Moeklesia 4:1-16

  • Lefu le molemo ho feta ho hatelloa (1-3)

  • Ho ba le pono e nepahetseng ka mosebetsi (4-6)

  • Melemo ea ho ba le motsoalle (7-12)

    • Ba babeli ba molemo ho feta a le mong (9)

  • Bophelo ba morena e ka ba bo se nang thuso (13-16)

4  Ka boela ka hlokomela liketso tsohle tsa khatello tse ntseng li etsahala lefatšeng.* Ka bona meokho ea ba ntseng ba hatelloa ’me ho se ea ba tšelisang.+ Batho ba ba hatellang ba ne ba e-na le matla ’me ho se ea tšelisang ba hatelloang.  Kahoo, ke ile ka lebohela ba seng ba shoele ho e-na le ba ntseng ba phela.+  Ea iketlang ho ba feta ka bobeli ke ea e-s’o hlahe,+ ea e-s’o bone lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng.*+  Ke bone hore ha batho ba hlolisana, ba ntša bokhoni ba bona ebile ba sebetsa ka thata.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moea.  Ea se nang kelello o phutha matsoho, a lape a be a shoe.*+  Ho phomola hanyenyane ho* molemo ho feta ho sebetsa ka thata haholo,* e leng ho lelekisa moea.+  Ke ile ka hlokomela ntho e ’ngoe e neng e se na thuso lefatšeng:*  Ke motho ea mong to! Ha a na motsoalle, ha a na mora kapa ngoan’abo empa o sebetsa ka thata a sa qete. Hape, ha ho mohla a* khotsofallang maruo.+ Empa na ho na le mohla a ipotsang, ‘Ke sebetsa ka thata le ho itima lintho tse monate bakeng sa mang?’+ Hona le hona ke lefeela le mosebetsi o bosula.+  Ba babeli ba molemo ho feta a le mong+ hobane ba na le moputso o moholoanyane bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. 10  Etsoe haeba a le mong oa bona a oa, e mong a ka mo emisa. Empa ho tla etsahala’ng ka a le mong feela ea oang ha ho se na ea mo emisang? 11  Ho feta moo, haeba ba babeli ba robala ’moho, ba tla futhumala empa motho a le mong feela a ka futhumala joang? 12  Hape ha motho a le mong, e mong a ka mo hlola ka matla empa ha ba le babeli ba ka mo hlola. Thapo e meloho e meraro e ke ke ea khaoloa habonolo.* 13  Ngoana ea futsanehileng empa a le bohlale o molemo ho feta morena ea tsofetseng empa e le leoatla+ le se nang kelello hoo le sitoang ho mamela temoso.+ 14  O* tsoile teronkong hore e be morena+ le hoja a tsoetsoe e le mofutsana nakong ea puso ea morena eo ea tsofetseng.+ 15  Ke bone se etsahallang bohle ba phelang ba tsamaeang lefatšeng* le mohlankana ea hlahlamang morena boreneng ba hae. 16  Le hoja batho ba mo tšehetsang ba sa fele, batho ba hlahang hamorao ba ke ke ba mo thabela.+ Hona le hona ke lefeela, ke ho lelekisa moea.

Linaletsana

Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”
Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”
Ka Seheberu: “ ’me o ja linama tsa hae.”
Ka Seheberu: “Phomolo e tletseng letsoho e.”
Ka Seheberu: “ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli.”
Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”
Ka Seheberu: “mahlo a hae a.”
Kapa: “kapele.”
Mohlomong ho buuoa ka ngoana ea bohlale.
Ka Seheberu: “tlas’a letsatsi.”