle a entse sebe? Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ke hore ka shoalane, “o ile a feta pel’a seterata sa mosali eo” ea boitšoaro bo bobe. Ka mor’a moo, o ile a nka tsela e eang ntlong ea mosali eo. (Bala Liproverbia 7:8, 9.) Hape, ha aa ka a tloha sebakeng seo ha a bona mosali eo. Ho e-na le hoo, o ile a lumela ha a mo suna eaba oa mamela ha mosali eo a ntse a mo bolella ka mahlabelo ao a neng a a entse, mohlomong a mo bolella ka ’ona ka sepheo sa hore a se ke a mo bona e le motho e mobe. (Bala Liproverbia 7:13, 14, 21.) Haeba mohlankana eo a ne a qobile likotsi tse ileng tsa etsa hore a qetelle a entse sebe, a ka be a ile a khona ho itebela tekong eaba o qetella a sa etsa sebe.

10. Hona joale motho a ka etsa liqeto tse seng bohlale joaloka mohlankana eo ho builoeng ka eena ho Liproverbia joang?

10 Tlaleho ena ea Solomone e bontša ntho e ka etsahallang morapeli ofe kapa ofe oa Jehova. A ka ’na a etsa sebe se tebileng ebe hamorao o re taba ena e etsahetse “hang-hang.” Kapa a re o bone feela a se a entse sebe. Empa haeba a ka nahana hantle hore na ho etsahetse’ng, o tla hlokomela hore o ile a etsa liqeto tse seng bohlale pele a etsa sebe seo se tebileng. Mohlomong o ile a etsa setsoalle le batho ba sa rateng Jehova, kapa e ka ’na eaba boithabiso boo a ileng a bo khetha, liwebsaete tseo a ileng a kena ho tsona kapa libaka tseo a ileng a ea ho tsona li ne li sa lokela Mokreste. Mohlomong o ne a se a sa rapele, a sa bale Bibele, a sa ee libokeng kapa tšimong. Joaloka mohlankana eo ho buuoang ka eena ho Liproverbia, o ile a etsa sebe se tebileng ka mor’a hore a etse liqeto tse ngata tse seng bohlale.

11. Re lokela ho etsa eng e le hore re se ke ra etsa sebe?

11 Re ithuta’ng tabeng ee? Ha rea lokela ho qoba sebe ka bosona feela empa re lokela ho qoba le mehato e ka etsang hore re qetelle re entse sebe. Solomone o ile a hlalosa ntlha ena hang ka mor’a hore a bue ka tlaleho ea mohlankana le mosali ea boitšoaro bo bobe. Ha a bua ka mosali eo, o ile a re: “Le se ke la hlahlathella litseleng tsa hae.” (Liprov. 7:25) O ile a boela a re ka mosali eo ea boitšoaro bo bobe: “Tsamaellang hole le eena, le se ke la atamela monyako oa ntlo ea hae.” (Liprov. 5:3, 8) Re itšireletsa sebeng ka hore re tsamaelle hole le lintho tse ka etsang hore re se etse. b Taba ena e bolela hore le haeba ho se phoso hore Bakreste ba etse ntho e itseng, re ka tlameha ho e qoba haeba re tseba hore rona e ka re kenya tekong ea ba ea qetella e entse hore re etse phoso.—Mat. 5:29, 30.

12. Jobo o ile a etsa selekane sefe, hona se ne se tla mo thusa joang hore a se ke a oela tekong? (Jobo 31:1)

12 E le hore re qobe maemo a ka qetellang a entse hore re etse sebe, re lokela ho etsa qeto e tiileng ea ho lula re itebetse. Jobo o ile a etsa sona seo. O ile a ‘etsa selekane le mahlo a hae’ sa hore a ke ke a sheba basali ba bang e le hore a be le litakatso tse fosahetseng bakeng sa bona. (Bala Jobo 31:1.) Haeba a ne a ka phelela selekane seo sa hae, o ne a ke ke a ba kotsing ea ho etsa bofebe. Le rona re ka etsa qeto e tiileng ea ho qoba eng kapa eng e ka re kenyang tekong.

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko lintho tseo re li nahanang? (Sheba litšoantšo.)

13 Re boetse re lokela ho ela hloko lintho tseo re li nahanang. (Ex. 20:17) Batho ba bang ba nahana hore ha ho letho le phoso ha motho a inahana a ntse a etsa ntho e fosahetseng hafeela a sa e etse. Empa ho nahana joalo ho fosahetse. Ha motho a lula a nahana ka ho etsa ntho e fosahetseng, o tla ba le takatso e matla ea ho e etsa. Ka tsela e itseng, ho tšoana le ha a iketsetsa teko eo ho tl’o ba thata hore a e loantše. Ke ’nete hore ka linako tse ling, menahano e mebe e ka tla likelellong tsa rona. Ntho ea bohlokoa ke hore re hanele menahano eo e mebe hang-hang ebe re nahana ka lintho tse ntle. Ha re etsa joalo, rea itšireletsa e le hore re se ke ra etsa sebe se tebileng, hobane re tla be re hanetse menahano e mebe hore e fetohe takatso e matla eo ho ka bang thata ho e loantša.—Bafil. 4:8; Bakol. 3:2; Jak. 1:13-15.

Re lokela ho qoba eng kapa eng e ka etsang hore re lekoe (Sheba serapa sa 13)


14. Ke eng hape eo re ka e etsang e le hore re itšireletse litekong?

14 Ke eng hape eo re ka e etsang e le hore re itšireletse litekong? Re lokela ho kholiseha hore kamehla ho mamela melao ea Jehova ho tla re tsoela molemo. Ka linako tse ling ho ka ba thata ho nahana le ho ikutloa ka tsela eo Jehova a e batlang empa haeba re sebetsa ka thata ho etsa joalo, re tla thaba e le kannete.

15. Ho ba le takatso e matla ea ho etsa ntho e nepahetseng ho tla re thusa joang hore re itšireletse tekong?

15 Re lokela ho ba le takatso e matla ea ho etsa ntho e nepahetseng. Haeba re ithuta ho ‘hloea lintho tse fosahetseng le ho rata tse nepahetseng,’ re tla ikemisetsa le ho feta ho etsa ntho e nepahetseng le ho qoba maemo a ka qetellang a entse hore re etse sebe. (Amose 5:15) Haeba re batla ho etsa lintho tse nepahetseng, re tla ba monyetleng o motle oa ho hlola le liteko tse re tsomelitseng.

16. Ho etsa lintho tse etsang hore re rate Jehova le ho feta, ho ka re thusa joang hore re lule re itebetse? (Sheba litšoantšo.)

16 Re ka etsa’ng hore re be le takatso e matla ea ho etsa lintho tse nepahetseng? Re lokela ho phathahana ka ho etsa lintho tse tla etsa hore re rate Jehova le ho feta. Ha re le libokeng kapa tšimong, ha ho bonolo hore re lekehe ho etsa ntho e fosahetseng. Ho e-na le hoo, re etsa hore takatso ea rona ea ho thabisa Jehova e be matla le ho feta. (Mat. 28:19, 20; Baheb. 10:24, 25) Ha re bala Lentsoe la Molimo, re ithuta lona re bile re nahanisisa ka lona, re tla rata ho etsa lintho tse nepahetseng le ho feta re be re hloee ho etsa lintho tse fosahetseng. (Josh. 1:8; Pes. 1:2, 3; 119:97, 101) Hopola hore Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le rapele le sa khaotse e le hore le se ke la oela molekong.” (Mat. 26:41) Ha re rapela Ntate oa rona ea leholimong, re mo fa monyetla oa hore a re thuse hape re matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho mo thabisa.—Jak. 4:8.

Ho etsa lintho tse re atametsang haufi le Jehova kamehla ho tla re thusa hore re hanele liteko (Sheba serapa sa 16) c


LULA U ITEBETSE

17. Ke bofokoli bofe boo Petrose a neng a tlameha ho lula a bo loantša?

17 Ho ka etsahala hore re hlole e meng ea mefokolo ea rona ka ho feletseng. Empa ho na le mefokolo eo re ka tlamehang ho e loantša ka nako e telele. Nahana ka mohlala oa moapostola Petrose. Ka lebaka la ho tšaba batho, o ile a latola Jesu ka makhetlo a mararo. (Mat. 26:69-75) Hamorao ho ile ha bonahala eka Petrose o hlotse bothata boo hobane ka sebete o ile a paka ka Jesu ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda. (Lik. 5:27-29) Leha ho le joalo, lilemo hamorao, o ile a khaotsa ho ja le Bakreste ba Balichaba hobane a ne “a tšaba batho ba bolotseng.” (Bagal. 2:11, 12) Petrose o ne a se a boetse a tšaba batho hape. Mohlomong bofokoli bona o ne a sa bo hlola ka ho feletseng.

18. Ho ka etsahala’ng ka mefokolo eo re nang le eona?

18 Le rona joaloka Petrose re ka ’na ra tlameha ho loantša bofokoli boo re neng re se re nahana hore re se re bo hlotse. Ka mohlala, mor’abo rona e mong o ile a re: “Ke ile ka khona ho tlohella ho shebella pornography ka lilemo tse leshome ’me ke ne ke itjoetsitse hore bothata boo bo felile empa bo ne bo e-s’o fele.” Ntho e ntle ke hore mor’abo rona o ile a tsoela pele a loantša bothata bona. O ile a hlokomela hore o tlameha ho bo loantša letsatsi le leng le le leng, mohlomong bophelo bohle ba hae lefatšeng lena le khopo. O ile a ba hlokolosi haholo hore ho hang a se ke a shebella pornography ’me mosali oa hae le baholo ba mo thusitse haholo.

19. Re ka etsa’ng haeba re e-na le bofokoli boo re ntseng re bo loantša?

19 Ke’ng eo re ka e etsang e le hore bofokoli boo re ntseng re bo loantša bo se ke ba etsa hore re etse sebe? Re tlameha ho etsa ntho eo Jesu a itseng re e etse, e leng ho ‘falimeha’ kapa ho itebela hore re se ke ra oela molekong. Le nakong eo u ikutloang eka u matla, tsoela pele ho qoba maemo a ka etsang hore u oele tekong. (1 Bakor. 10:12) Tsoela pele ho etsa lintho tse ileng tsa u thusa hore u atlehe ho hlola bofokoli ba hao nakong e fetileng. Liproverbia 28:14 e re: “Ho thaba motho ea lulang a falimehile.”—2 Pet. 3:14.

RE FUMANA MELEMO EFE KA HO LULA RE ITEBETSE?

20, 21. (a) Re tla fumana melemo efe ha re lula re itebetse e le hore re se ke ra kena molekong? (b) Ha re phetha boikarabelo ba rona, Jehova o tla re etsetsa eng? (2 Bakorinthe 4:7)

20 Re ka kholiseha hore ho lula re itebetse e le hore re se ke ra oela molekong ho tla re tsoela molemo. Le hoja ho etsa sebe ho ka ’na ha re thabisa “ka nakoana,” ho phela ka melao ea Jehova ho tla etsa hore re thabe le ho feta. (Baheb. 11:25; Pes. 19:8) Re thaba hobane re bopiloe ka tsela eo re lokelang ho latela melao ea hae. (Gen. 1:27) Ha re phela ka tsela e khahlisang Jehova, re tla ba le letsoalo le hloekileng ’me ka moso re tla phela ka ho sa feleng.—1 Tim. 6:12; 2 Tim. 1:3; Juda 20, 21.

21 Ke ’nete hore “nama ea fokola.” Empa taba eo ha e bolele hore ha ho letho leo re ka le etsang ka mefokolo ea rona. Jehova o lutse a le malala-a-laotsoe ho re fa matla ao re a hlokang. (Bala 2 Bakorinthe 4:7.) Empa hlokomela hore Molimo o re fa matla a sa tloaelehang. Matla ao re nang le ’ona ke a tloaelehileng ’me ke boikarabelo ba rona. Kahoo, re lokela ho sebelisa matla ’ohle ao re nang le ’ona hore re loantše liteko. Haeba re phetha boikarabelo ba rona, re ka kholiseha hore Jehova o tla araba lithapelo tsa rona ’me a re fe matla a eketsehileng haeba re a hloka. (1 Bakor. 10:13) Kannete, ka thuso ea Jehova, re ka khona ho lula re itebetse e le hore re se ke ra kena molekong.

PINA EA 47 Rapelang Jehova Kamehla

a TLHALOSO: Lentsoe “moea” le hlahang lengolong la Matheu 26:41 le bolela maikutlo ao motho a nang le ’ona a mo susumetsang hore a bue kapa a etse lintho ka tsela e itseng. Lentsoe “nama” le hlalosoa e le boemo ba motho ba ho se phethahale. Kahoo, re ka ’na ra ba le tabatabelo ea ho etsa lintho tse nepahetseng empa haeba re sa hlokomele re ka iphumana re kene molekong oa ho etsa seo Bibele e reng se fosahetse.

b Motho ea entseng sebe se tebileng a ka fumana thuso bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!, khaolong ea 57 ntlheng ea 1-3 le sehloohong se reng “Shebela Pele Lefatšeng le Lecha” ho Molula-Qhooa oa November 2020, maq. 27-29, lir. 12-17.

c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Mor’abo rona o bala temana ea letsatsi hoseng, o bala Bibele nakong ea lijo tsa motšehare ’me o ea libokeng tsa har’a beke mantsiboea.