Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tumeliso e Matla Hakae?

Tumeliso e Matla Hakae?

“LUMELANG. Le phela joang?”

Ha ho pelaelo hore u kile oa bua mantsoe ana ha u lumelisa. Mohlomong u ile oa boela oa tšoara motho eo ka letsoho kapa oa mo haka. Le hoja mantsoe le litloaelo tsa ho lumelisa li fapana ho ea ka libaka, bohlokoa ba ho lumelisa boa tšoana. Ha e hantle, ha motho a sa lumelise kapa a sa arabe ha a lumelisoa, ho nkoa a sa rate batho kapa a se na mekhoa.

Empa ha se batho bohle ba tloaetseng ho lumelisa. Batho ba bang ha ba lumelise hobane ba le lihlong kapa ba ikutloa ba le basesaane. Ba bang ba thatafalloa ke ho lumelisa batho ba merabe e meng, setso, lilemo kapa maemo a itseng. Leha ho le joalo, esita le tumeliso e khutšoanyane feela e ka ama motho pelo.

Ipotse: ‘Tumeliso e ka ama motho joang? Lentsoe la Molimo le ka nthuta eng ka tumeliso?’

LUMELISANG “BATHO BA MEFUTA EOHLE”

Ha moapostola Petrose a amohela Molichaba oa pele ka phuthehong, e leng Korneliase o ile a re: “Molimo ha a leeme.” (Lik. 10:34) Hamorao o ile a re Molimo “o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Qalong re ka ’na ra nahana hore temana eo e bua ka batho ba ntseng ba ithuta Bibele. Empa Petrose o ile a boela a bua le Bakreste a re: “Hlomphang batho ba mefuta eohle, le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” (1 Pet. 2:17) Kahoo, na ho ne ho ke ke ha e-ba hotle hore re lumelise batho bohle ho sa tsotellehe morabe oa bona, setso kapa maemo? Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore rea ba rata ebile rea ba hlompha.

Moapostola Pauluse o ile a bua le Bakreste a re: “Amohelanang, feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela.” (Bar. 15:7) Pauluse o ile a qolla ka mabitso barab’abo rona bao e bileng “thuso e matlafatsang” ho eena. Mehleng ena Bakreste ba hloka ho matlafatsoa ho feta mehleng ea Pauluse hobane Satane o halefile haholo kaha bofelo bo haufi.—Bakol. 4:11; Tšen. 12:12, 17.

Mehlala ea batho ba hlahang ka Bibeleng e re ruta hore tumeliso ha e etse feela hore motho a ikutloe a amohelehile.

MELEMO EA TUMELISO

Ha nako ea hore bophelo ba Jesu bo fetisetsoe popelong ea Maria, Jehova o ile a romella lengeloi ho Maria hore le mo matlafatse. Lengeloi le ile la re ho eena: “Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova o na le uena.” Maria o ile a tšoha haholo, a ipotsa hore na ke hobane’ng ha lengeloi le bua le eena. Ha lengeloi le hlokomela hore o tšohile, la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Maria, kaha u fumane kamohelo ho Molimo.” Le ile la mo hlalosetsa hore morero oa Jehova ke hore a tsoale Mesia. Ho e-na le hore Maria a ’ne a tšoenyehe, o ile a re: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.”—Luka 1:26-38.

Le hoja lengeloi le ne le fuoe mosebetsi oa bohlokoa oa ho ba ’muelli oa Jehova, ha lea ka la utloa le phahametse Maria hoo le sa lokelang ho mo lumelisa hobane feela a sa phethahala. Le ile la qala pele ka ho mo lumelisa. Re ithuta’ng? Re lokela ho itokisetsa ho lumelisa batho le ho ba khothatsa. Ka mantsoe a seng makae feela, re ka khothatsa batho ’me ra ba kholisa hore Jehova o ba nka e le karolo ea batho ba hae.

Pauluse o ile a tseba batho ba bangata ha a ntse a etela liphutheho tsa Asia Minor le Europe. Boholo ba mangolo a hae a na le litumeliso. Mohlala ke Baroma khaolo ea 16. Pauluse o ile a lumelisa Bakreste-’moho le eena ba bangata. O ile a bolela Fibi ka lebitso a re ke “morali’abo rōna.” Eaba o kopa barab’abo rona hore ba mo ‘mo amohele Moreneng ka tsela e tšoanelang bahalaleli, le hore ba mo thuse tabeng leha e le efe eo a ka ba hlokang ho eona.’ Ha Pauluse a lumelisa Priska le Akuila o ile a re: “Bao e seng ’na feela ea ba lebohang empa le liphutheho tsohle tsa lichaba.” O ile a boela a lumelisa le bao mehleng ena ba sa tsebahaleng hakaalo. A re: “Epinitase oa ka ea ratoang,” hammoho le “Tryfina le Tryfosa, basali ba sebetsang ka thata Moreneng.” Pauluse o ne a rata ho lumelisa bara le barali babo.—Bar. 16:1-16.

U ka inahanela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha ba utloa hore Pauluse o ne a ba hopotse haholo. E tlameha ebe ba ile ba rata Pauluse haholoanyane ’me le bona ba ratana le ho feta. Ha Bakreste ba bang le bona ba utloa litumeliso tseo, e tlameha ebe le bona ba ile ba khothala ’me ba matlafala tumelong. Haeba tumeliso ea rona e bontša hore re thahasella batho e le kannete ’me re ba khothatsa, setsoalle sa rona le bona se tla tiea ’me re tla sebeletsa Jehova re momahane.

Ha Pauluse a fihla boema-kepe ba Puteoli ’me a leba Roma, Bakreste ba moo ba ile ba tla ho tla kopana le eena. Ha a ba bona ba sa tla le hole, o ile “a leboha Molimo ’me a ba sebete.” (Lik. 28:13-15) Ka linako tse ling, mokhoa feela oa ho lumelisa e ka ba ho bososela kapa ho phahamisa letsoho. Esita le tumeliso eo, e ka matlafatsa motho ea nyahameng kapa ea utloileng bohloko.

KAOFELA REA LEKANA MAHLONG A MOLIMO

Morutuoa Jakobo o ne a lokela ho fana ka khalemelo e matla. Bakreste ba bang ba ne ba fetohile “bafebi,” e leng hore ba ne ba sa tšepahalle Jehova kaha ba ne ba iketsa metsoalle ea batho ba sa mo rapeleng.(Jak. 4:4) Empa hlokomela hore na Jakobo o ile a qala lengolo la hae ka mantsoe afe. O ile a re:

“Jakobo, lekhoba la Molimo le la Morena Jesu Kreste, ho meloko e leshome le metso e ’meli e hasa-hasaneng: Lumelang!” (Jak. 1:1) Ha ho pelaelo hore babali ba lengolo leo ba ile ba nolofalloa ke ho amohela keletso ha ba hlokomela hore tumeliso ea hae e re kaofela baa lekana mahlong a Molimo. Tumeliso e etsoang ka mosa e ka etsa hore ho be bonolo hore batho ba buisane esita le ka litaba tse tebileng.

Tumeliso ea rona e lokela ho tloha pelong ’me e bontše hore re rata batho ho sa tsotellehe hore na e ka ba khutšoanyane hakae. Re lokela ho lumelisa ka tsela eo esita le haeba motho eo re mo lumelisang a sa re hlokomele. (Mat. 22:39) Morali’abo rona oa Ireland o ile a fihla Holong ea ’Muso liboka li se li le haufi le ho qala. Ha a kena a potlakile joalo, mor’abo rona e mong o ile a mo bona, a bososela eaba o re: “Lumela. Ke thabela ho u bona.” Morali’abo rona o ile a lula fatše.

Ka mor’a libeke tse ’maloa, morali’abo rona o ile a ea ho mor’abo rona eaba o mo bolella hore ka nako e telele o ne a sebetsana le mathata a boima a mo hlahetseng lapeng. Morali’abo rona o ile a re ho eena: “Mantsiboeeng ao, ke ne ke sa ikemisetsa ho tla libokeng kaha ke ne ke utloile bohloko haholo. Ha ke hopole letho le builoeng libokeng ntle le tumeliso ea hao. E ile ea etsa hore ke ikutloe ke amohelehile. Kea leboha.”

Mor’abo rona eo o ne a sa hlokomela hore tumeliso ea hae e ile ea ama morali’abo rona, le hoja e ne e le tumeliso e khutšoanyane. Mor’abo rona o re: “Ha a mpolella kamoo mantsoe ao a ileng a mo ama kateng, ke ile ka thaba haholo hore ebe ke ile ka etsa boiteko ba ho mo lumelisa. Ke ile ka thaba.”

Solomone o ile a re: “Lahlela bohobe ba hao holim’a metsi, kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.” (Moek. 11:1) Ha re lumelisa batho bohle re sa khethe, haholo-holo re lumelisa Bakreste-’moho le rona, rea ba matlafatsa ebile le rona rea imatlafatsa. Kahoo, a re se keng ra halala matla a tumeliso.