Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao

Lumella Melao le Melao-motheo ea Molimo Hore e Koetlise Letsoalo la Hao

“Ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao.”—PES. 119:99.

LIPINA: 127, 88

1. Ke ntho efe e etsang hore re fapane le liphoofolo?

NTHO e etsang hore batho ba fapane le liphoofolo ke hore batho ba bopiloe ba e-na le letsoalo. Esale ho le joalo ho tloha mehleng ea Adama le Eva. Ka mor’a hore ba tlole taelo ea Jehova, ba ile ba ipata. Taba ena e bontša ka ho hlaka hore matsoalo a bona a ne a ba khoebetha.

2. Ke joang matsoalo a rona a ka tšoantšoang le sesupa-tsela? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Batho bao matsoalo a bona a sa koetlisoang hantle ba ka tšoantšoa le sekepe se laoloang ke sesupa-tsela se sa sebetseng hantle. Ho nka leeto u sebelisa sesupa-tsela se sa sebetseng hantle ho ka ba kotsi. Meea le maqhubu a leoatle a ka ntša sekepe tseleng habonolo. Ha sesupa-tsela se setetsoe hantle, se ka thusa moqhobi oa sekepe hore a se ke a lahleha. Matsoalo a rona a ka tšoantšoa le sesupa-tsela. Letsoalo ke boikutlo boo motho a nang le bona bo mo thusang ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng. Empa e le hore matsoalo a rona a re tataise ka tsela e nepahetseng, a lokela ho koetlisoa hantle.

3. Ho ka etsahala’ng haeba matsoalo a rona a sa koetlisoa hantle?

3 Ha matsoalo a rona a sa koetlisoa hantle, a ke ke a re thibela ho etsa ntho e fosahetseng. (1 Tim. 4:1, 2) Matsoalo a joalo a ka ba a etsa hore re nahane hore “bobe ke botle.” (Esa. 5:20) Jesu o ile a hlokomelisa balateli ba hae a re: “Hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang.” (Joh. 16:2) Batho ba bolaileng morutuoa Setefane le bona ba ne ba ikutloa ka tsela ena hammoho le ba ileng ba bolaea balateli ba Jesu. (Lik. 6:8, 12; 7:54-60) Hoa makatsa hore ebe batho bao ba hlanyetsang bolumeli, ba ile ba bolaea batho ’me ba tlola melao ea Molimo eo ba ipolelang hore baa mo rapela. (Ex. 20:13) Hoa hlaka hore matsoalo a bona a ne a ba thetsa.

4. Re ka etsa’ng ho qoba hore matsoalo a rona a se ke a sebetsa hantle?

4 Re ka etsa’ng ho qoba hore matsoalo a rona a se ke a sebetsa hantle? Melao le melao-motheo e hlahang ka Bibeleng e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Tim. 3:16) Kahoo, ha re ithuta Bibele, re nahanisisa ka lithuto tsa eona, re bile re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona, re tla be re koetlisa matsoalo a rona hore a re thuse ho nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. A tla re tataisa ka tsela e nepahetseng. A re hlahlobeng kamoo melao le melao-motheo ea Jehova e ka re thusang hore re koetlise matsoalo a rona.

LUMELLA MELAO EA MOLIMO HORE E U TATAISE

5, 6. Re rua molemo joang ha re mamela melao ea Molimo?

5 E le hore melao ea Molimo e re tsoele molemo, ha rea lokela ho e bala le ho e tseba feela. Re lokela ho e rata le ho e hlompha. Lentsoe la Molimo le re: “Hloeang se sebe, le rate se molemo.” (Amose 5:15) Empa re ka etsa joalo joang? Ntlha ea bohlokoa ke hore re ithute ho sheba lintho ka tsela eo Jehova a li shebang ka eona. Mohlala: Nka hore u sitoa ho robala hantle bosiu. Ngaka e u fa litaelo tsa hore u je hantle, u ikoetlise le hore u etse liphetoho tse ling. Ka mor’a hore u mamele litaelo tseo, oa hlokomela hore li u tsoela molemo. Ha ho pelaelo hore u ne u tla ananela hore ebe ngaka e u thusitse hore u ntlafatse bophelo ba hao.

6 Ka tsela e tšoanang, ’Mopi oa rona o re file melao e re sireletsang hore re se ke ra khola litholoana tse bosula tsa sebe e le hore re ntlafatse bophelo ba rona. Nahana kamoo u ka ruang molemo kateng ha u latela melao ea Bibele e akarelletsang ho qoba lintho tse kang: Ho bua leshano, ho qhekella, ho utsoa, ho kopanela liphate kantle ho lenyalo, ntoa le ho sebelisana le bademona. (Bala Liproverbia 6:16-19; Tšen. 21:8) Ha Jehova a re hlohonolofatsa ka lebaka la ho etsa lintho ka tsela eo a e batlang, re mo rata ho tsoa pelong ebile re ananela melao ea hae.

7. Ho bala le ho nahanisisa ka litlaleho tsa Bibele ho ka re thusa hore re etse’ng?

7 Ha re batle ho iphapanyetsa melao ea Molimo ebe re utloa ka letlalo. Re ka ithuta liphosong tsa batho ba tlalehiloeng ka Bibeleng. Liproverbia 1:5 e re: “Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng.” Ha re ithuta le ho nahanisisa ka litlaleho tse hlahang ka Bibeleng, re fumana litaelo tsa bohlokoa tse tsoang ho Molimo. Mohlala, nahana ka bohloko boo Morena Davida a ileng a bo utloa ka mor’a ho tlola molao oa Molimo ka ho etsa bofebe le Bathe-sheba. (2 Sam. 12:7-14) Ha re bala re bile re nahanisisa ka tlaleho ena, re ka ipotsa: ‘Morena Davida a ka be a ile a qoba boemo boo bo utloisang bohloko joang? Haeba nka thulana le boemo bo tšoanang, na ke tla khona ho itšoara? Na ke tla baleha joaloka Josefa kapa ke tla inehela joaloka Davida?’ (Gen. 39:11-15) Haeba re nahana ka litla-morao tse tlisoang ke ho etsa sebe, re tla imatlafatsa e le hore re ‘hloee se sebe.’

8, 9. (a) Matsoalo a rona a re thusa ho etsa’ng? (b) Melao-motheo ea Jehova e amana joang le matsoalo a rona?

8 Le hoja re ka ’na ra qoba ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng, ho na le maemo ao ho ’ona Mangolo a sa faneng ka melao e tobileng. Maemong aa, ke joang re ka tsebang lintho tse amohelehang? Ke moo matsoalo a rona a koetlisitsoeng ke Bibele a tla sebetsa hantle.

9 Jehova o re file melao-motheo e sebetsang tumellanong le matsoalo a rona a koetlisitsoeng ke Bibele. O re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esa. 48:17, 18) Ha re nahanisisa ka melao-motheo ea Bibele re bile re e lumella hore e ame lipelo tsa rona re tla khona ho koetlisa matsoalo a rona ka tsela e nepahetseng. Kahoo re tla etsa liqeto tse nepahetseng.

LUMELLA MELAO-MOTHEO HORE E U TATAISE

10. (a) Melao-motheo ke eng? (b) Jesu o ile a e sebelisa joang?

10 Molao-motheo ke ntho e ke keng ea fetoha eo ho etsoang melao ho ipapisitsoe le eona. Melao-motheo e boetse e akarelletsa ho utloisisa tsela eo mofani oa molao a ikutloang ka eona le lebaka leo a faneng ka melao ka lona. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a sebelisa melao-motheo ho ruta balateli ba hae hore ho hloleha ho laola maikutlo le ho nahana lintho tse sa hloekang, ho ka ba le litla-morao tse bosula. Mohlala, o ile a ba ruta hore ho halefa ho ka baka ntoa le hore ho nahana lintho tse sa hloekang ho ka qetella ka bofebe. (Mat. 5:21, 22, 27, 28) Ha re lumellamelao-motheo hore e re tataise re tla be re koetlisa matsoalo a rona hantle. Kahoo, re tla thabisa Jehova.—1 Bakor. 10:31.

Mokreste ea holileng tsebong o nahanela matsoalo a batho ba bang (Sheba lirapa 11 le 12)

11. Matsoalo a rona a ka fapana joang le a batho ba bang?

11 Maemong a mang, Bakreste ba babeli bao matsoalo a bona a koetlisitsoeng ke Bibele ba ka etsa liqeto tse sa tšoaneng. Mohlala, hore na ba tla noa joala kapa che. Bibele ha e re ho fosahetse ho noa joala ka tsela e itekanetseng. Empa e re re se ke ra noa joala ho tlola kapa ra tahoa. (Liprov. 20:1; 1 Tim. 3:8) Leha ho le joalo, Mokreste o lokela ho nahana ka lintho tse ling hape pele a etsa qeto ea hore na o tla noa joala kapa che. Le haeba letsoalo la hae le mo lumella ho noa joala, o lokela ho nahana ka matsoalo a batho ba bang.

12. Mantsoe a Baroma 14:21 a re thusa joang hore re hlomphe matsoalo a batho ba bang?

12 Pauluse o ile a bontša hore re lokela ho hlompha matsoalo a batho ba bang ha a re: “Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.” (Bar. 14:21) Na re lokela ho tsitlella ho noa joala le haeba ho etsa joalo ho ka khopisa Bakreste-’moho le rona? Che! Batho ba bang e ne e le makhoba a joala, empa hona joale kaha ba se ba ithutile Bibele ha ba sa le joalo. Ha rea lokela ho etsa hore ba ikutloe ba batla ho khutlela mekhoeng ea bona ea pele. (1 Bakor. 6:9, 10) Kahoo, haeba re memme Mokreste-’moho le rona lapeng la rona ’me a sa batle ho noa joala, ha rea lokela ho mo qobella.

13. Timothea o ile a etsa’ng ho thusa Bajuda hore ba amohele litaba tse molemo?

13 Ha Timothea a le lilemo li ka bang 20, o ile a lumela ho bolotsoa le hoja ho etsa joalo ho ne ho le bohloko. O ne a tseba hore Bajuda bao a neng a lokela ho ba bolella litaba tse molemo ba ne ba nka lebollo le le bohlokoa. Timothea o ne a tšoana le Pauluse ka hore le eena o ne a sa batle ho khopisa mang kapa mang. (Lik. 16:3; 1 Bakor. 9:19-23) Na joaloka Timothea, u ikemiselitse ho itella batho ba bang?

“A RE HATELENG PELE KA MATLA KHŌLONG E FELETSENG”

14, 15. (a) Ho hola tsebong ho bolela’ng? (b) Bakreste ba holileng tsebong ba tšoara batho ba bang joang?

14 Bakreste bohle ha baa lokela ho tseba feela “thuto ea mathomo mabapi le Kreste” empa ba boetse ba lokela ho ‘hatela pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheb. 6:1) Taba ena ha e iketsahalle feela. Re lokela ho sebetsa ka thata hore re hole tsebong, e leng hore re lokela ho eketsa tsebo ea rona le kutloisiso ea rona ea Mangolo. Kahoo, re lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Pes. 1:1-3) Na u ikemiselitse ho bala Bibele letsatsi le letsatsi? Ha u etsa joalo, u tla utloisisa melao le melao-motheo ea Jehova haholoanyane.

15 Molao oa bohlokoa ka ho fetisisa ho Bakreste ke oa lerato. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:35) Ka Bibeleng lerato le bitsoa “molao oa borena.” (Jak. 2:8) Pauluse o ile a re: “Lerato ke phethahatso ea molao.” (Bar. 13:10) Ha re makale ha re utloa hore lerato le bohlokoa hakana kaha Bibele e re “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Ho Jehova, lerato ha se feela boikutlo. O bontša lerato la hae ka liketso. Johanne o ile a re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Joh. 4:9) Ha re rata Jehova, Jesu, Bakreste-’moho le rona hammoho le batho ba bang, re bontša hore re holile tsebong.—Mat. 22:37-39.

Matsoalo a rona a tla re tataisa ka tsela e nepahetseng haeba re sebelisa melao-motheo ea Jehova (Sheba serapa 16)

16. Ke hobane’ng ha re rata melao-motheo ea Molimo le ho feta ha re ntse re hola tsebong?

16 Ha re ntse re sebetsa ka thata hore re hole tsebong, re tla rata melao-motheo ea Molimo le ho feta. Hangata melao e sebetsa maemong a itseng feela, empa melao-motheo e sebetsa maemong a mangata. Mohlala, kaha ngoana ha a utloisise kotsi ea ho tloaelana le batho ba fosahetseng, batsoali ba hae ba lokela ho mo behela melao e le hore ba mo sireletse. (1 Bakor. 15:33) Empa ha ngoana a ntse a hola, tsela eo a nahanang ka eona ea ntlafala ebile o se a khona ho beha mabaka ka melao-motheo ea Mangolo. O tla boela a etse liqeto tse nepahetseng ha a khetha metsoalle. (Bala 1 Bakorinthe 13:11; 14:20.) Ha re beha mabaka ka melao-motheo ea Mangolo, matsoalo a rona a tla re tataisa ka tsela e nepahetseng. Re tla utloisisa haholoanyane hore na Jehova o batla hore re etse’ng maemong afe kapa afe.

17. Ke hobane’ng ha re ka re re na le lintho tseo re li hlokang bakeng sa ho etsa liqeto tse nepahetseng?

17 Re na le lintho tsohle tseo re ka li hlokang bakeng sa ho etsa liqeto tse thabisang Jehova. Ka Bibeleng ho na le melao le melao-motheo e re thusang hore re ‘tšoanelehe ka botlalo, re hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Tim. 3:16, 17) Kahoo, melao-motheo ea Bibele e re thusa ho ‘lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.’ (Baef. 5:17) Re ka thusoa ke ho sebelisa Watch Tower Publications Index, Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova, Watchtower Library, Watchtower ONLINE LIBRARY le lenaneo la JW Library. Lithulusi tsena li tla re thusa hore re rue molemo ha re ithuta Bibele re le bang kapa re le lelapa.

JEHOVA O TLA RE HLOHONOLOFATSA

18. Ho tla etsahala’ng ha re sebelisa melao le melao-motheo ea Jehova bophelong ba rona?

18 Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mamela melao le melao-motheo ea hae. Pesaleme ea 119:97-100 e re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle. Taelo ea hao e ntlhalefisa ho feta lira tsa ka, kahobane ke ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ke na le temohisiso e fetang ea mesuoe eohle ea ka, kahobane ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao. Ke itšoara ka kutloisiso ho feta banna ba baholo, kahobane ke bolokile litaelo tsa hao.” Ha re ipha nako ea ho nahanisisa ka melao le melao-motheo ea Molimo, re tla etsa lintho ka bohlale le kutloisiso. Hape, haeba re koetlisa matsoalo a rona ka melao le melao-motheo ea Molimo, re tla fihlela ‘tekanyo ea boholo ba botlalo ba Kreste.’—Baef. 4:13.