Moeklesia 11:1-10

  • Sebelisa monyetla (1-8)

    • Lahlela bohobe ba hao ka metsing (1)

    • Jala peo ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane (6)

  • Thabela bocha ba hao ka boikarabelo (9, 10)

11  Lahlela bohobe ba hao ka metsing+ kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.+  Fana ka karolo ea lintho tsa hao ho batho ba supileng kapa ba robeli+ etsoe ha u tsebe hore na ho tla hlaha tlokotsi efe lefatšeng.  Haeba maru a tletse metsi, a tla tšollela pula lefatšeng ’me haeba sefate se oela ka boroa kapa ka leboea, se tla lula sebakeng seo se oelang ho sona.  Motho ea shebellang moea a ke ke a jala peo, le motho ea shebang maru a ke ke a kotula.+  Feela joalokaha u sa tsebe tsela eo moea o sebetsang ka eona masapong a ngoana ea ka mpeng* ea moimana,+ ka mokhoa o tšoanang ha u tsebe mosebetsi oa Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tsohle.+  Jala peo ea hao hoseng ’me u se ke oa lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane+ etsoe ha u tsebe hore na ke efe e tla atleha ebang ke ena kapa eane kapa hore na ka bobeli li tla atleha.  Leseli le monate ’me ho hotle hore mahlo a bone letsatsi.  Haeba motho a ka phela lilemo tse ngata, a li thabele kaofela.+ Empa a hopole hore matsatsi a lefifi a ka ba mangata. Matsatsi ’ohle a lefifi a tlang ke lefeela.+  Mocha, u thabe ha u sa le mocha ’me pelo ea hao e thabe matsatsing a bocha ba hao. U latele thato ea pelo ea hao ’me u ee moo mahlo a hao a u lebisang teng. Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u ahlola* ka lebaka la lintho tsena tsohle.+ 10  Kahoo, tlosa likhathatso pelong ea hao ’me u qobe lintho tse kotsi ’meleng oa* hao etsoe mahlahahlaha a bocha ke lefeela.+

Linaletsana

Ka Seheberu: “masapong ka popelong.”
Kapa: “o tla u bitsa hore u ikarabelle.”
Ka Seheberu: “nameng ea.”